Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu A Ba Bonša Boemo Ba Bona Ba ‘Nete

    Mantsoe a Jesu a hlatha bamameli ba Hae tlase motsong oa ho ipona ba lokile. Lentsoe le leng le leng la ba seha joaloka thipa, ha A ba senolela boemo ba bona ba ‘nete. Eaba ba qala ho nyefola tumelo eo Jesu A ileng A ba kenya eona pele. Ba sitoa ho lumela hore Eo ea hlahang bofutsaneng bo tlase hakaalo e ka ba motho oa letho. Ho se lumele ha bona ha tsoala lefufa. Ba kharumela Mopholosi ka khalefo. Ha tsoha boikhōhōmōsō bo tšabehang ba bochaba, ‘me mantsoe a Hae a nyamella ka har’a lerata la bona. Maikutlo a bona a tletseng litšekamelo a khopeha, ‘me ba ne ba se ba itokiselitse ho Mo bolaea.EN 156.1

    Phutheho ea qhalana, ‘me ba tšoara Jesu, ba Mo akhela kantle ho ntlo ea thapelo, ba Mo ntšetsa kantle ho motse. Ba ne ba thohothelletsoe ho Mo timetsa, ba Mo khothomeletsa lintšing tsa selomo, ba rerile ho Mo tsubelletsa. Mehoo ea bona e ne e tletse sebakeng. Ba bang ba ne ba Mo betsa ka majoe, eaba hang-hang oa nyamela. Maqosa a leholimo a ne a e-na le Eena har’a mokhopi oo o tletseng bohale, ‘me a Mo tšireletsa.EN 156.2

    Ho joalo, ka mengoaha eohle, makhotla a bobe a lika balateli ba Kreste ba tšepahalang; empa mabōtho a leholimo a lara pel’a bohle ba ratang Molimo, ho ba pholosa. Ha re fihla bophelong bo sa feleng, re tla tseba hore maqosa a tsoang ho Molimo a ne a ntse a hlokomela metsamao ea rona ea letsatsi le letsatsi.EN 156.3

    Jesu O ne A ke ke A lesa sehlopha seo a sa boele a se biletsa pakong hang hape. Ha mosebetsi oa Hae Galelea o ea qetellong, A boela A chakela lehae la Hae la bonyenyaneng. Botumo ba lithuto le mehlolo ea Hae li ne li tletse naheng eohle. Moo Nasaretha, ho ne ho se motho ea neng a ka latola hore Jesu O tletse matla a fetang a botho. Ba ne ba potiloe ke metse eo ka har’a eona, A neng A folisitse batho bohle ba neng ba kula.EN 156.4

    Batho ba Nasarethe eitse ha ba boela ba mamela mantsoe a Hae, ba sisinngoa ke Moea o Halalelang. Empa le hona hoo, ba ile ba sitoa ho lumela hore Monna Eo ea holetseng har’a bona, O moholo ho ba feta. Ha ‘na ha sala makukuno ka lipelong tsa bona, ba re haele moo A ipolela hore ke Eena Eo ba Mo tšepisitsoeng, hoa totobala hore O ba timme sebaka se tšoanelang Baiseraele; hobane O bontšitse hore haele bakeng sa ho fumana mohau oa Molimo, ha ba fetane ka letho le banna le basali ba bahedene. Leha ba ile ba botsana, ba re, “Bohlale boo le liketso tsee tse hlollang,eo o li nka kae?” (Matheu 13:54), ba ne ba sitoa ho Mo amohela e le Kreste oa Molimo. Ka lebaka la ho se lumele ha bona, Mopholosi A hloloa ho sebetsa mehlolo e mengata har’a bona ‘me A tloha ho bona ka monyebe, A ela ruri.EN 156.5

    Ho hloka tumelo ho bileng teng, ho ile ha hola ka har’a banna ba Nasaretha, le ka har’a lekhotla le phahameng, le ka har’a sechaba. Taba ea ho latola Moea o Halalelang e ile ea qetella sefapanong sa Golgotha, ea qetella ka tšenyeho ea motse oa bona, le ka ho qhalakanngoa ha sechaba sa Bajuda.EN 157.1

    Kreste O ne A lakatsa ho bulela Iseraele matlotlo a bohlokoa a ‘nete! Empa ba ile ba khoramela litumelo tsa bona le litšebeletso tse senang thuso. Ba sebelisitse chelete ea bona ho reka ‘moko le litlhoka, empa bohobe ba bophelo bo le har’a bona. Hangatangata Kreste O ile A ba qotsetsa mangolong a baporofeta, ‘me A re, “Kajeno temana ena ea Mangolo e phethahetse moo le utloang.” Hoja ba ile ba batlisisa Mangolo ka botšepehi, ‘me ba hlahloba litsebo tsa bona ka sekala se Lentsoe la Molimo, Jesu A ka be A sa ka A re, “Bonang, ntlo ea lōna e sala e le lithako.” Luka 13:35. Mohlomong tlokotsi e ileng ea thuhakanya motse oa bona oa boikhōhōmōso, e ka be e ile ea ba pota ka thoko.EN 157.2

    Empa lithuto tsa Kreste li ne li batla pako. Haeba ba amohela lithuto tsa Hae, mekhoa ea bona e ne e tšoanela ho fetoha, ‘me ba tele litakatso tsa bona tseo ba li ratang. Ba ne ba tla lokela ho hanyetsana le maikutlo a bahlalefi le baruti ba nako eo.EN 157.3

    Baetapele ba Bajuda ba ne ba tletsoe ke Moea oa boikhōhōmōso. Ba ne ba rata litulo tse phahameng ka tlung ea thapelo. Ba ne ba thabisoa ke ha batho ba ba bitsa ka mabitso a maemo a phahameng. Eitse ha ba ntse ba felloa ke boitlhompho ba sebele ba qala ho boulela meetlo le mekete ea bona haholo. Likelello tsa bona tsa fifatsoa ke litšekamelo tsa boikhōhōmōso, ‘me ba sitoa ho kopanya matla a mantsoe a Kreste a kholisang le bophelo ba Hae ba boikokobetso. Bofutsana ba Hae bo ne bo bonahala bo sa lumellane le hore ke Mesia. Ebe ke hobaneng A ne A sa iketsise? Haeba ruri E ne E le Mesia joalekaha A ne A ipolela, ke hobaneng ha A ne A khotsofaletse ho tsamaea A se na lebōtho la ntoa? Matla le khanya tse lebeletsoeng ka nako e telele, li tla phethahala joang e le hore lichaba li be tlas’a puso ea Bajuda?EN 157.4

    Ho hloka khanya e bonoang kantle bophelong ba Hae, ha se eona feela taba e entseng hore Bajuda ba latole Jesu. Eena ka sebele sa Hae e ne e le bohloeki ‘me Bajuda bona ba ne ba sa hloeka. Botšepehi ba Hae, bo ne bo senola ho se tšepahale ha bona ‘me bokhopo ba bona ba hlahella ka sebōpeho sa bona se tšabehang. Leseli leo le joalo le ne le sa amohelehe ho bona. Ba ne ba ka mamella masoabi a ha litakatso tse bona tse boikhabo li nyopa, ho feta ho mamella ha Kreste A khalemela libe tsa bona, esita le ho nyatseha hoo ba neng ba ho utloa ha ba ipapisa le bophelo ba Hae bo hloekileng.EN 158.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents