Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlolo Oa Tsoalo E Ncha Oa Hlalosoa

    Jesu A tsoela pele A re: “Se tsoetsoeng ke nama ke nama, se tsoetsoeng ke Moea ke moea.” Ka tlhaho pelo e tletse bobe. Sheba Jobo 14:4. Ha ho seo motho a ka se qapang, se ka fumanelang moea o etsang sebe pheko. “Ea thahasellang tsa botho ke sera sa Molimo.” “Hobane pelong ho tsoa mehopolo e khopo: polao ea sohlōhlō, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba leshano le liketseletso.” Baroma 8:7; Matheu 15:19. Mohloli oa pelo o tsoanetse ho hloekisoa pele seliba se ka hloeka. Ea lekang ho fihla leholimong ke mesebetsi ea hae le ka ho bōlōka molao o leka ho fihlela se kekeng sa fihleloa. Bophelo ba Mokreste ha bo a khomeletsoa ho ba khale, empa ke nchafatso ea semelo, ho shoa boeeneng le sebeng, le bophelo bo bocha. Phetoho ena e ka tlisoa feela ke Moea o Halalelang.EN 108.4

    Nikodema o ne a hlōletsoe, ‘me Jesu A sebelisa moea ho hlakisa moelelo oa hae: “Moea o fokela moo o ratang teng, ‘me u utloa molumo oa oona, empa ha u tsebe moo o tsoang teng le moo o eang teng; e mong le e mong ea tsoetsoeng ke Moea o joalo.”EN 109.1

    Moea o ea utloahala ha o sisinya mahlaka le lipalesa, empa ha o bonahale. Ho joalo le tšebetsong ea Moea o Halalelang pelong. Motho a ka sitoa ho bolela nako le sebaka, kapa ho tšoaea mehato ea tšōkōlōho, empa sena ha se bolele hore ha a ea sōkōlōha. Kreste O sebetsa pelong ka linako tsohle, ka letsoho le sa bonoeng joaleka moea. Hanyane ka hanyane, moea o hoheloa ho atamela ho Kreste. Sena se ka fumanoa ka ho bala mangolo kapa ho utloa lentsoe ho moreri ea phelang. Hang ha Moea O etsa boipiletso bo otlolohileng, motho o inehela ho Jesu ka thabo. Ba bangata ba hlalosa hona e le “tšokōlōho e potlakileng,” empa ke litholoana tsa qekiso ea nako e telele ea Moea oa Molimo.EN 109.2

    Moea O etsa tse bonoang le ho tšoaroa. Ka mokhoa o joalo, mosebetsi oa Moea mothong, o tla itlhahisa ka liketso, ho motho ea utloileng pholoso ea ‘Ona. Moea oa Molimo O fetola bophelo. Menahano ea sebe ea tlosoa, liketso tse mpe li lahloe. Lerato, boikokobetso le khotso li nka sebaka sa bohale, mohono le ntoa. Thabo e nka sebaka sa masoabi. Ka tumelo ha motho a inehela ho Molimo, matla ao ho seng leihlo la motho le ka a bonang, a bopa motho e mocha ka setšoantšo sa Molimo. Re ka qala ho pholosoa re sa le mona, ka maiphihlelo a rōna; litholoana tsa teng li fihla mengoaheng e se nang bofelo.EN 109.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents