Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 12—MOLEKO FEELLENG

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 4:1-11; Mareka 1:12,13; Luka 4:1-13.]

    Eaba Jesu O isoa ke Moea feelleng ho ea lekoa ke Diabolosi. A itima lijo ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a nt’o lapa.” Matheu 4:1.EN 70.1

    Jesu ha A ka A imemela moleko. O ile A ea lefeelleng ho ba mong, ho tebisa maikutlo ka thōmo ea Hae. O ne A tlameha ho itokisetsa tsela e mali eo A neng A tsoanetse ho e tsamaea. Empa Satane o ile a lekanya hore eo ke eona nako e ntle haholo ea ho Mo nanarela.EN 70.2

    Lintho tsa bohlokoa li ne li le kotsing. Satane o ne a re lefatše ke la hae, ‘me a ipitsa “khosana ea lefatše lena.” O ne a re batho ba mo khethile e le Morena oa bona ‘me ke ka bona a nkileng puso ea lefatše. Kreste O ne A tlile ho tla bontša ho hloka ‘nete ha litaba tsa Satane. E le Mor’a Motho, Kreste O ne A eme A tšepahetse ho Molimo. Ke ka mokhoa oo ho neng ho tla bonahala hore Satane ha a ea hapa batho bohle, le hore taba ea hore lefatše ke la hae ke thetso. Bohle ba neng ba laba-labela ho pholosoa matleng a hae ba ne ba tla lokolloa.EN 70.3

    Satane o ne a tseba hore matla a hae lefatšeng ha a phetheha. Batho ba ne ba le teng ba neng ba bonahala ba mo hlōla ka matla. (Sheba Tsimoloho 3:15.) O ile a hlokomela hore mahlabelo a neng a etsoa ke Adama le bara ba hae ke letšoao la hore lefatše le leholimo li sebelisana ‘moho. Eaba o itokisetsa ho ferekanya hore ho se be le kutloano. A hlahisa Molimo hampe ‘me a hlalosa le litšebeletso tse neng li supa Mopholosi hampe. A etsa hore batho ba tšabe Molimo, ba nke A thabela hore ba felisoe. Mahlabelo a neng a tšoanela hore a senole lerato la Molimo, a re a fanoa e le mokhoa oa ho kokobetsa khalefo ea Hae.EN 70.4

    Ha molaetsa oa Molimo o ngotsoeng o fanoa, Satane a ithuta boporofeta. Ho tloha molokong o mong ho isa ho o mong, a sebeletsa ho foufatsa batho e le hore ba tie ba hane Kreste ha A hlaha.EN 71.1

    Ha Jesu A tsoaloa, Satane A tseba hore Eo ea teng, O tlil’o loantsa puso ea hae. Hore Mor’a motho A tie mona lefatseng lena, A nkile sebōpeho sa botho, ha mo nyarosa. O ile a sitoa ho utloisisa lerato le joalo. Ho tloha nakong eo a neng a tebeloa Holimo, a itherela ho etsa hore ba bang le bona ba oe. O ne a tla etsa hore ba eise lintho tsa leholimo, ‘me a etse hore pelo tsa bona li khoramele lintho tsa lefatše.EN 71.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents