Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    6. TUMELO LE KAMOHLEO

    Erekaha letsoalo la hao le tsositsoe ke Moea o Halalelang, u bone bobe ba sebe, le matla a sona, le molato oa sona, le botšabeho ba sona, ‘me u se tadima ka hloeo. U ikutloa hoba sebe se u arohantse le Modimo, u tlamiloe ke matla a bokgopo. Ha u ntse u leka ho loana, ho phonyoha, ke moo u tla ne u fumane ho hloka matla ha hao. Mesebetsi ea hao ha ea hloeka, pelo ea hao e ditsila ua bona hoba bophelo ba hao bo tletse boithati le sebe. U hlolohetse tšoarelo, ho hloekisoa ho lokoloha.KHK 38.1

    Kopano le Modimo, ho tšoana le Oona, u tla etsa joang ho di fumana tseo?KHK 38.2

    U hloka kgotso, tšoarelo ea lehodimo, le thabo le lerato moeeng. Chelete ha ena ho di reka, kelello ha ena ho di fihlela, bohlale ha bo na ho di fihlela, ha u na ho tšepa hore ka matla a hao u ka di fumana. Empa Modimo O ho tšepisa tsona e le mpho, “ho se chelete ho se theko.” (Esa 55 : 1.) Ke ea hao, feela ha u ka nanabetsa letsoho ho di amohela. Morena O re: “Leha dibe tsa lona di ka ba joaleka sekarelata, di tla ba tšoeu joaleka lehloa, leha di ka ba kgubedu joaleka krimsone, di tla ba tšoeu joaleka boea ba nku.” (Esa 1 : 18.)KHK 38.3

    Ke tla le nea pelo e ncha, ‘me ke kenye ka ho lona moea o mocha.” (Ezek. 36 : 16.)KHK 38.4

    U ipoletse dibe tsa hao, ‘me u di lahlile ka pelo ea hao, u itokolotse ho inehela Modimo. Eea ho Eena joale, u Mo kope hore a u hlatsoe dibe tsa hao, me A u nehe pelo e ncha. Joale he u dumele hore tsena Oa di etsa, hobane A u tšepisitse. Ena ke thuto eo Jesu A e rutileng ha A le lefatšeng, hore neo eo Modimo O re tšepisang eona, re dumele hore rea e amohela, ‘me ke ea rona. Jesu O fodisitse batho maloetse a bona ha ba dumela matla a hae; A ba thusa nthong tsohle tseo ba neng ba di bona ka hoo ba tlala ho Mo tšepa le nthong tseo ba neng ba sitoa ho di bona, tsa ba hula hore ba dumele matleng a Hae a ho tšoarela dibe. Tseo O di hlalositse hantle ha A fodisa motho ea omeletseng ditho:KHK 38.5

    Hore le tsebe hore Mor’a motho O na le matla mona lefatšeng a ho tšoarela batho dibe (A re ho ea omeletseng ditho:) Ema, u nke diphate tsa hao, ‘me u ikele tlung ea hao.” (Matth. 9:6.) Le Johanne moapostola o re, ha a bolela ka mehlolo ea Kreste: Tsena di ngotsoe hore le tle le dumele hoba Jesu ke Kreste Mora oa Modimo, ‘me ha le dumela le tla ba le bophelo ka lebitso la Hae.” (Johanne 20 : 31.)KHK 38.6

    Ka taba tse tsoang Bibeleng feela tsa kamoo Jesu A fodisitseng mobabi, re ka hla ra ithuta mokgoa oa ho dumela ho Eena ha re tla tšoareloa dibe. A re ke re boeleng tabeng tsa ea neng a omeletse ditho oa Bethesda. Mobabi o n’a se na matla; ka lemo tse mashome a mararo a metso e robileng rneno e le ‘medi o na a bile a sa tsamae. Leha ho le joalo, Jesu a re ho eena: “Ema, u nke diphate tsa hao u tsamaee.” (Johanne 5 : 1-9.)KHK 39.1

    “Mokudi o n’a ka re: Morena, ha U rata mphodise, ke tla etsa ka taelo ea Hao.”KHK 39.2

    Empa che, a kgoloa ke lentsoe le Jesu, a dumela hore o fodisitsoe, ‘me a hla a iteka hang, kaha a ne a rata ho tsamaea, ‘me a tsamaea. A etsa ka taelo ea Kreste, ‘me Modimo Oa mo nea matla. A fodisoa.KHK 39.3

    Ho joalo le uena, u moetsadibe. Ha u na ho itokafatsa bakeng sa dibe tsa hao tse fetileng ha u na ho fetola pelo ea hao, le ho ikgalaletsa. Empa Modimo O u tšipisitse ha u etsetsa tsena tsohle ka Jesu Kreste.KHK 39.4

    U dumela pallo eo. U ipolela dibe tsa hao, ‘me u inehela Modimo. U rata ho Mo sebeletsa. Ha eba u etsa tsena ka ‘nete, Modimo O tla etsahatsa lentsoe la-Oona ho uena. Ha u dumela pallo, dumela hoba u tšoaretsoe, ‘me u hlatsoitsoe.KHK 39.5

    Modimo ke Oona O etsahatsang ketso; u fodisitsoe, joaleka ha Kreste A neile ea omeletseng ditho matla a ho tsamaea, hona ha a dumela hore o fodisitsoe. Ho joalo le uena ha u dumela. Se lebelle hore u be u utloe hore u fodisitsoe, empa hlo u re: “Kea dumela; ho joalo, e seng hobane ke ekutloa, empa e leng hobane o tšepisitse joalo.” Jesu O re: Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, dumelang hoba le tla se bona, ‘me se tla ba ho lona.” (Mareka 11 : 24.)KHK 39.6

    Ho na le taba pallong ena, ke ha re rapela ka thato ea Modimo. Empa ke thato ea Modimo ho re hlatsoa dibe, ho re etsa bana ba Hae, le ho re phedisa bophelo bo halalelang, ka baka leo re ka kopa mahlohonolo ana, ‘me re dumela hoba re a amohetse, ‘me ra leboha Modimo kamoo re amohetseng. Ke tšoanelo ea rona ho ea ho Jesu hore A re hlatsoe, le hore A re emele pel’a molao re se na dihlong, kapa pelaelo.KHK 39.7

    “Ka baka leo ha ho sa le tsuo ho ba leng ho Jesu Kreste e leng ba sa tsamaeeng ka nama, ba mpang ba tsamaea ka Moea.” (Ba-Roma 8:1.)KHK 39.8

    Ka baka leo ha le sa le ba lona; le rekiloe ka theko. “Ha se ka tse bolang, ha se ka selivera le ka gauta le lopolotsoeng . . . empa e le ka madi a bohlokoa a Kreste konyana e se nang le theba le sekodi.” (1 Pet. 1 : 18,19.)KHK 41.1

    Ka baka la ketso ena e le ngoe feela ea ho dumela ho Modimo. Moea o Halalelang o hlahisitse bophelo bo bocha pelong ea hao. U se u le joaleka ngoana ea tsoetsoeng ka tlung ea Modimo, ‘me O ho rata joaleka ha A rata Mora oa Hae.KHK 41.2

    Joale ha u se u ineile Jesu, se hlole u koeneha, se hlole u itlosa ho Eena, empa kamehla eohle hlo u ‘no u re: Ke oa Kreste; ke inehetse Eena; ‘me u kope hore A u nehe Moea oa Hae, ‘me a u boloke ka mohau oa Hae.KHK 41.3

    Joaleka ha u fetoha ngoana oa Modimo ka ho inehela Eena le ho dumela ho Eena, ho joalo, le ho phela ekakgona u phele ho Eena. Moapostola o re: “Joaleka ha le amohetse Jesu Kreste Morena le fele le tsamaee Joalo ho Eena.” (baKol. 2:6.)KHK 41.4

    Ba bang ba ikutloa hore eka ba sa le tekong, ‘me ekakgona ba iponahatse ho Morena hore ba fetohile ba nto fumana hlohonolofatso ea Hae. Athe ba ka amohela lehlohonolo la Modimo hona joale.KHK 41.5

    Ba tšoanetse ho ba le mohau oa Hae, le moea oa Kreste, ho ba thusa mefokolong ea bona, hoba ba ka sitoa ho hlola bobe.KHK 41.6

    Jesu O rata ha re etla ho Eena re le seo re leng sona, re le baetsadibe, bafokodi, borona. Re ka tla ka mefokolo eohle ea rona, bothoto ba rona, boetsadibe ba rona, ‘me ra oela maotong a Hae ka masoabi.KHK 41.7

    Ke tlotliso ho Eena ho re kopa ka diatla tsa lerato la Hae, ‘me A tlamella maqeba a rona, le ho re hlatsoa ditšila tsohle.KHK 41.8

    Mona ho hloloa ba diketekete; ha ba kgoloe hore Jesu O ba tšoarela ka bo ngoe, motho ka mong. Ha ba amohele lentsoe la Modimo ka moo A le bolelang. Ke tšoanelo ea bohle ba kgoloang ke taba tsena ho itsebela hore tšoarelo e neoa feela bakeng sa sebe sefe le sefe.KHK 41.9

    Lahlang pelaelo ea hore, pallo tsa Modimo ha dia etsetsoa lona. Ke tsa motlodi ofe le ofe ea bakang. Matla le mohau di neiloe ka Kreste, hore di tlisoe ke mangeloi a tšebeletso ho bohle ba dumelang. Ha ho ba senyehileng hoo ba ka sitoang ho fumana matla le hloeko, le holoka ho Jesu ea ba shoetseng. O emetse ho ba hlobodisa dikobo tsa bona tse matheba, tse dubiloeng ka sebe, le ho ba apesa ka kobo e tšoeu ea holoka; O re ba phele ba se ke ba shoa Modimo ha o re etse joaleka ha re etsetsana rona batho ba pallo. Mehopolo ea Hae ke ea kgauho, ea lerato. le lereko. O re:“Molotsana a tlohele tsela ea hae, le ea kgopo mehopolo ea hae, ‘me a sokolohele ho Jehova, ‘me O oa hauhela; a sokolohele ho Modimo oa rona, hobane O tšoarela haholo.” “Ke hlakotse ditlolo tsa hao joaleka mohodi, le dibe tsa hao joaleko leru.” (Esa. 55 : 7; 44 : 22.)KHK 41.10

    Ha ke kgahloe ke lefu la ea shoang he bolela Jehova; ha ho le joalo sokolohang le tie le phele.” (Ezek. 18 : 32.) Satane o itukisetsa ho utsoa ditšepiso tsa mahlohonolo a Modimo. O lakatsa ho tlosa lesidinyana lohle la tšepo, le lehlasedinyana le ka hlahang moeeng; empa se keng la mo dumella ho etsa joalo, se keng la sekehela moleki tsebe; le hie le re:KHK 42.1

    “Jesu O shoele, hore ke phele, Oa nthata, ‘me ha A rate ha ke timela. Ke na le Ntate ea lereko mahodimong, ‘me leha ke ‘nile ka nyedisa lerato la Hae, leha mahlohonolo ao A ‘neileng oona a sentsoe, ke tla tsoha ke ee ho Ntate, ‘me ke re:KHK 42.2

    “Ke sitetsoe lehodimo le uena, ‘me ha ke sa tšoanetse ho bitsoa, mor’a Ha’o; nketse joaleka emong oa bahlanka ba Hao.” Setšoantšo sena se le bolella kamoo molahlehi a tla amoheloa ka teng. Eitse a sa le hole ntatae a ‘mona, ‘me a mo utloela bohloko, a matha, a oela molaleng oa hae, ‘me a mo aka.” (Luka 15: 18-20.)KHK 42.3

    Empa leha setšoantšo sena se bile se hlomola joalo, se sitoa ho hla se hlalosa boholo ba lerato la Ntate oa lehodimo.KHK 42.4

    Modimo o bolela ka moprofeta oa hae O re: “Ke le ratile ka lerato le senang ho fela, ka baka leo ke le hutse ka lerato le mosa.” (Jer. 31 : 3.)KHK 42.5

    Moetsadibe a sa le hole le ntlo ea Ntatae, moo a ntseng a senya tsa hae lefatšeng la basele, pelo ea Ntatae ea mo ngongorehela, ‘me hlolohelo eohle e hlahang pelong, ea ho boela ho Modimo, ke ho emeloa ke Moea oa Hae oa lerato, o memang, o sebetsang, o hulelang molahlehi pelong ea Ntate e lerato.KHK 42.6

    Na le ka ba le sebaka sa ho lelaela ka dipallo tse tletseng Bibele tse pel’a lona na?KHK 42.7

    Le kgoloa hore moetsadibe ha a rata ho boela, a rata ho lahla dibe tsa hae, Morena A ka mo hanela ha a etla maotong a Hae ka pako na? Mehopolo e joalo e be sieo! Ha ho se senyang moea oa lona hofetisa ho amohela mehopolo e joalo, bakeng sa Ntat’a lona ea mahodimong.KHK 42.8

    O hloile sebe, empa o rata moetsadibe, O bile O inehetse ka botho bo bileng ho Kreste, hore bohle ba ratang ho bolokehe, me ba be le lehlohonolo le sa feleng ‘musong oa kganya.KHK 42.9

    Ke lentsoe lefe le matla kapa le mosa ho feta ao A a kgethileng a ka hlalosang lerato la Hae ho rona? O bile o re: “Na mosadi a ka lebala lesea la hae, hore a hloke mohau ho mora oa hae na? E, ba ka tšoha ba ba lebala; empa ‘Na nke ke ka le lebala.” (Esa. 49 : 15.) Tadimisisang Iona ba belaelang, ba thothomelang; hobane Jesu O phelela ho re etsetsa poelano. Lebohang Modimo ka mpho ea Mora Oona oa bohlokoa, ‘me le rapele hore e sebe O shoetse lefeela bakeng sa Iona. Moea oa le bitsa kajeno.KHK 42.10

    Tlong ka pelo eohle ho Jesu, ‘me le tla fumana mohau oa Hae. Joaleka ha u bala dipallo, hopola hoba ke mantsoe a se nang ho lekangoa, a lerato le mosa.KHK 43.1

    Pelo e kalo ea lerato le senang ho lekangoa, e hulehetse ho moetsadibe ka kgauho e sa lekangoeng.KHK 43.2

    “Re na le topollo ka madi a Hae, tšoarelo ea dibe.” (baEfe. 1:7.) E, dumela feela hoba Morena ke Mothusi oa hao. O tla atamela ho uena ka mohau le tšoarelo.KHK 43.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents