Go to full page →

Satane E Ntse E Le Sera Se Hlōtsoeng EN 80

Ho lelekoeng ha hae, Satane o ile a ba le bopaki ba hore Jesu ke Mor’a Molimo. Bo-Molimo bo ile ba bonesa har’a botho bo sohlokehileng. Satane o ile a qobelloa ho sutha ka pele ho Mopholosi oa lefatše, a hoshola, ke tšoabo le khalefo. Kreste O ile A hlōla ka ho phethahala moo Adama a neng a hlōtsoe teng. EN 80.2

Ka mokhoa o joalo, le rona re ka hlōla moleko, ra qobella Satane ho re tlohela. Jesu O ile A fumana tlhōlo ka ho ikokobetsa le ho ba le tumelo ho Molimo, ‘me O re ho rōna ka moapostola oa Hae, ‘’Ka baka leo, ikokobeletseng Molimo. Loantšang Diabolosi, ‘me o tla le baleha. Atamelang ho Molimo, ‘me o tla atamela ho lona.” Jakobo 4:7,8. “Lebitso la Morena ke qhobosheane, ea lokileng o tšabela teng, a sireletsehe.” Maele 18:10. Satane o thothometsoa le ke moea o fokolang ho feta eohle, ha feela o itširelelitse ka lebitso leo le matla. EN 80.3

Kamora’ hore sera se suthe, Jesu O ile A oela fatše ke mokhathala, A pulufetse joaleka motho ea shoang. Mangeloi A ile A lebella mamello ea Molaoli oa ‘ona Ea ratoang ha A feta tekong e fetang eo rona re ka bitsoang hore re e mamelle. Joale a sebelletsa Mor’a Molimo Ea rapalletseng fatše joaleka ea shoang. O ile A matlafatsoa ka lijo, A khothatsoa ka tiiso ea hore leholimo le nyakaletse ke tlholo ea Hae. Ha A phaphama borokong A boela bophelong, pelo ea Hae E ile ea utloela batho bohlōkō, ‘me A tsoa ho ea qetela mosebetsi oo A neng A se A O qalile; e le hore A se ke a re khefu, ho fihlela sera se felisitsoe ‘me sechaba se oeleng se pholositsoe. EN 80.4

Theko ea pholoho e ke ke ea ba ea lemohuoa ke batho, ho fihlela ba pholositsoeng ba ema le Mopholosi ka pel’a terone ea Molimo. Joale etlare ha khanya ea lehae le sa feleng e chabela likelello tsa rona tse tletseng thabo, re tla hopola hore Jesu O siile tsena tsohle ka lebaka la rōna, le hore molemong oa rōna, O ile A ipeha tsietsing ea ho hlōloa le ho lahleha ka ho sa feleng. “Konyana e hlabiloeng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlōtla, le thoriso.” Tšenolo 5:12. EN 81.1