Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Qaleho Ea Hore Kreste O Tla Qetella A Hannoe

    Baprista le babusi ba ne ba lōketse hore ba lemohe hore Jesu ke Motlotsuoa oa Morena, hobane matsohong a bona ba ne ba tšoere Mangolo a halalelang, a hlalosang thōmo ea Hae. Ba ne ba tseba hore tlhoekiso ea tempele ke sesupo sa matla a fetang a motho. Le hoja ba ne ba hloile Jesu, ba ne ba sitoa ho iphapanyetsa maikutlo a hore e ka ‘na eaba ke moporofeta ea rōmetsoeng ke Molimo ho halaletsa tempele. Ba ile ba ea ho Eena ka tšabo ena ‘me ba re, “U re bontša mohlolo ofe, ha e le moo U etsa tsee?”EN 103.1

    Jesu O ne A ba bontšitse letšoao. Ka ho etsa mosebetsi o neng o tšoanetse ho etsoa ke Mesia, O ne A fane ka bopaki bo totobetseng ba semelo sa Hae. Joale A ba araba ka papiso ho bontša hore O bone lehloeo la bona, le hore na le tla lebisa kae. “Qhaqhang tempele ena, ‘me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”EN 103.2

    Ka mantsoe ana, O ne A sa bontše feela ka tšenyo ea tempele ea Bajuda le mokhoa oa ho rapela, empa O ne A supa le lefu la Hae — tšenyo ea tempele ea ‘mele oa Hae, eo Bajuda ba neng ba se ba ntse ba e rera. Ha Baprista le babusi ba khutlela tempeleng, ba ne ba hopotse ho bolaea Jesu le ho Mo felisa ‘me ba tlose ‘maki oa moferefere. Empa ba ile ba hopola hore o bua ka tempele e Jerusalema, ‘me ba Mo fetola ka khalefo ba re, “Tempele ena e ile ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng, ‘me uena u re u tla e tsōsa ka matsatsi a mararo?” Joale ba nka hore Jesu O bontšitse hore A ke ke a tšepjoa, ‘me joale ba tiisa ho Mo hana. EN 103.3

    Jesu O ne A tseba hore lira tsa Hae li tla fetola mantsoe A Hae ‘me li a sebelise khahlanong le Eena. A ne a tla sebelisoa kahlolong ea Hae le Gologotha ka ho Mo soma. Empa ha A ne A ka A hlalosa ka nako eo, barutuoa ba Hae ba ne ba tla ba le tsebo ea hore O tla hlōkōfatsoa, ‘me ba ne ba tla utloa bohlōkō boo, ka nako eo, ba neng ba tla sitoa ho bo mamella. ‘Me tlhaloso e ne e tla senolela Bajuda, (pele ho nako), litholoana tsa ho hloka tumelo le litšekamelo tsa bona tse sa lōkang. Ba ne ba se ba kene tseleng eo ba neng ba tla e latela, ho fihlela A hulantsoe joaleka konyana e il’o hlajoa.EN 104.1

    Kreste O ne A tseba hore mantsoe ana a tla phetoa. A ne a tla phetoa moketeng oa Paseka, ‘me a oele litsebeng tsa likete-kete tsa batho, ‘me bona ba a jala-jale le karolo tsohle tsa lefatše. Ha A se A tsohile bafung, moelelo oa mantsoe ana o ne o tla tōtōbala. Ho ba bangata e ne e tla ba bopaki ba bo-Molimo ba Hae.EN 104.2

    Mantsoe a Mopholosi ha A re, “Qhaqhang tempele ena, ‘me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo,” a ne a e-na le moelelo o tebileng ho feta kutloisiso ea ba mametseng. Litšebeletso tsa tempele li ne li bontša sehlabelo sa Mora oa Molimo. Leano lohle la tšebeletso ea sehlabelo e ne e le setšoantšo sa lefu la Mopholosi ho pholosa lefatše. Tloaelo ena e ne e se na moelelo ka thōko ho Eena. Ha Bajuda ba tiisa khano ea bona ka ho nehelana ka Kreste hore A bolaoe, ba ile ba hana sohle se neng se fana ka moelelo oa tempele le litšebeletso tsa eona. ‘Me khalalelo ea eona e ne e felile. E ne e lōketsoe ke tšenyeho. Ho tloha mohlang oo, litšebeletso tsa sehlabelo li ne li feletsoe ke moelelo. Ka ho bolaea Kreste, Bajuda ba ile ba senya tempele ea bona. Ha Kreste A thakhisoa, lesela le arolang tempele le ile la taboha ka lehare, ho tloha holimo ho isa tlase, e le sesupo sa hore sehlabelo se seholo sa ho qetela se entsoe. Tsamaiso ea mahlabelo e ne e fihlile pheletsong.EN 104.3

    “Ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” Jesu O ile A tsōha lebitleng la Josefa e le ea hlōtseng. Ka lefu le tsōho ea Hae e ile ea e-ba mosebeletsi oa “tente ea ‘nete e hlomiloeng ke Morena, e seng ke motho.” Baheberu 8:2. Tempele ea Bajuda e ne e hahiloe ke batho; empa tempele e holimo ha e ea hahuoa ke motho. “O tla hlōmela moo e leng hona teng, a hahe Tempele ea Morena...O tla apesoa botlotlehi, a rene a lutse teroneng ea hae. Moprista le eena o tla lula teroneng ea hae.” Sakariea 6:12,13EN 104.4

    Litšebeletso tsa mahlabelo tse neng li supa ho Kreste li ile tsa feta; ‘me mahlo a batho a ile a talima sehlabelo sa ‘nete sa libe tsa lefatše. Boprista ba lefatše bo ile ba khaotsa; empa re talima ho Jesu, mosebeletsi oa selekane se secha. “Tsela e kenang Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa ha e e-s’o buloe, ha karolo ea pele ea Tente e sa ntsane e le teng....Joale Kreste o tlile e le Moprista e Moholo oa tse molemo tse tlang ho tla. Tente eo a sebeletsang ho eona e kholo, ‘me e phethehile ho feta ea pele. Ha ea etsoa ke motho, e leng ho re hase ea lefatše lena. O kene hanngoe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, a sa nka mali a liphooko kapa e manamane, empa a nkile mali a hae ka sebele, ‘me a re fumanela topollo e sa feleng.” Baheberu 9:8-12.EN 105.1

    “Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Molimo ka eena, kaha a phela kamehla ho ba buella.” Baheberu 7:25. Le hoja re ke ke ra bona sehalaleliso le Moprista oa rōna ea phahameng ka mahlo a botho, empa barutuoa ba ne ba ke ke ba khaotsa ho buisana le Eena kapa ho felloa ke matla, ka lebaka la ho ba sieo ha Mopholosi. Le ha Jesu A ntse A etsa litšebeletso sehalalelisisong se holimo, e ntse e le mosebeletsi oa kereke mona lefatseng, ka Moea oa Hae. Tsepiso eo A ileng A e etsa mohlang a tsamaeang, e phethehile, “Bonang, ke na le lona kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.” Matheu 28:20. O ntse A matlafatsa kereke ea Hae le joale.EN 105.2

    “Moprista oa rōna e Moholo hase ea ka sitoang ho re utloela bohlōkō mefokolong ea rona, hobane ke ea ileng a lekoa ka litsela tsohle joaloka rona, empa a se ke a etsa sebe. Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ea mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.” Baheberu 4:15,16. EN 105.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents