Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ha Ho E Moholo Ho Eena

    Jesu A tsoela pele A re, “Hantle-ntle le ne le il’o bona eng? Motho ea liaparo tse mabokoboko? Ba liaparo li mabokoboko ba matlung a mahosi.” Liaparo tsa borui le menate ea bophelo bona ha se karolo ea basebeletsi ba Molimo. Baprista le babusi ba ne ba ikhabisa ka liaparo tsa borui. Ba ne ba thabela ho khahlisa batho ho feta ho etsa se amohelehang ho Molimo. Botšepehi ba bona ba ne ba sa bo lebise ho Molimo, empa ba ne ba bo lebisa ‘musong oa lefatše lena.EN 144.1

    Jesu A re, “Ehlile le ne le il’o bona eng? Le il’o bona moporofeta?...Ke eo ho ngotsoeng ka eena, ha thoe:EN 144.2

    Ke romela leqosa la ka ke leo,
    le tla u etella pele,
    le u lōkisetse tsela.”
    EN 144.3

    Jesu A re, “Ruri kea le bolella, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o hlahe ea fetang Johanne Mokolobetsi ka boholo, empa e monyenyane ‘Musong oa maholimo o mo feta ka boholo.” Ha lengoloi le ne le etetse Sakaria pele ho tsoalo ea Johanne le ile la re, “hobane o tla ba moholo pel’a Morena.” Luka 1:15. Ka tekanyo ea leholimo, boholo bo lekangoa ka eng? Ha se ho latela kamoo lefatše le lekanyang boholo ka teng. Boitsoaro bo botle ke eona ntho ea bohlokoa ho Molimo. Lerato le bohloeki ke libōpeho tseo A li ratang ka ho fetisia. Johanne o ne a le moholo mahlong a Morena kaha a ile a hana tlōtla empa a supisa bohle ho Jesu, e le Eena ea tšepisitsoeng. Thabo ea hae e senang boikhōhōmōso tšebetsong ea Kreste, e bontša bonolo bo phahameng ka ho fetisisa, ho bo kileng ba bonoa bathong.EN 144.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents