Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Nikodema O Qala Ho Bona Leseli

    Ha Jesu A ntse A bua, mahlaseli a ‘nete a ile a phunyeletsa kelello ea ‘musi, empa ha a ka a utloisisa mantsoe a Mopholosi ka botlalo. O ile a re ka ho makala, “Tsee li ka etsahala joang?”EN 109.4

    “U moruti oa Iseraele, empa ha u utloisise litaba tsee?” Jesu A botsa. Sebakeng sa ho khentšoa ke mantsoe ana a tōtōbetseng a ‘nete, Nikodema a kabe a ile a elelloa bofokoli ba hae, ka baka la ho hloka tsebo linthong tsa moea. Empa Kreste O ne A bua ka mahlonoko, bokhabane, le lerato le nang le cheseho, hoo Nikodema a sa kang a utloa bohlōkō.EN 109.5

    Empa ha Jesu A hlalosa hore thomo ea Hae ke ho haha ‘muso oa moea eseng o felang, momameli oa Hae o ile a tšoenyeha. Jesu ha A bona sena, A eketsa A re, “Haeba le sa lumele ha ke le bolella tsa lefatše, le tla lumela joang ha ke le bolella tsa leholimo na?” Ka ho se utloisise mosebetsi oa Kreste lefatseng, Nikodema o ne a sitoa ho utloisisa mosebetsi oa Hae leholimong.EN 110.1

    Bajuda bao Jesu A neng A ba tebetse tempeleng, ba ne ba chesehella ho itlhahisa ba halalela, empa ba qheletse ka thōko khalalelo ea pelo. Bona ba neng ba khomaretse molao, ba ne ba qhoebeshana le Moea ka linako tsohle. Bohlōkō ba bona bo boholo, e ne e le phetoho eo Kreste A neng A e hlaloselitse Nikodema — e leng tsoalo e ncha ea boitšoaro, tlhoekiso ea sebe, le nchafatso ea khalalelo.EN 110.2

    Baiseraele ba ne ba hloka boitšireletso mabapi le mosebetsi oa tsoalo e ncha. Davida o ile a rapela a re, “Oho, Molimo, ak’u bōpe ka ho ‘na, u bōpe pelo e hloekileng, u kenye moea o mocha, o tiileng.” Tsepiso e ne e fanoe ka Esekiele, e reng, “Ke tla le nea pelo e ncha le moea o mocha, ke felise pelo tse thata sa lejoe tse ka ho lōna, ke le nee pelo tse ikokobelitseng. Ke tla le nea Moea oa ka, ke etse hore le tsamaee ho ea ka litaelo tsa ka, le boloke melao ea ka, le e phethe.” Pesalema 51:12; Esekiele 36:26,27.EN 110.3

    Joale Nikodema o ile a qala ho utloisisa moelelo oa mangolo ana. A bona hore ha ho motho ea ka bang le tōkelo ea ho kena ‘musong oa maholimo ka ho latela molao a sa sisinyehe, empa a etsa hona kantle feela.EN 110.4

    Nikodema o ile a hoheloa ke Kreste. Ha Mopholosi A mo hlalosetsa ka tsoalo e ncha, o ile a laba-labela ho ba le phetoho ena kahare ho eena. E ka fumanoa joang? Jesu A araba potso ena e neng e sale ka maikutlong: “Joalokaha Moshe a ne a phahamise nōha feelleng, eka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a be le bophelo bo sa feleng.”EN 110.5

    Setšoantšo sa nōha e fanyehilioeng, se ile sa totobatsa thōmo ea Mopholosi ho Nikodema. Ha bana ba Iseraele ba e-shoa ke ho longoa ke linoha tse mahlōkō, Molimo A laela Moshe ho etsa noha ea koporo ‘me a e fanyehe sefateng kahar’a sechaba. Bohle ba neng ba talima ba ne ba phela. Nōha e ne e le setšoantšo sa Kreste. Joalekaha setšoantšo sa noha e senyang se fanyehoa, ho ba folisa, ka mokhoa o joalo, Mopholosi oa bona o ne a tla hlaha “a inketse botho bo tšoanang le baetsalibe.” Baroma 8:3. Molimo O ne O lakatsa ho etella Baiseraele pele ho ba isa ho Mopholosi. Ho ne ho se letho leo ba ka le etsang ho folisoa maqeba le ha e le ho tšoareloa libe, ha ese feela ho bontša tumelo ea bona mphong ea Molimo. Ba ne ba tšoanela ho talima ‘me ba phele.EN 110.6

    Bao ba neng ba lonngoe ke linōha ba ne ba ka batla ho fuoa tlhaloso ea bohlalefi. Empa ho ne ho se tlhaloso e fanoeng. Ho hana ho talima e ne e le ho shoa. Nikodema o ile a fumana thuto ‘me a tsamaea le eona. O ile a batlisisa mangolo ka mokhoa o mocha, e seng ho buisana le ba bang, empa ho amohela bophelo ba moea. O ile a inehela ho tsamaisoa ke Moea o Halalelang.EN 111.1

    Ba bangata kajeno ba hloka ho ithuta ‘nete ena e ileng ea rutoa Nikodema, ea nōha e fanyehiloeng. “Ha ho lebitso le leng lesele tlas’a letsatsi, le neiloeng batho, leo re tšoanelang ho pholosoa ka lona.” Liketso 4:12. Ka tumelo re fumana mohau oa Molimo. Empa tumelo ha se eona Mopholosi oa rōna. Ha e amohele letho. Ke letsoho le re kopanyang le Kreste, pheko ea sebe. Re sitoa le ho baka ka ntle ho thuso ea Moea o Halalelang. Mangolo a re ka Kreste, “Molimo o mo phahamisitse ka letsoho la hae le letona hore e be ‘Musi le Mopholosi, ea tla nea Iseraele pako le tšoarelo ea libe.” Liketso 5:31. Pako le tšoarelo li tsoa ho Kreste.EN 111.2

    Ha ho le joalo re ka pholosoa joang? “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” Johanne 1:29. Leseli le khanyang sefapanong, le senola lerato la Molimo. Lerato la Hae le re tlisa ho Eena. Ha re se khahlanong le ho tlisoa ho Eena, re tla tataisetsoa maotong a sefapano ka tšōkōlōho libeng tse thakhisitseng Mopholosi. Moea oa Molimo o sebelisa tumelo ho hlahisa bophelo bo bocha moeeng. Menahano le litakatso li laoloa ke Kreste. Pelo le kelello, li boptjoa bocha ka setšoantšo sa ea sebetsang kahare ho rona ho laola tsohle tsa rona. Joale molao oa Molimo o ngoloa ka kelellong le ka pelong, ‘me re ka re ‘moho le Kreste, “Ke thabela ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.” Pesalema 40:8.EN 111.3

    Puisanong le Nikodema, Jesu O ile A manolla leano la pholoso. Lipuisanong tsa Hae tse tiileng kamora’ tsena, ha ho moo a ileng a hlalosa ka ho tlala, mohato ka mohato, mosebetsi o hlokahalang ho etsuoa lipelong tsa bohle ba tla ja lefa la ‘muso oa maholimo. Qalong ea thōmo ea hae, o ile a senolela setho sa Lekhotla la puso la Bajuda moruti oa sechaba, ‘nete. Empa baetapele ba Iseraele ha ba ka ba amohela leseli. Nikodema o ile a bōlōka ‘nete ka pelong ea hae, ‘me ka lilemo tse tharo o ne a bontša a hlahisa litholoana tse fokolang feela.EN 112.1

    Empa mantsoe ao a ileng a buuoa bosiu thabeng, khutsong, ha a ka ba a lahleha. Libokeng tsa lekhotla la puso, Nikodema o ile a nyopisa merero ea ho bolaea Jesu. Eare qetellong ha A fanyehiloe sefapanong, Nikodema a hopola mantsoe ana “Joalokaha Moshe a ne a phahamise nōha feelleng, eka khona Mor’a Motho a phahamisoe joalo, hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a be le bophelo bo sa feleng.” Leseli le tsoang lipuisanong tseo tsa lekunutu, le ile la bonesa sefapano mane Gologotha, ‘me Nikodema a bona hore Jesu ke Mopholosi oa Lefatše.EN 112.2

    Kamora’ nyolohelo ea Morena, ha barutuoa ba phasaphasitse ke litlhoriso, Nikodema a ba sebete ho ema ka pele. O ile a sebelisa maruo a hae bo thusa kereke e ntseng e hōla, eo Bajuda ba neng ba lebeletse hore e tla fela kamora’ lefu la Kreste. Nakong ea tsietsi, enoa ea neng a botsa lipotso ka bohlale o ne a tiile joale ka lefika, a khothatsa barutuoa tumelong ‘me a fana ka mekhoa ea ho tsoellisa lentsoe pele. O ile a fetoha mofutsana linthong tsa lefatše, empa ha a ka a tsila-tsila tumelong e ileng ea qala bosiung boo a neng a buisana le Jesu ka bona.EN 112.3

    Nikodema o ile a phetela Johanne ka lipuisano tseo, ‘me a li ngola ho laea like-tekete tsa batho. Linnete tsena tse ileng tsa rutoa bosiung boo bo mahlonoko, ha ‘musi enoa oa Bajuda a ne a ithuta ka mokhoa oa bophelo, ho Moruti enoa ea ikokobelitseng oa Mogalelea, e ntse e le tsa bohlokoa le kajeno.EN 112.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents