Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Bapalla Mabaleng A Satane

    Ha Satane a ka etsa hore re ikenye molekong ho sa hlokahale, o tseba hore tlhōlo ke ea hae. Molimo O tla baballa bohle ba mamelang, empa ho tsoa tseleng ena, ke ho tsamaea mabaleng a Satane. Mopholosi O re laile A re, “Falimehang, le rapele, hore le se kene molekong.” Mareka 14:38.EN 78.3

    Hangata ha re feta bothateng, re sitoa ho lumela hore ke ka tsamaiso ea Moea oa Molimo. Empa ke Moea O ileng Oa isa Jesu lefeelleng. Ha Molimo O re fetisa kahar’a liteko, e ee e-be e le hobane O na le sepheo se tla re tlisetsa molemo. Jesu ha A ka hopolela tšepiso tša Molimo ka ho kena molekong A sa mengoa. Ha A ka A khathala matla ha moleko o Mo oela. Le rōna ha rea tšoanela ho etsa joalo. Sheba I Bakorinthe 10:13; Lipesaleme 50:14,15.EN 78.4

    Jesu O ile A hlōla molekong oa bobeli, joale Satane a hlahisa ‘mala oa hae oa ‘nete, e le lengeloi le matla, leha a oele. O ile a ipolela e le moetapele oa ba khahlanong, le Molimo oa lefatše lena. O ile a beha Jesu tlhorong ea thaba, a etsa hore mebuso ea lefatše e fete ka pele ho Eena. Mahlaseli a letsatsi a ne a chabetse metse e meholo e litempele, meaho ea borena e hahiloeng ka lehakoe, masimo a nonneng a merara e beileng. Lipha tsa sebe li ne li patiloe. Mahlo a Jesu a talima pono ea botle le monono o fetisisang. Joale lentsoe la moleki la utloahala: le re, “haeba u nkhumamela, e tla ba ea hao eohle.”EN 79.1

    Kreste O ne A ea A shebane le bophelo ba masoabi, boima le ntoa le lefu le soabisang. Kreste O ne A ka ‘na A ipholosa bokamosong bo lefifi ka ho amohela ho laoloa ke Satane. Empa ha A ne A ka etsa joalo, e ne e tla ba O inehela hore A hlōloe phehisanong e kholo. Ha Satane a ne a ka hlōla ka motsotso ona, e ne e tla ba bofetoheli bo hlōtse.EN 79.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents