Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Melaoana E Senang Thuso

    Bajuda ba ne ba sothile molao haholo, ba o khoesitse melaoana e se nang thuso, hoo o neng o se o fetohile joko ea bokhoba, ‘me ho bōlōka molao e se e le moroalo o sitang. Mojuda o ne a sa lumelloa ho besa mollo leha e le ho khantša lebone ka Sabatha. Ka mabaka ana, sechaba se ne se itšetlehile haholo ka Balichaba bakeng sa mesebetsi e mengata eo babusi ba bona ba neng ba ba hanela ho e etsa. Ba ne ba nahana hore pholoho ke ea Bajuda feela, le hore boema ba lichaba tse ling bo se ntse bo sena tšepo ea pholoho kahoo ha ba sa na thuso. Empa Molimo ha A e-s’o fane ka molao o ke keng oa bolōkoa ke batho bohle.EN 131.4

    Ha A le ka tempeleng, Jesu A kopana le monna eo A neng A mo folisitse. O ne a tlile ho fana ka nyehelo ea sebe le nyehelo ea teboho bakeng sa mohau o moholo oo a neng a o fumane. Jesu A itsebahatsa ho eena. Monna eo ea folisitsoeng o ile a tlala thabo e khaphatsehang ha a fumane Molopolli oa hae. Ka ho se tsebe lehloeo la Bafarisi ho Jesu a ba bolella hore ke Eena ea mo folisitseng. “Ka baka leo, Ba-Juda ba hlorisa Jesu, ba rata ho ‘molaea, kahobane a na a etsa tse joalo ka Sabatha.” Johanne 5:16.EN 132.1

    Jesu O ile A hlahisoa kapele ho lekhotla le phahameng, ho arabella qōso ea tlolo ea Sabatha. Hoja Bajuda e ne e le sechaba se ipusang, qōso e joalo e ka be e sebeliselitsoe ho Mo bolaea. Empa qōso ena eo ba neng ba e hlahisa ka Jesu, e ne e hloka matla ka lekhotleng la Roma. Leha ho le joalo, ba ne ba tšepile hore ba tla fumana lintlha tse ling. Kreste O ne A na le tšusumetso e matla ho feta ea bona, le matšoele a ne a hloka thahasello ea ho mamela lipuo tse telele tsa bo-Rabbi, ‘me ba ne ba khahloa ke lithuto tsa Hae. O ne A bolela hore Molimo ha se moahloli ea iphetetsang, empa ke Ntate ea utloelang bohlōkō. Ka mantsoe le mesebetsi ea Hae ea mohau O ne A ntse A tsoela pele ho khaola matla a bohatelli a iketselitsoeng ke batho ka melao ea bona. Sebakeng sa eona A hlahisa lerato la Molimo.EN 132.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents