Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lekunutu La Pholiso Ea Moea

    Monna enoa a ka be a lahlehetsoe ke monyetla oa hae o le mong feela oa pholiso, hoja a emela ho qea-qea. Empa o ile a lumela polelo ea Kreste, ‘me ka ho e phethahatsa a fumana matla. Ka tumelo e tšoanang, re ka fumana pholiso ea moea. Sebe se arohantse meea ea rōna le bophelo ba Molimo ‘me e omeletse. Ka borona ha re na matla a ho phela bophelo bo halalelang feela joalekaha monna ea qhoalileng a ne a hloka matla a ho tsamaea. Ba bangata ba iponang ba hloka thuso, ‘me ba laba-labela bophelo ba moea, ba sebetsa ka thata ho bo fumana, empa ho se katleho. Mopholosi O atamela batho bana ba nyahameng, ba sokolang, ‘me O re, “Na u rata ho fola?”EN 130.4

    U se ke ua emela ho ikutloa u folile. Lumela polelo ea_Hae ‘me u behe thato ea hau lehlakoreng la Jesu. Ka ho phethahatsa polelo ea Hae u tla fumana matla. Kreste O na le matla A ho re lopolla bobeng bofe kapa bofe, bo bofileng moea le ‘mele. O tla fana ka bophelo ho moea o neng o “shoele ka baka la litšito.” Baefese 2:1.EN 131.1

    Ea folisitsoeng o ile a inama ho nka liphate le kōbo ea hae, ‘me eare ha a inamoloha a ikotlolla, a thalatsa ka mahlo ho batla Molopolli oa hae. Empa Jesu O ne A se A nyamelletse har’a bongata [bo neng bo le teng moo]. Eare ha a ntse a tsamaea a potlakile, a hata ka matla le ka bōlōkōlōhi, a thabetse matla a macha ao a a fumaneng, a bolella Bafarisi ba ‘maloa ka pholiso ea hae. A mpa a makatsoa ke ho bona ba mametse ka ho tsoafa.EN 131.2

    Ba ile ba mo kena hanong, ba mo botsa hore na ke hobaneng ha a jere liphate tsa hae ka letsatsi la Morena. Ka lebaka la thabo, monna enoa o ne a lebetse hore ke Sabatha. A araba ka sebete a re, “Ea mpholisitseng, ke eena ea itseng ho ‘na: ‘Nka liphate tsa hao, u tsamaee’.” Ba mo botsa hore na ke mang ea mo folisitseng, empa o ne a sa Mo tsebe. Babusi bana ba ne ba batla bopaki bo tōtōbetseng, e le hore ba tle ba tsebe ho tsoa Jesu ka hore ha A bōlōke Sabatha. O ne A sa tlōla molao feela ka ho folisa monna enoa ea kulang ka Sabatha, empa O ne A bile A tlōtse molao o halalelang ka ho mo laela hore a jare liphate tsa hae, a tsamaee.EN 131.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents