Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tempele E Hloekisoa Ke Boteng Ba Morena

    Sechaba sa tlaloa ke tšabo, ‘me sa ikutloa eka se khurumelitsoe ke bo-Molimo. Le barutuoa ba ile ba thōthōmetsoa ke mantsoe le mokhoa oa Jesu, O sa tšoaneng le boitšoaro ba Hae ba mehla. Ba ile ba hopola hore ho ngotsoe tšena ka Eena, “Ho chesehella ntlo ea hao ho ntjele.” Pesaleme 69:10. Liphoofolo le batho ba neng ba tletse mabaleng a tempele tsa tloha. Khutso e tebileng ea nka sebaka sa moferefere. Boteng ba Morena ba halaletsa tempele e hahetsoeng lebitso la Hae.EN 100.1

    Ka ho hloekisa tempele, Jesu O ile A phatlalatsa thōmo ea Hae e le Mesia, ‘me A qala mosebetsi oa Hae. Tempele e ne e beiloe e le setšoantšo sa thuto ho Baiseraele le lefatše. E ne e le sepheo sa Molimo hore sebōpuoa se seng le se seng se fetohe tempele ea Molimo. Pelo ea motho e ne e se e sa bontše khanya ea ea Halalelang, hobane e ne e ntšofalitsoe le ho silafatsoa ke sebe. Empa ka ho amohela sebōpeho sa Mora oa Molimo, Molimo O lula ka hare ho motho, ‘me pelo e boele e fetohe tempele ea Hae ka mohau oa Hae o pholosang.EN 100.2

    Molimo O hlomile tempele e Jerusalema e le bopaki ba lehae le phahameng le buletsoeng motho e mong le e mong. Empa Bajuda ha ba ka ba inehela hore e be litempele tse halalelang tsa Moea oa Molimo. Mabala a tempele, a neng a tletse batho ba rekisang le liphoofolo a ne a bontša bonnete ba boemo ba tempele ea pelo, e silafalitsoeng ke menahano le litakatso tse sa lōkang. Ka ho hloekisa tempele, Jesu O ne A bontša thōmo ea Hae ea ho hloekisa pelo sebeng sa -litakatso tsa lefatše, litakatso tsa boikhōhōmōso, litloaelo tse litšila tse senyang moea. “Morena eo le ‘matlang o tla kena Tempeleng ea hae a sa lebelloa. Morōmuoa eo le mo lebeletseng oa tla...Ebe ke mang ea ka tiisetsang tsa mohl’a letsatsi la ho tla ha hae? Eena o joaloka mollo oa sebōpi...O tla lula fatše joaloka ea tšèkang, a hloekisa silefera. O tla hloekisa Balevi, a ba tšèkè joaloka khauta le silefera.” Malakiea 3:1-3.EN 100.3

    “Na ha le tsebe hore le tempele ea Molimo, le hore Moea oa Molimo o ahile ka ho lona? Ha motho a heletsa tempele ea Molimo, Molimo o tla mo timetsa, hobane tempele ea Molimo ea halalela, ‘me tempele eo ke lona.” 1 Bakorinthe 3:16,17.EN 101.1

    Ha ho motho eo ka matla a hae a ka tebelang mokhopi ona o litšila o hapileng pelo ea hae. Ke Kreste feela ea ka hloekisang tempele ea moea. Empa A ke ke A qobella hore A kene. O re, “Bona, ke eme monyako, ‘me kea kokota. Haeba motho a ka utloa lentsoe la ka, ‘me a mpulela, ke tla kena ha hae.” Tšenolo 3:20. Boteng ba Hae bo tla hloekisa ‘me bo halaletse moea, e le hore o fetohe tempele ea Morena e halalelang, “Ntlo ea Molimo moeeng.” Baefese 2:22.EN 101.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents