Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 20—“NTLE LE HORE LE BONE MEHLOLO”

    [E itšetlehile ka khaolo ea Johanne 4:43-54.]

    Bagalelea ba neng ba tsoa moketeng oa Paseka, ba ile ba tlisa tlaleho ea mesebetsi e makatsang e neng e etsoa ke Jesu. Batho ba bangata ba ne ba lla ka hore bafarisi ba sebelisa tempele hampe, ba meharo, ba sebelisa tempele joalokaha eka ke ea bona. Ba ne ba tšepile hore monna enoa, ea tebetseng babusi ekaba ke Eena Mopholosi eo esaleng A lebeletsoe. Ho ne ho ile ha tlalehoa hore moporofeta O ipoletse e le Mesia.EN 125.1

    Molaetsa oa hore Jesu O khutletse Kana o ile oa tlalatlala le motse oa Galelea. Kaperenauma teng, molaetsa ona o ile oa hohela monna oa Mojuda, oa mali a borena, eo e neng e le ofisiri tšebeletsong ea Khosi. Mor’a khosana ena o ne a tšoeroe ke lefu le neng le bonahala le sena pheko. Ha ntat’ae a utloela ka Jesu, o ile a itherela ho mo kōpa thuso. O ne a tšepile hore thapelo ea ntate e ka tsosolosa mohau oa Ngaka e Kholo.EN 125.2

    Ha a fihla Kana, o ile a fohla har’a matšoele ho ea fihla moo Mopholosi A neng A le teng. O ile a felloa ke tumelo ha a bona monna ea ikaparetseng liaparo tsa theko e tlase, ea aparetsoeng ke lerole, ‘me a khathetse ke ho tsamaea. A buisana le Jesu, a Mo tsebisa tsa ketelo ea hae, ‘me a kōpa Mopholosi hore A mo felehetse ho ea ha hae.EN 125.3

    Jesu O ne a tseba hore ntate enoa o entse qeto ka kelellong ea hae ea lintho tse ka etsang hore a lumele ho eena. Ntle le hore kōpo ea hae e amoheloe, o ne a ke ke a Mo amohela e le Mesia. Ha khosana ena e ntse e maketse hore na ho tla etsahala ke hofe, Jesu A re, “Ha le sa bone lipontšo le mehlolo ha le ka ke la lumela”EN 125.4

    Mopholosi A bapisa ho hloka tumelo ha mokōpi enoa le tumelo e bonolo ea Basamaria, ba neng ba sa ka ba kōpa mohlolo kapa letšoao. Lentsoe la Hae le ne le na le matla a kholisang, a fihlang lipelong tsa bona. Kreste A utloa bohlōkō hore ebe sechaba sa habo se sitoa ho utloa lentsoe la Molimo ha O bua ka Mor’a ‘ona.EN 126.1

    Empa leha ho le joalo, monna enoa oa mali a borena o ne a e-na le tumelonyana ka hare ho eena, hobane o ne a tlil’o kōpa ho Eena lehlohonolo le neng le bonahala ho Eena e le la bohlokoa ka ho fetisisa. Jesu O ne A sa lakatse feela ho folisa ngoana, empa O ne A lakatsa hore khosana ena le lelapa la eona le bona ba fumane karolo ea mahlohonolo a pholoho, le ho bonesa Kaperenauma. Empa monna enoa o ne a tsoanetse ho hlokomela bohloki ba hae pele a ka lakatsa mohau oa Kreste. Ba bangata ba sechaba sa habo ba ne ba na le thahasello ho Jesu ho fumana se seng ho eena. Tumelo ea bona ho Eena e ne e itšetlehile ka hore ba fumane melemo ea nakoana ea lintho tsa lefatše lena, empa ba sa bone hore ba hloka mohau oa Molimo.EN 126.2

    Mantsoe a Mopholosi ho monna enoa a ile a senola pelo ea Hae joaleka lehalima la mollo. O ile A elelloa hore mabaka a hae ha a lōka. Tumelo ea hae e tsilatsilang ea bonahala sebopeho sa eona sa ‘nete. O ile a utloa bohlōkō bo tebileng ha a elelloa hore ho hloka tumelo ha hae ho ka ‘na ha timetsa bophelo ba mor’a hae. Ka bohlōkō bo boholo le boikokobetso, a hoeletsa a re “Monghali, ak’u theohe hle, ngoana oa ka a e-s’o shoe.” Tumelo ea hae e ile ea khomarela ho Kreste, joalekaha Jakobo a ne a loana le lengeloi, a re, “Ha nka ke ka u tlohela ua tsamaea, haese haeba u ka ntlhohonolofatsa!” Tsimoloho 32:26.EN 126.3

    Joaloka Jakobo o ile a hlola. “E-ea, mora oa hao o phetse.” Jesu a rialo. Monna enoa o ile a tloha ka pele ho Mopholosi a tletse khotso le thabo eo a neng a e-s’o ka a ba le eona.EN 126.4

    Ka eona hora eo, ba neng ba lebetse ngoana ea shoang Kaperenauma ba ile ba bona kapele phetoho ea mohlolo. Sefahleho se neng se retetse ke ho kula se ile sa fetoha, sa tlala khanya e bonolo e bontšang bophelo. Matla a ile a khutlela ‘meleng ona o neng o fokola. Ho ne ho sa sala leha e le letšoao le leng feela la ho kula ha hae. Letlalo la hae le neng le chesa, le ne le se le le mongobo, le le bonolo, ‘me o ile a robala a khutsitse. Lelapa le ne le maketse ‘me le ile la nyakalla.EN 126.5

    Khosana ena e ka be e ile ea finyella hae Kaperenauma, mantsiboeng a tsatsi leo e neng e buisana le Jesu; empa ha ea ka ea potlakela hae. O ile a fihla Kaperenauma hoseng ha letsatsi le hlahlamang.EN 127.1

    Ha a ne a e-ea ho batla Jesu, pelo ea hae e ne e imetsoe ke masoabi. Maikutlo a hae joale ha a khutla, a tsamaea esale hoseng, ho sa khutsitse, a ne a se a fetohile. Lintho tsohle tsa tlhaho li ne li bonahala li mo tlatsa ho rorisa Molimo. Ha a sa ntsane a le hole le moo a lulang, basebetsi ba mo khahlanyetsa ho tla mo imolla matšoenyeho ao ba neng ba nahana hore o na le ‘ona. Ha a ka a makatsoa ke litaba tseo ba neng ba mo tlisetsa tsona, a botsa feela hore na ngoana o qalile ho fola ka hora efe. Ba arabela tjena, “Maobane, ka hora ea pele motšeare, feberu e ile ea mo tlohela.” E ne e le ka ona motsotso oo ntat’ae a neng e amohela tšepiso ena ka tumelo, “Mora oa hao o phetse,” lerato la Molimo le ile la ama ngoana ea shoang.EN 127.2

    Ntate o ile a potlakela ho lumelisa mora oa hae. A mo kōpa, a mo atamelletsa pel’a pelo ea hae joaleka ka ea khutlang lefung, ‘me a leboha Molimo hangata-ngata, ka pholiso eo.EN 127.3

    Hamorao khosana ena, ‘moho le lelapa la hae, ba ile ba ithuta haholo ka Kreste ‘me ba fetoha barutuoa. Litaba tsa mohlolo ona li ile tsa hasana ‘me tsela e ile ea buleha moo Kaperenauma bakeng sa bosebeletsi bo tla etsoa ke Kreste ka sebele.EN 127.4

    Joaleka ntate enoa ea neng a tšoenyehile, hangata Jesu re ‘matlisoa ke takatso ea ho fumana molemo oa lefatše; ‘me e re ha re se re fuoe seo re neng re se hloka, ebe ke hona re Mo ratang le ho Mo tšepa. Mopholosi o labalabela ho re fa mahlohonolo a fetang ao re a kōpang, ‘me O ee A liehise karabo e le hore A re bontše bobe ba lipelo tsa rōna, le hore re hloka mohau oa Hae. O lakatsa hore re lahle boikhabo bo etsang hore re ‘matle.EN 127.5

    Khosana e ne e batla ho bona phethahalo ea thapelo ea eona pele e lumela; empa o ne a tšoanela ho amohela lentsoe la Jesu le hore kōpo ea hae e utloiloe ‘me le tlhonolofatso e fanoe. Ha rea tšoanela ho lumela feela hobane re bona, ‘me re utloa hore Molimo oa re utloa. Re tšoanetse ho tšepa litšepiso tsa ‘ona. Ha re kōpile mahlohonolo a Hae, re tšoanela ho lumela hore re tla a fumana, ‘me re mo lebohe ka hore re se re a fumane. Joale re lokela ho tsoela pele ka mesebetsi ea rōna, re na le tšepo ea hore re tla fuoa mahlohonolo ana nakong eo re a hlokang ka ho fetisisa.EN 127.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents