Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsela Eo Ba Ileng Ba Mpefatsa Litšebeletso Tsa Sehalalelo

    Eitse hoba Baiseraele ba khutle Babilona, ba haha matlo a thapelo, hohle kahar’a naha, eleng moo baprista le bangoli ba neng ba hlalosa molao. Hone hothoe likolo li ruta melao ea ho loka. Leha hole joalo, nakong eo Iseraele a leng kholehong, batho ba bangata ba ne ba se ba antse mekhoa ea bohedene, ‘me mekhoa ena e ne e se e kenelletse har’a litšebeletso tsa bolumeli tsa Bajuda.EN 18.4

    Litšebeletso tsa mahlabelo li ile tsa theoa ke Kreste ka boEena. Litšebeletso tsena li ne li e-na le botle ba borapeli le matla a Moea. Empa Bajuda ba lahleheloa ke bophelo ba Moea bo neng bo reretsoe litšebeletso tsa bona, ‘me ba tšepa mahlabelo le melaoana ea bona, ho e-na le ho sheba eo litšebeletso tseo li neng li supa ho Eena. Ho tlatsetsa ho se ba lahlehetseng, baprista le baruti ba phaella litšebeletso tse ling hape tseo ba iqapatsena tsona. Eare ha ba ntse ba thatafala, eaba lerato la bona ho Molimo le ea le ntse le qepha, le ho bonahala la se ke la hlōla le bonahala.EN 19.1

    Ba neng ba leka ho bōlōka melao eo ea bona e boimahali, e thata ho bōlōkoa, ha ba ka ba fumanela matsoalo a bona a khathatsehileng phomolo. Ka tsela ena Satane a sebelletsa ho nyahamisa batho, ho etsa hore ba be le kutloisiso e sa nepahalang ka Molimo, le hore tumelo ea chaba sa Iseraele e tellehe. O ne a tšepile hore o tla haha leqheka le bontšang hore melao ea Molimo ha ho motho ea ka tsebang ho e bōlōka. O bile a bua a re, “Esita le Iseraele e hlōtsoe ho bōlōka molao.”EN 19.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents