Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tsōho Ea Bophelo

    “Nako ea tla, eo ka eona bohle ba ka mabitleng ba tla utloa lentsoe la Hae, ‘me ba tla tsoa, ba entseng tse molemo ba tsohela bophelo,ba entseng tse khopo ba tsohele kahlolo.”EN 136.5

    Khanya eo e leng eona fela e ka khantšetsang lefifi la lebitla, e ne e phatsima holim’a Iseraele. Empa ho itšepa ke bofofu. Jesu O ne A eisitse neheletsano ea litaba ea seruti kahoo ba hana ho lumela.EN 137.1

    Nako, le sebaka, le boima ba maikutlo a sechaba se neng se bokane, li ile tsa kopana ho matlafatsa mantsoe a Jesu, ao A a buileng ho litho tsa lekhotla. Baokameli ba sechaba, ba neng ba phahame haholo bolumeling, ba ne ba batla ho bolaoa Enoa ea ipolelang hore ke Eena ea tla khutlisetsa Iseraele boemong ba eona. Morena oa Sabatha O ile A qōsoa ka ho roba molao oa Sabatha. Baahloli ba Hae ba ne ba Mo shebile ka makalo empa e le ka khalefo; ba mpa ba sitoa ho araba lipolelo tsa Hae. O ile A hana ho lumela hore baprista le baruti ba na le matla a ho kena-kenana le mosebetsi oa Hae. A hana ho amohela hore O molato liqōsong tsa bona, A hana le ho hlongoa lipotso ke bona.EN 137.2

    Bakeng sa ho kōpa tsoarelo, Jesu O ile A khalemela babusi ka booatla ba bona ba ho se tsebe Mangolo. O ile A ba bolella hore ba lahlile Lentsoe la Molimo, joalokaha ba Mo lahlile le Eena, e le morōmuoa oa Molimo. “Le fuputsa Mangolong, hobane le hakanya hore ka ‘ona le na le bophelo bo sa feleng, athe ke ‘ona a mpakang.”EN 137.3

    Mangolo a Testamente ea Khale a khantsitsoe ke khanya ea Mora oa Molimo. Mekhoa eohle e halalelang ea tumelo ea Bajuda, e ne e le pokello ea boporofeta ba litaba tse molemo. Ka leloko le bapateriareka le melao e neng e tsamaisa sechaba sa Bajuda, khanya e tlōtlisehang ea leholimo e tōtōbalitse metsamao ea Mopholosi. Ka sehlabelo se seng le se seng ho ne ho tšoantšoa lefu la Kreste. Lerung le leng le le leng la mosi oa libano ho bontšoa ha ho lōka ha Hae ho nyoloha. Ka sephiri se hlollang sa sehalaleliso ho bontšoa moo khanya ea Hae e lulang teng.EN 137.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents