Go to full page →

Kreste O Ne A Ke Ke A Rekoa EN 79

Ha moleki a khankhetsa Kreste mebuso le tlotla ea lefatše, o ne a etsa tlhahiso ea hore Kreste a okamele mebuso ena, A le boikarabellong ba Satane. Ena e ne e le eona puso eo Bajuda ba neng ba e tšepile. Ba ne ba lakatsa ‘muso oa lefatše lena. Empa Kreste O ile A re ho moleki “Tloha, Satane! Ho ngotsoe, ho thoe: ‘U tla khumamela Morena Molimo oa hao, u sebeletse eena a ‘notsi.’” Kreste O ne A ke ke A rekoa. O ne A tlile ho aha ‘muso oa ho lōka ‘me O ne A ke ke A sutha sepheong sa Hae. EN 79.3

Satane o nanarela batho ka moleko o tšoanang le ona, ‘me bathong o na le katleho ho fapana le ho Kreste. O ba fa ‘muso oa lefatše lena haeba ba ka senya bophethehi ba bona, ba se ke ba natsa letsoalo, ba rate boikhabo ‘me ba iphahamise joaloka eena. Satane o re: Ha ho tsotellehe hore na seo e leng ‘nete ka bophelo bo sa feleng ke sefe, ha u batla ho atleha lefatšeng lena, u tšoanela ho ntšebeletsa. Nka u fa maruo, menyaka, ho hlompheha, le thabo. U se ke ua nkela menahano ea botšepehi kapa ho iketsa sehlabelo holimo. EN 79.4

Ke kahoo bongata bo ananelang ho iphelela bo-bona, ‘me Satane a utloe monate. Empa seo a fanang ka sona ha se sa hae, ‘me haufinyane o tla se amohuoa. Moputso oa hae, ha ba mo latela, o etsa batho hore ba sitoe ho fumana lefa la bana ba Molimo. EN 80.1