Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 23—KAMOO DANIELE A ILENG A TSEBAHATSA HORE JESU KE KRESTE

    Ho tla ha Mesia ho no ho phatlalatsoe Judea pele. Mangeloi a ne a bolele ka tsoalo ea Jesu a le holim’a maralla a Betlelehema. Banna ba bohlale ba bochabela ba ne ba tle Jerusalema ba ntse ba Mo batla.EN 149.1

    Hoja baetapele ba Iseraele ba ne ba ile ba amohela Kreste, A ka be A ba hlomphile ka hore e be barōmuoa ba hasanyang Evangeli lefatseng kaofela. Empa Iseraele ha a ka a tseba nako ea ho eteloa ha hae. Mona le ho hloka tšepo ha baetapele ba Bajuda, li ile tsa butsoa, tsa ba tsa tsoala lehloeo le totobetseng, ‘me lipelo tsa batho tsa furalla Jesu. Lekhotla le phahameng le ne le sekametse polaong ea Hae, kahoo Jesu A tloha Jerusalema, A tloha ho batho ba neng ba rutiloe molao, ‘me A fetohela ho sehlopha se seng sesele ho bolela molaetsa oa Hae.EN 149.2

    Melokong eohle e hlahlamang, pale ea Kreste ea ho tlameha ho furalla Judea e ntse e ipheta. Ha Banchafatsi ba ne ba ruta lentsoe la Molimo, ba ne ba se na mohopolo oa ho ikarohanya le kereke e thehiloeng, empa baetapele ba tsa bolumeli ba ile ba sitoa ho mamella leseli leo, ‘me ba neng ba le tšoere ba ile ba tlameha ho batla sehlopha se seng se neng se nyoretsoe ‘nete. Matsatsing a kajeno, ke batho ba seng ba kae ho ba ipolelang e le balateli ba Batsosolosi, ba ikemiselitseng ho utloa Lentsoe la Molimo, ka boikemisetso ba ho amohela ‘nete ho sa tsotellehe hore na e hlaha ka mang. Hangata batho ba latelang Batsosolosi ba tlameha ho furalla likereke tsa bona tseo ba li ratang, e le hore ba tle ba phatlalatse lentsoe la Molimo ka ho totobala. Ba bangata ba tlameha ho tlohella likereke tsa bontat’a bona hore ba tle ba hlonephe Lentsoe la Molimo hantle.EN 149.3

    Batho ba Galelea ba ile ba bontša ba amohela mosebetsi oa Mopholosi. Likelello tsa bona li ne li bulehetse ho amohela ‘nete hobane ba sa khoramela meetlo haholo. Ho fapana le Judea tikiloho ena ea Galelea e ne e le lehae la batho ba merabe e fapaneng,e mengata; ba hlahang libakeng tse fapaneng.EN 150.1

    Ha Jesu A ntse A tsamaea Galelea, A ruta ebile A folisa, batho ba ne ba tla ka bongata; esita le ba hlahang Judea ba ne ba le bangata. Thahasello ea batho e ile ea phahama haholo hoo ho neng ho hlokahala hore ho nkuoe mehato e hlokolosi, esere mohlomong babusi ba Roma ba keneloa ke tšabo ea hore mohlomong batho ba ka ba tsohela matla. Batho ba lapileng le ba nyoriloeng ba ne ba nyakalla mohaung oa Mopholosi ea hauhelang.EN 150.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents