Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    10. DITHUSO TSA BOPHELO BA BA KRESTE

    Mekgoa e mengata eo Modimo O batlang ho Itsebisa rona ka eona, le ho re kopanya le Eena. Hloleho e buoa ka mehopolong ea rona e sa kgaotse. Pelo e bulehileng e tla kgodisoa ke lerato le kganya ea Modimo, kamoo di bonahaditsoeng ke mesebetsi ea matsoho a Hae.KHK 63.1

    Tsebe e mametseng e ka utloa, ea utloisisa dikopano tsa Modimo dinthong tsa hloleho. Dinaha tse tala, difate tse phahameng, menoko le dipalesa, leru le fetang, pula e nang, molatsoana o hobang, dikganya tsa lehodimo, di buoa pelong tsa rona, dia re mema, hore re tloaelane le Eena Ea di entseng tsohle.KHK 63.2

    ’Moloki oa rona O tlameletse dithuto tsa bohlokoa tsa Hae le dintho tsa hlaho, difate, dinonyana, dipalesa tsa diphula, dithaba, matša, le mahodimo a matle, joaleka tsona tse iponahatsang le tse re teetseng hare tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng, tseo tsohle di kopantsoe le mantsoe a ‘nete, hore dithuto tsa Hae ka mokgoa o joalo di ‘ne di atise ho hlaha mehopolong, leha re ka ba har’a mesebetsi e thata ea bophelo bo thata ba motho.KHK 63.3

    Modimo O rata hore bana ba Hae ba rorise mesebetsi ea Hae, ‘me ba thabele molemo le bokgabane, tseo A kgabisitseng lehaee la rona la lefatše ka tsona. O rata bokgabane, ‘me hofeta tsohle tse kgahlisang ka bokantle, O rata bokgabane ba mesebetsi. O rata hore re totise hloeko le holoka, mehau e ntseng e itse tuu ea dipalesa.KHK 63.4

    Feela ha re ka mamela mesebetsi e bopiloeng ke Modimo, e ka re ruta thuto tsa bohlokoa tsa boikokobetso le tšepo. Ho tloha dinaleding tse ntseng di tsamaea ka tsela ea, tsona di sa sie mohlala sebakeng, ho isa le ho motinyane, ntho tsa hlaho di ntse di utloa thato ea ‘Mopi. ‘Me Modimo O baballa O hlokomela ntho tsohle, ‘me O thusa tsohle tseo O di bopileng. Eena Ea kakatletseng mafatše a se nang palo, a boholo bo senang ho boleloa, leha ho le joalo, O hlokomela ho hloka ha seroebele se se thokoanyana se binang melotsana ea sona ea boikokobetso se sa tšabe.KHK 63.5

    Ha batho ba tsohela mosebetsing oa bona oa tsatsi le leng le le leng, kapa ha ba phutheha ho rapela, ha ba robala mantsiboea, leha ba tsoha hosasa; ha morui a qhaqhatsa ka tlung ea borena, kapa mofutsana a phutha bana ba hae sekgerehlaneng sa tafole, e mong le e mong o ntse a hlokometsoe ka lerato ke Ntate ea mahodimong.KHK 63.6

    Ha ho meokgo e rothang Modimo A sa e hlokomele. Ha ho ho bosotsela ho A sa ho lemoheng. Ha re ne re ka dumedisisa tsena, ditakatsonyana tsohle tse senang taba di ne di tla fedisoa. Bophelo ba rona bo ne bo sa tlo tlala pelaelo joaleka ha bo le joana; hobane tsohle, tse nyenyane le tse kgolo di ne di tla tloheloa matsohong a Modimo, O sa ferekangoeng ke bongata ba ditsietsi, kapa ho imeloa ke boima ba tsona, re ne re tla ruoa phomolo ea Moea eo ba bangata ba sa kang ba e tseba. Joaleka ha mehopolo ea lona e thabela dikgohelo tse thabisang tsa lefatše, hopolang lefatše le tlang ho tla, le sa eong ho tseba le qoba ea sebe, le ea lefu; moo sefahleho sa hlaho se seng se sa tlo roala moriti oa thohako.KHK 65.1

    Mehopolo ea lona e ke e itšoantšetse lehaee la bapholohi, ‘me le hopole hoba ho tla fetisa ka kganya, hofetisa kamoo mehopolo ea lona e ka tšoantšang ka teng. Dineong tse sa tšoaneng tsa Modimo, ka hlaho re bona feela ka lerootho le fifetseng tsa kganya ea Hae. Ho ngodiloe hothoe: “Taba tseo Modimo O di lokiseditseng ba O ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ea di utloa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ea motho, empa Modimo O re senoletse tsona ka Moea oa Hae.” (1 baKor. 2:9.)KHK 65.2

    Moroki le motšoantši oa tsa lefatše ba bolela tse ngata bakeng sa tsa hlaho, empa ea thabisoang ke lefatše ka thabo e fetisang, ke mokreste, hobane o lemoha mosebetsi oa matsoho a Ntat’ae, me o lemohisisa lerato la Hae paleseng, le setlameng le sefateng.KHK 65.3

    Ha ho le ea mong ea ka lebohisisang ka ho tlala se boleloang ke maralla le diphula, noka le leoatle, tse bonahalang eka ha se lentsoe la lerato la Modimo ho motho.KHK 65.4

    Modimo O buoa le rona ka mesebetsi ea paballo ea ‘Ona, le tse bonahatsoang ke Moea oa Hae dipelong tsa rona.KHK 65.5

    Ditabeng tsa rona le ho tse re potileng, tse ntseng di re teetse hare tsatsi le leng le le leng, re ka ‘na ra fumana thuto tsa bohlokoa, feela ha pelo tsa rona di bulehile ho di nahana. MoPesaleme ha a nahana tsa paballo ea Modimo o re: “Lefatše le t letse molemo oa Jehova.” “Ea bohlale, ea nahanang o kae? A ke a lemohe ditaba tseo, ‘me a ele mehauhelo ea Jehova hloko.” (Pes. 33 : 5; 107 : 43.)KHK 65.6

    Modimo O buoa le rona ka lentsoe la Hae. Mona re na le ditaba tse hlalosehileng tsa tšenolo ea mosebetsi oa Hae, kamoo A sebedisanang le batho, le mosebetsi o moholo oa topollo. Mona pel’a rona re phetletsoe ditaba tsa bapatriareka, le tsa baprofeta, le tsa bahalaledi ba bang ba pele.KHK 65.7

    E ne e le batho “ba ikutloang joaleka rona.” (Jak. 5 : 17.) Re bona kamoo ba loantšitseng mefokolo e kang ea rona, kamoo ba dihiloeng ke meleko mohl’omong joaleka rona, ‘me ba boele ba tiee, ba hlole ka mohau oa Modimo; ‘me rea bona kamoo re hlolang kateng ha re ntse re loanela botle.KHK 66.1

    Ha re bala tsa kelello ea bohlokoa ea ba neng ba neiloe, tsa lesedi, le lerato, le lehlohonolo leo e bileng thabiso ea bona, le mosebetsi o ba o entseng ka mohau oo ba o neiloeng, moea o ba susumeditseng, di hotetsa lelakabe la takatso e halalelang, la tsoelopele dipelong tsa rona, le takatso ea ho tšoana le bona mosebetsing, le ho tsamaeeng le Modimo.KHK 66.2

    Jesu O itse ka tsa mangolo a Testamente ea kgale—’me netafala hofetisa ka e Ncha, “Ke oona a mpakang.” (Johanne 5 : 39.)KHK 66.3

    ’Moloki, Eena Eo tšepo ea rona ea bophelo bo sa feleng e tsepameng ho Eena. E, Bibele eohle e bolela Kreste, ho tloha tiisong ea pele ea popo, hobane “har’a dintho tse entsoeng ha ho letho le entsoeng kantle ho Eena,” (Johanne 1 : 3.) pallong ea qetello o re: “Bonang ke tla ka pele,” (Tsen. 22 : 12) re bala tsa mesebetsi ea Hae, ‘me re mametse lentsoe la Hae. Ha le tla tloaelana le ‘Moloki badisisang Mangolo a Halalelang.KHK 66.4

    Tlatsang pelo eohle ka mantsoe a Modimo. Ke oona metsi a bophelo, a timang lenyora le chesang la lona. Ke oona bohobe ba bophelo bo tsoang lehodimong. Jesu O hlalosa O re: “Ha le sa je nama ea Mor’a motho, ‘me le sa noe madi a Hae, ha le na bophelo ho lona.” ‘Me O itlhalosa ka hore: “Mantsoe ao ke a buoang le lona, ke moea, e bile ke bophelo.” (Johanne: 53, 63.) ‘Mele ea rona e phela ke tseo re di jang, re di noang, joaleka ha re etsa ka paballo ho tsa botho, re etse le ho tsa moea, ke tseo re di nahanang tse tla nea modumo le matla bothong ba rona ba moea. Sebele sa topollo ke sona seo mangeloi a ratang ho se nyarela, e tla ba sona tsebo le pina ea balopolloa ho isa mehleng e safeleng. Hleka ha se tse tšoanetseng ho hlokomeloa le ho nahanoa ka kelello na.KHK 66.5

    Mohau le lerato la bosafeleng tsa Jesu sehlabelo seo A se entseng bakeng sa rona, di batla ponahalo ea tlhomoho le maikutlo a fetisisang a boikokobetso. Re tšoanetse ho nahantšisa tsa Moloki le Muelli oa rona ea ratehang. Re tšoanetse ho nahana tsa mosebetsi oa Ea tlileng ho pholosa sechaba sa Hae dibeng tsa sona. Ka mokgoa oo ha re nahana tsa lehodimo, tumelo ea rona le lerato di tla hola, ‘me merapelo ea rona e tla ‘ne e eketse ho amoheleha ho Modimo, hobane di tla ‘ne di eketse ho kopana le tumelo le lerato.KHK 66.6

    Di tla ba mafolofolo di chesehe. Ho tla ba le tšepo e ntseng e eketseha ho Jesu, le tsebo ea tsatsi le leng le le leng ea matla a Hae, ea ho bolokisisa bohle ba tlang ho Modimo ka Eena.KHK 67.1

    Ha re ntse re nahana hloeko ea Mopholosi, re tla lakatsa hore re hie re fetohe, re nchafaletsoe setšoantšong sa hloeko ea Hae. Re tla utloa tlala le lenyora la moea, tsa hore re fetohe re tšoane le eo re mo rapelang. Ha mehopolo ea rona e le ho Kreste, re tla ‘ne re rate ho buoa ka Eena ho ba bang, le ho ba setšoantšo sa Hae ho lefatše. Bibele ha e ea ngolloa ea rutoang feela; kantle ho bao e ngoletsoe batho bohle. Di’nete tse kgolo tse lokelang poloko di qaqisitsoe hantle joaleka letsatsi la motšehare; ‘me ha ho ba ka fosang ba lahleheloa ke tsela ea bona, ha ese ba ka latelang mehopolo ea bona bakeng sa ho latela thato ea Modimo e qaqisitsoeng hantle.KHK 67.2

    Ha rea tšoanela ho nka bopaki ba motho bakeng sa tse rutoang ke Mangolo, re tšoanetse ho nahantšisa e le rona. Ha re ka dumella ba bang ho re nahanela, matla a rona a tla holofala le mesebetsi e holofale. Malta a maholo a mehopolo a ka holofatsoa ka hose hlokomele ditaba tse tšoanetseng ho a boloka, a ka lahleheloa le ke matla a ho tšoara matebo a mehopolo ea Modimo. Mehopolo e atolosoa ke ho sebedisoa, le ho latedisoa ditaba tsa Bibele, ho bapisa mangolo ka mangolo, dintho tsa moea ka tsa moea.KHK 67.3

    Ha ho ntho e loketseng ho matlafatsa kelello joaleka ho nahana Mangolo, ha ho buka engoe e nang le matla ho lokisa mehopolo, ho nea matla ditšoanelong joale ka di’nete tse kgolo tsa Bibele.KHK 67.4

    Lentsoe la Modimo ha le ne le ka beoa kamoo le tšoanetseng, batho ba ne ba ka ba le mehopolo e phatlaletseng, le bophelo bo hlomphehang, le merero e tiileng ka mokgoa o hlokoang.KHK 67.5

    Empa ho bala mangolo ka potlako ha ho fumantše letho hakakang, emong a ka bala Bibele kaofela, ‘me a hloka ho fumana molemo oa eona, le ho lemoha taba tsa eona tse tebileng, tse patehileng. Temana e le ‘ngoe e nahannoeng ho fihlela tse ho eona di hlaloseha mehopolong, le ditaba tsa eona mererong ea poloko, di eba le bopaki, tseo di na le molemo hofetisa kgaohanyo tse ngata tseo ho seng taba e hlalosehileng ho se taba ea thuto ea ‘nete e fumanoeng. Bolokang Bibele ea lona ho lona. Ha le ena le sebaka e baleng; bolokang ditaba mehopolong ea lona.KHK 67.6

    Leha le itsamaela ditseleng, le ka bala temana, ‘me la e nahana, ke hona ho e boloka, mehopolong.KHK 68.1

    Ha re na ho fumana hlalefo kantle ho ho nahana ka cheseho le ka thapelo.KHK 68.2

    Dikarolo tse ding tsa Lengolo di bonolo ka hofetisisa, hoo motho a ke keng a lesa ho se di utloisise, empa ho na le tse ding tseo sebele sa tsoma se sa phaphamalang kahodimo, hore di bonoe ka kgabanyo feela. Lengolo e ka kgona le bapisoe ka lengolo. E ka kgona ho be le patlisiso ea kelello, le ponahalo ea thapelo. ‘Me nahantšiso e joalo e tla buseletsoa haholo.KHK 68.3

    Joaleka ‘matli oa matlotlo a chekoang a fumana methapo ea matlotlo ka ho cheka fatše, ho joalo le eena ea batlisisang Lentsoe la Modimo ka tiisetso joaleka letlotlo le patiloeng, o fumana di’nete tsa bohlokoa tse patehileng ho ea di batlang ka bohlasoa. Re es’o phetle maqephe a eona re tšoanetse ho kopa ponesetso ea Moea o Halalelang, ‘me re tla e neoa.KHK 68.4

    Nathanaele ha a etla ho Jesu, ‘Moloki a phahamisa lentsoe a re: Bonang molseraele oa nete ea se nang mano.”KHK 68.5

    Nathanaele a re: “U ntsebela kae?” Jesu A mo araba a re: Ke ho bone Filipi a es’o ho u bone u le tla’sa sefate sa feiga. (Johanne 1 : 47, 48.) Jesu le rona C tla re bona, sephiring sa rona sa thapelo, ha re ka ‘matla ho re bonesetsa, hore re tsebe nete.KHK 68.6

    Mangeloi a lefatše la kganya a tla ba le bona ba batlang thuso ea lehodimo ka pelo e ikokobeditseng.KHK 68.7

    Moea o Halalelang o phahamisa o halaletsa Moloki. Ke mosebetsi oa ‘Ona ho nea Kreste hloeko ea holoka ha Hae. Jesu O re: “O tla nka tsa ka o le tsebise tsona. (Johanne 16 : 14.)KHK 68.8

    Moea oa ‘Nete ke oona moruti feela oa ‘nete oa boModimo. Na Modimo O ratile batho hakaka’ng ha O le neile Mora oa ‘Ona ho le shoela, ‘me A kgetha Moea oa Hae ho ba moruti oa motho, le motsamaise oa Kamehla!KHK 68.9

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents