Go to full page →

Mohlolo O Moholo Oa Lipelo Tse Fetohileng EN 438

Judase, ha a khetha sebaka sa hae tafoleng, o ne a lekile ho ipeha pele. Johanne a salla qetellong. Empa Johanne hona ha a ka a ho nka e le khalemelo kapa nyeliso. Ha ho fihla nako ea Petrose, o ile a khotsa ka ho makala, a re, “Morena, na ke uena u ka ntlhatsoang maoto?” Boikokobetso ba Kreste ba mo roba pelo. A tlaloa ke EN 438.4

tšoabo ha a hopola hore e mong oa barutuoa o ne a sa phethe tšebeletso eo. Kreste A re: “Seo ke se etsang ha u se tsebe hajoale, empa u tla se utloisisa hamorao.” Petrose a sitoa ho mamella ho bona Morena oa hae, Mora oa Molimo, A etsa tšebetso ea mohlanka. Moea oa hae oohle oa sisimoloha khahlanong le boikokobetso bona. A bua a tiisa ka matla a re, “Ha u ka ke ua ntlhatsoa maoto le khale!” EN 439.1

Kreste A re, “Ha ke sa u hlatsoe, ha u na kabelo ho ‘na.” Kreste O ne A tlile ho hlatsoa pelo matheba a sebe. Petrose o ne a hana tlhoekiso e phahameng e neng e kopantsoe le e tlasana. Hantle o ne a hana Morena oa hae. Ha se ntho e eisehang ho Morena, ho Mo lumella ho sebeletsa tlhoekiso ea rōna. EN 439.2

Petrose a inehela. Ho arohana le Kreste e ne e ka ba lefu ho eena. A re, ‘“Morena, e se be maoto a ka feela, empa le ‘ona matsoho le hlooho!’ Jesu A re ho eena: ‘Ea totseng o hloekile kahohle, ‘me ha a sa hloka ho hlatsuoa haese maoto feela. Lona le hloekile.” EN 439.3

Mantsoe ana a bolela ho fetang tlhoekiso ea ‘mele. Kreste O bua ka tlhoekiso e phahameng ‘me e tšoantšitsoe ka e tlase. Ea itlhatsoitseng o hloekile empa ka nakoana e seng kae maoto a se a hloka ho hlatsuoa hape. Joale Petrose le bana babo ba ne ba hlatsoitsoe selibeng se seholo se buletsoeng sebe le ho se hloeke. Empa meleko e ne e ba khannetse bobeng ‘me ba ne ba se ba boetse ba hloka mohau oa Kreste o hloekisang. EN 439.4

Kreste O ne A lakatsa ho hlatsoa bora, mona, le boikhōhōmōso lipelong tsa bona. Hona e ne e le hona ha bohlokoa haholo ho feta ho hlatsoa maoto a bona a lerole. Ka moea oo ba neng ba na le oona, ho ne ho se le ea mong ea neng a lōketse selallo le Kreste. Ho fihlela ba fihletse boemo ba boikokobetso le lerato, ba ne ba sa lōkela ho ba le kabelo tšebeletsong ea sehopotso, eo Kreste A neng A le lekhatheng la ho e theha. Boikhōhōmōso le boipatlo li tsoala liphapang, empa tsena tsohle Jesu O ile A li hlatsoa ha a ba hlatsoa maoto. Phetoho ea maikutlo ea e-ba teng. Jesu O ne A ka re, “Le hloekile.” Joale ho ne ho na le kopano ea lipelo, le lerato e mong ho e mong. Kantle ho Judase, e mong le e mong o ne a itokiselitse ho suthela ba bang sebaka se ka holimo-limo. Joale ba ne ba ka amohela mantsoe a Kreste. Le rona re hlatsoitsoe maling a Kreste, empa hangata bohloeki ba pelo boa silafatsoa. Re lokela ho tla ho Kreste mohaung o hloekisang. Ke hangata hakaakang re tlisang lipelo tsa rōna tsa sebe le ho bola kopanong le pelo ea Kreste? Bohale ba rōna bo bohlōkō joang ho Eena le mafeela a rōna, le boikhōhōmōso ba rōna! Empa bofokoli bohle ba rōna le litšila, re lōkela ho li tlisa ho Eena. Ke Eena feela ea ka re hlatsoang, ra hloeka. EN 439.5