Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 19—JESU LE MOSALI EA NANG LE BANNA BA BAHLANO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Johanne 4:1-42.]

    Ha A le leetong la ho ea Galelea, Jesu O ile A feta har’a motse oa Samaria. E ne e le har’a mpa ea motšeare ha A fihla selibeng sa Jakobo. Kaha O ne A khathetse ke leeto la Hae, O ile A lula fatše ho phomola, ha barutuoa ba Hae bona ba e-ea ho reka lijo.EN 116.1

    Bajuda le Basamaria e ne e le lira tse kholo. Ho sebelisana ‘moho ka tsa khoebo ha ho hlokeha, ho ne ho lumelloa ke borabbi, empa Mojuda o ne a ke ke a kalima kapa a amohela molemo oo a o etsetsoang ke Mosamaria leha e se e le sengoathoana sa bohobe kapa mohope oa metsi. Barutuoa ka ho reka lijo ba ne ba etsa se lumelletsoeng ka moetlo oa sechaba sa habo bona. Empa ho kōpa molemo ho Basamaria ba ne ba sa nahane ho ho etsa.EN 116.2

    Ha Jesu A lutse moo pela seliba, O ne A khathetse ke tlala le lenyora. Leeto le ne le ile la ba letelele ‘me letsatsi la motšeare le ne le Mo chesa. Lenyora la Hae le ne le eketsoa ke monahano oa metsi a pholileng, a khatholosang, a pel’a Hae; empa O ne A se na lerapo kapa nkho ea metsi, ‘me seliba se ne se tebile.EN 116.3

    Mosali oa Mosamaria o ile a atamela, a bonahala a sa elelloe boteng ba hae, ‘me a tlatsa nkho ea hae metsi. Ha a reteleha ho tsamaea, Jesu A kōpa ho noa. Kōpo ea mofuta ona ho batho ba khale e ne e ke ke ea iphapanyetsoa. Ho fa motsamai ea nyoriloeng metsi e ne e le tšoanelo ea boinehelo, eo Maarabia a neng a etsa ka hohle ho e phetha.EN 116.4

    Mopholosi O ne A batla ho fumana senotlolo sa ho bula pelo ea mosali, eo ‘me ka bohlale bo tsoaloang ke lerato la bo-Molimo, O ile A kopa thuso. TSepo e tsosolosa tšepo. Morena oa leholimo O ile A tla moeeng ona o neng o qheletsoe ka thoko, A kōpa tšebeletso ea liatla tsa hae. Eena ea entseng maoatle, ea laolang le metsi a tebileng, ea butseng mehloli le mecha ea lefatše, O ne A itšetlehile ka mohau oa molichaba ho fumana le ‘ona metsi a ho noa.EN 117.1

    Mosali o ile a elelloa hore Jesu ke Mojuda, ‘me ka ho makala, a lebala ho phetha kōpo ea Jesu, empa a leka ho fumana lebaka leo kōpo e entsoeng ka lona. Mosali joale a botsa, a re “U ka nkōpa ho noa joang u le Mojuda, ‘na ke le mosali oa Mosamaria?”EN 117.2

    Jesu A araba A re, “Hoja u tsebile mpho ea Molimo, le hore na ke mang ea reng ho uena: ‘Ak’u mphe, ke noe,’ uena, u ka be u mo kōpile, ‘me a ka be a u file metsi a kollang.” Hoja u ne u nkōpile, nkabe ke u file metsi a bophelo bo sa feleng, oa noa.EN 117.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents