Go to full page →

Jesu O Leka Ho Pholosa Pilato EN 486

Jesu ha A ka A siea Pilato a hloka tlhakisetso e eketsehileng. A mo neha hore a utloisise hore ha A batle borena ba lefatše lena. EN 486.1

A re, “Muso oa ka hase oa lefatše lena; ha ‘Muso oa ka e ne e le oa lefatše lena, balateli ba ka ba ka be ba loanne, hore ke se ke ka neeloa Bajuda, empa joale ‘Muso oa ka hase oa mona.’ Eaba Pilato o re ho eena: ‘Ha ho le joalo, na u fela u le khosi?’ Jesu a araba, a re: ‘Ke uena u reng ke khosi. Seo ke se tsoaletsoeng, le seo ke se tletseng lefatšeng, ke hore ke pake ‘nete. Mang le mang eo e leng oa ‘nete o utloa lentsoe la ka.’” Kreste O ne A lakatsa hore Pilato a utloisise hore, ke feela ha a ka amohele ‘nete, ‘me a sebetsa ka eona, semelo sa hae se senyehileng se ka nchafatsoang. EN 486.2

Kelello ea Pilato ea ferekana. Pelo ea hae ea sisinngoa ke takatso e kholo ea ho tseba hore na hantle-ntle ‘nete ke’ng, ‘me a ka e fumana joang. A botsa a re, “‘Nete ke’ng?” Empa a se ke a emela karabo. Baprista ba ne ba entse lerata ba batla qeto e potlakileng. A tsoela ho Bajuda, ‘me a phatlalatsa ka matla a re, “Ha ke fumane molato ho eena.” EN 486.3

Ha baprista le baholo ba utloa tsena ho Pilato, ho khena ha bona le khalefo tsa hloka moeli. Ha ba lemoha hore Jesu A ka ‘na A lōkōlloa, ba bonahala e ka ba ka Mo tamolla litsekana. Ba nyatsa Pilato ka lerata le leholo, ebile ba mo tšosa ka hore o tla lōkōlloa ‘musong oa Roma. Ba mo qosa ka hore o hana ho tsoa Jesu eo, ba tiisang hore, O iphahamisitse, o loantšana le Sesare. Ba bolella ka mantsoe a bohale hore tšusumetso e ferekanyang ea Jesu, e tsebahala hohle kahar’a naha. Ba re “O hlohleletsa sechaba ka ho ruta Judea eohle, ho tloha Galelea ho fihlela koano.” EN 486.4

Pilato ka nako ena, o ne a se na mohopolo oa ho tsoa Jesu. A tseba hore Bajuda ba Mo qositse ka lebaka la lehloeo le litšekamelo. Ka tōka Jesu O ne A tlameha ho lōkōlloa. Empa ha a ka hana ho nehelana ka Jesu ma- tsohong a sechaba, mofere-fere o ka tsoha. Eitse ha a utloa hore Jesu O tsoa Galelea, a rera ho Mo rōmela ho Heroda, ‘musi oa sebaka seo, eo ka nako eo, a neng a le Jerusalema. Ka ketso ena, Pilato o ne a hopola ho rōlela boikarabelo ho Heroda. Hape, a hopola hore hona ke monyetla o motle oa ho felisa qabang ea khale lipakeng tsa hae le Heroda. ‘Me ha e-ba joalo, Bo-’maseterata bana ba babeli ba fetoha metsoalle qosong ea Mopholosi. EN 486.5

Kahar’a mahlapa a sehlopha seo, Jesu A potlakisetsoa ho Heroda. “Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu...O ne a utloile tsa hae, ‘me a tsepile ho bona mohlolo a etsoang ke eena.” Heroda enoa ke eena eo matsoho a hae a khenathetseng mali a Johanne Mokolobetsi. Heroda ha a qala ho utloa ka Jesu, o ile a otloa ke letsoalo, ‘me a re, “Ke Johanne...o tsohile bafung.” Leha ho le joalo o ne a lakatsa ho bona Jesu. Joale ho ne ho na le monyetla oa ho pholosa bophelo ba moporofeta enoa, ‘me morena a tšepa hore a ka tlosetsa ruri kelellong ea hae, setšoantšo sa hlooho eane e mali eo a neng a e tlisetsoe ka mokeke. Hape a lakatsa ho kholisa cheseho ea hae, ‘me a nahana hore ha Kreste A ka fuoa tšepiso ea hore O tla lōkōlloa, A ka etsa eng kapa eng eo ha ka thoeng A e etse. EN 487.1

Hoba Mopholosi A kene, baprista le baholo ba hlahisa liqoso tsa bona ka potlako le mofere-fere. Empa Heroda a laela hore ho khutsoe. A laela hore mahlaahela a Kreste a lōkōlloe, ebile a se a ntse a qosa lira tsa Hae ka ho Mo hlōkōfatsa. Eena, joaleka Pilato, o ne a ikhotsofalitse hore Kreste O ne A qosoa ka lehloeo le mona. EN 487.2

Heroda a botsa Kreste lipotso ka mekhoa e mengata, empa Mopholosi A thola nyele. Ka taelo ea morena, ha tlisoa ba holofetseng le lihlotsa, ‘me Kreste A laeloa hore A pake seo A ipolelang A le sona, ka ho etsa mohlolo. Jesu A se ke A arabela, ‘me Heroda a tsoela pele a re: Re etsetse pontšo ea hore O na le matla ana ao O boleloang ka ‘ona. Empa Mora oa Molimo o ne a nkile sebōpeho sa motho, ‘me A lokela hore A etse joaleka motho maemong a joalo a litaba. Ka lebaka lena, O ne A ke ke A phetha mohlolo ho ipholosa bohlōkōng le nyelisong, tseo motho a lokelang ho li jara boemong bo joalo. EN 487.3

Heroda a tšepisa Kreste hore ha A ka etsa mohlolo, A ka lōkōlloa. Baqosi ba Kreste ba tšoaroa ke tšabo, hore e se be joale A ka etsa mohlolo. Ketsahalo e joalo e ka bolaea merero ea bona, ‘me mohlomong le bona ba ka lahleheloa ke maphelo a bona. Ba phahamisa mantsoe, baprista le babusi ba re, ke lehlaba-phieo, ke monyefoli; O sebetsa mehlolo ea Hae ka matla a morena oa bademona. EN 487.4

Heroda joale o ne a se a shoa letsoalo, ho sa tšoane le ha a ne a thothomela ke letsoalo ha Herodiase a ne a kōpile hlooho ea Johanne Mokolobetsi. Kelello ea hae ea botho e ne e ntse e senyeha ho tsoela pele, ka lebaka la bophelo ba hae ba boitsoaro bo bobe. O ne a bile a ithorisa ka kahlōlo eo a e etselitseng Johanne, ha a ne a leka ho mo khalemela. ‘Me joale o ne a tšosa Jesu, a Mo tsebisa hore o na le matla a ho Mo tsoa. Empa Jesu A se ke A fana ka pontšo ea hore O utloile letho. EN 488.1

Heroda a khopisoa ke ho thola hona. Ho ne ho bontša eka ke ho iphapanyetsa matla a hae. A boela a etsa litšoso tse bohale ho Jesu, Eena A sala A sa sisinyehe, A khutsitse. EN 488.2

Thomo ea Kreste e ne e se ho tla khotsofatsa licheseho tsa mafeela. Hoja lentsoe leo A neng A ka le bua, le ne le tla phekola meea e tšoeroeng ke sebe, A ka be A sa th5la. Empa O ne A hloka mantsoe ho ba hatakelang ‘nete ka maoto a bona a litšila. Heroda o ne a lahlile ‘nete eo a neng a e boleletsoe ke moporofeta e moholo, ‘me ho ne ho se molaetsa oo a ka hlōlang a o amohela. Morena oa leholimo O ne A hloka lentsoe bakeng sa Hae. Molomo oa Hae oa koalloa morena oa moikhōhōmōsi, ea neng a sa ikutloe a hloka Mopholosi. EN 488.3

Sefahleho sa Heroda sa ntšofala ka bohale. A bolela ka bohale hore Jesu ke mothetsi. ‘Me ho Kreste a re, Haeba ha U fane ka bopaki ba seo U ipolelang U le sona, ke tla U nehela matsohong a masole le sechaba. Haeba U mothetsi, lefu lea U lokela, haeba U Mora oa Molimo, ipholose ka ho etsa mohlolo. EN 488.4

Hang hoba mantsoe ana a buuoe, sehlopha sa fofela phofu ea sona, joaleka libatana tse hlaha. Jesu A hulanyetsoa koana le koana, Heroda le eena a kenella sehlopheng, ho leka ho nyelisa Mora oa Molimo. Hoja masole a Roma a se ke a namola, Mopholosi A ka be A tamollotsoe litsekana. EN 488.5

“Eare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyelise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahalihali.” Masole a Roma a soma le ‘ona. Sohle seo masole ao a senyehileng, ‘moho le bahlomphehi ba Bajuda ba neng ba ka se hlohlelletsa, sa bokelloa holim’a Mopholosi. Empa mamello ea Hae ha ea ka ea fela. EN 488.6