Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 22—JOHANE O KENA TERONKONG; LEFU LA HAE

    [E itšetlehile ho Matheu 11:1-14; 14:1-11; Mareka 6:17-28; Luka 7:19-28.]

    Johanne Mokolobetsi e bile oa pele ho phatlalatsa ka ‘Muso oa Kreste, ‘me ebile eena oa pele ho utloisoa bohlōkō. A tloha bōlōkōlōhing lefeelleng, a ea koalloa kahar’a marako a teronko, e le motsoaruoa qhobosheaneng ea Heroda Antipase. Heroda ka boeena o ne a ile a mamela lithuto tsa Mokolobetsi, ‘me a tšoha ha a biletsoa pakong. “Heroda o ne a tšaba Johanne ka ho tseba hore ke monna ea lokileng, ea halalelang.” Johanne o ne a ile a mo nyatsa ka ho ba le likamano tse sa lōkang le Herodiase mosali oa ngoana’bo. Ka nakoana e seng kae, Heroda o ile a leka ho itokolla litlamong tseo tsa litakatso, empa Herodiase a mo thatella le ho feta pele ka mesebetsi ea hae, ‘me a ba a fumana ho iphethetsa ka ho susumetsa Heroda ho kenya Mokolobetsi chankaneng.EN 140.1

    Johanne o ile a imeloa habōhlōkō moeeng ke masoabi le ho lula feela ha a ntse a le chankaneng. Ha matsatsi a ntse a chaba a bile a likela, ho se phetoho ea letho, o ile a keneloa ke ho nyahama le pelaelo. Barutuoa ba hae ba ne mo tlisetsa litaba tsa mesebetsi ea Jesu, le kamoo sechaba se bokellanang ho Eena ka teng. Ba belaela ba re haeba moruti enoa e mocha e le Mesia ke hobaneng A sa lokolle Johanne? Litaba tsena li ile tsa memela Johanne khoao, eo eena a neng a e hloka. Satane o ile a nyakalla ha a bona kamoo lipolelo tsa barutuoa bana li neng li tetebetsa moea oa morōmuoa oa Morena ka teng. Ke hangata hakaakang metsoalle ea motho ea lōkileng e fetohang lira tsa hae tse kotsikotsi! EN 140.2

    Johanne Mokolobetsi o ne a lebeletse hore Jesu A lule setulong sa Davida sa borena. Eare ha nako e ntse a feta, ‘me Mopholosi A sa bue letho ka ho nka matla a borena, Johanne a nyahama. O ne a lebeletse hore boikhantšo bo boholo le matla a botho li felisoe. O ne a lebeletse hore Mesia O tla fielisisa seotlo sa Hae, A bokelle koro ea Hae molikong, ‘mōkō oona A o chese mollong o sa timeng. Bala Esaea 40, Matheu 3. Joalokaha ho ne ho etsahale ka Elia, o na a nahana hore Morena O tla iponahatsa e le Molimo ea tla arabela ka mollo.EN 141.1

    Mokolobetsi o ne a ile a ema a sa tšabe letho, a khalemela liketso tsa bokhopo bo etsoang ke ba phahameng le ba tlase. Ha a ka ba a tšaba ho toba Morena Heroda a mo khalemella sebe. Joale ha a le teronkong, o ne a lebeletse hore Tau ea lelōko la Juda e lihele matla a boikhōhōmōso, a mohatelli fatše ‘me E lopolle bafumanehi. Empa Jesu O ne a shebahala A khotsofetse ke mosebetsi oa ho ruta le ho folisa batho. O ne A e-ja litafoleng tsa balekhetho, empa sechaba sa Iseraele se ntse se imeloa ke joko ea Baroma ka letsatsi le letsatsi, ‘me Morena Heroda le nyatsi ea hae e khopo ba iketsetsa borata, ‘me lillo tsa ba fumanehileng le ba hlorisoang li ntse li nyolohela leholimong.EN 141.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents