Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Khalemelo E Bohale Ea Johanne Ho Baikaketsi

    Johanne a bua le bona ka khalefo a re, “Malinyane a marabe le tšositsoe ke mang ho balehela bohale bo tlang? behang litholoana tse tšoanelang pako.” Kaha Bajuda ba ne ba ikorohantse ho Molimo, ba ile ba utloa bohloko tlas’a kahlolo tsa Hae. Ho arohana le Molimo e bile sesosa sa bokhoba ba bona naheng ea bahetene. Kaha linakong tsa ho feta Molimo O ile A ba bontsa mohau o moholo, eaba ba tšireletsa libe tsa bona. Ba ithetsa ka hore ke bona ba lokileng ho feta lichaba tse ling, ‘me mahlohonolo a Molimo a khethetsoe bona.EN 64.1

    Johanne a tsebisa baruti ba Iseraele hore boikhohomoso, mona le bokhopo ba bona li fana ka thohako e mpe ho batho. Ha ho talingoa leseli leo ba ileng ba le fumana ho Molimo, ba ne ba le babe ho feta bahetene. Molimo O ne A sa itšetleha ka bona ho phethahatsa leano la Hae. O ne a ka bitsetsa sechaba se seng mosebetsing oa Hae.EN 64.2

    “Hape” ho rialo moporofeta, “selepe se se se beiloe metsong ea sefate. Sefate ka seng se sa beheng tholoana tse molemo se tla rengoa, se lahleloe mollong.” Ha tholoana e se na thuso, lebitso le ke ke la pholosa sefate hore se rengoe. Johanne a bolella Bajuda hore haeba bophelo le semelo sa bona ha se tsamaee ‘moho le molao oa Molimo, ha se ba Hae.EN 64.3

    Johanne o itse, bohle ba tlang ho ba litho tsa muso oa Kreste ba tla fana ka bopaki ba tumelo le pako. Mohau le botšepehi li tla bonoa maphelong a bona. Ba tla hauhela ba hlokang ba tšireletse ba sa tšireletsehang, ‘me ba fane ka mohlala oa ho loka le kutloelo-bohloko. “‘Na ke fela ke kolobetsa ka metsi, empa e mong oa tla ea mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho lokolla leqhoele la lieta tsa hae; ke eena ea tla le kolobetsa ka Moea o Halalelang le ka mollo.” Esaia o ile a bolela hore Morena ke Eena ea tla hloekisa batho ba Hae “Ka moea oa kahlolo, le ka moea o hlokolang.” Esaia 4:4.EN 64.4

    Ho bohle ba inehelang tlas’a matla a Hae, Moea oa Molimo o tla timetsa sebe. Sheba Baheberu 12:29. Empa haeba batho ba khomarela sebeng, khanya ea Molimo e ripitlang sebe e tla ba ripitla. Ho khutleng labobeli ha Kreste ba khopo ba tla ripitloa. Morena O tla ba felisa ka moea oa molomo oa Hae, ‘me O tla mo timetsa ka ponahalo ea ho hlaha ha Hae. (Sheba 2 Bathesalonika 2:8.) Khanya ea Molimo e fanang ka bophelo ho ba lokileng e tla timetsa ba khopo.EN 65.1

    Nakong ea Johanne mokolobetsi, Kreste O ne A se A le haufi le ho hlaha e le Eena Mosenoli oa semelo sa Molimo. Boteng ba Hae bo ne bo tla senola sebe sa bona. Ke ha feela ba lumela hore ba tlosoe sebeng ba ka bang le kabelo ea ho rapela ‘moho le Eena.EN 65.2

    Ke ka tsela e joalo Mokolobetsi a phatlalalitseng molaetsa oa Molimo ho Iseraele. Ba bangata ba ile ba mamela, ‘me ba nehelana ka tsohle, hore ba tle ba sekehele tsebe. Ha se ba bakae ba ileng ba thaba ‘me ba tšepa hore ekaba ke Mesia. Empa ha Johanne a bona batho ba e tla ho eena, a batla monyeta o mong le o mong oa ho lebisa tumelo ea bona ho Ea neng A tsoanetse ho tla.EN 65.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents