Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    14. KRESTE TSELA EA BOPHELO

    Mahlabelo a hlahisitsoeng ke baprista e ne e le diriti tsa thakgiso ea Messia ea neng A tla tla: Empa ka koano ho sefapano re na le kolobetso le selallo sa Morena ho re hopotsa hore Kreste O re shoetse ‘me O tsohile hape.KHK 88.1

    Satane ha esale, O tsomile ho etsa bophelo ba tumelo bophelo ba lefifi. O rata hore bo bonahale bo le thata, bo kgathatsa; ‘me ha moKreste a bonahatsa bophelo bo joalo, ke ka hose dumele ha hae; eba o tiisa bohata ba Satane. Ba bangata ba tsamaea tseleng ea bophelo, ba tadima diphoso tsa bona, le ho hloloa, le ho tsieleha ha bona ‘me dipelo tsa bona di tlale masoabi le ho nyahama. Ha ke ne ke le Europa kgaitsedi engoe e ne e etsa joalo, me a le tsietsing e kgolo, a ngolla, a kopa lentsoe la kgothatso. Kamora’ hoba ke bale lengolo la hae, ka lora ke le ka tšimong, ‘me eo e neng e ka ke mong a tšimo o na a ntsamaisa ka tsela tsa eona.KHK 88.2

    Ke n’e ntse ke ekga dipalesa, ‘me ke thabisoa ke menko ea tsona, ha kgaitsedi eo ea neng a tsamaea lehlakoreng la ka a mpontša makatikati a sa tsebisahaleng a neng a thibela tsela ea hae. Ebile moo. a llang, a soabile. O na a sa tsamae ka tsela ho latela ea mo tsamaisang, empa o na tsamaea har’a tšehlo le meutloa, a meketsa a re: “Oho na ho soabisa hakaka’ng ha tšimo e ntle ee e senyehile ke meutloa?”KHK 88.3

    Joale motsamaisi a re: “Tlohela meutloa hobane e tla u hlaba. Kga dipalesa, dikgahla le merokoana.”KHK 88.4

    Na ha hoa ka ha eba dipontso tse kganyang temohong ea hao na? Ha ke re u bile le dinako tsa bohlokoa ha pelo ea hao e ne e futhisoa ke thabo karabong ea Moea oa Modimo na? Ha u reteleha, ho tadima ditema tsa temoho ea bophelo ba hao, na ha u fumane temana tse ding tse thabisang na? Na dipallo tsa Modimo ha di tšoane le dipalesa tse menkoane, tse metseng mathokong a tsela ka nqa tsohle n’a? Na ha u rate ha bokgabane ba tsona le monate oa tsona di tlatsa pelo ea hao ka thabo na? Tšehlo le meutloa di tla u hlaba, di ho utloise bohloko feela; ha u bokella tsena feela, ‘me u di bontša ba bang, na ha u sitise ba u teetseng hare ho tsamaea tseleng ea bophelo, kantle ho ho nyedisa molemo oa Modimo e le uena na?KHK 88.5

    Ha se bohlale ho ‘na u bokella hammoho mehopolo e mebe ea bophelo bo fetileng—makgopo a bona le masoabi a bona— ho ‘na re buoa ka tsona le ho dumaduma ka tsona, ho fihlela re ba re kgurumetsoa ke masoabi. Moea o se nang tšepo o tletse lefifi, o ikoaletse lesedi la Modimo, ‘me o akgela moriti tseleng ea ba bang. A re leboheng Modimo ka dipontšo tse kganyang tseo A re fileng tsona. A re bokelleng ha ‘moho ditšepiso tsa mahlohonolo, tsa lerato la Hae, hore re ‘ne re di tadime kamehla.KHK 88.6

    Mor’a Modimo ha a tlohela terone ea Ntat’ae, A apesa boModimo ba Hae ka botho, ebile hore A pholose motho matleng a Satane, ‘me thabo ea Hae bakeng sa rona e bulela batho lehodimo, ho senola ponong ea bona nqalo eo Modimo O dutseng ho eona, moo bo-Modimo bo bonahatsang kganya ea bona; ho phahamisa mofuta o oeleng tebetebeng ea tšenyeho, moo o nong o tebisitsoe ke sebe, hore ba boele ba kopane le Modimo; ‘me ha ba se ba latsoitse bo-Modimo ka tumelo ho Molopolli oa rona, ba apesitsoe holoka ha Kreste, ba phahamiseditsoe teroneng ea Hae — tsena ke ditšoantšo tseo Modimo o ratang hore re di lemohe.KHK 89.1

    Ha ho le joaleka ha eka re belaela ka lerato la Modimo, ‘me re sa tšepe dipallo tsa Hae, rea Mo hlompholla, me re soabisa Moea oa Hae o Halalelang. Na ntat’a bana a ka ikutloa joang, ha bana ba hae ba ntse ba belaela ka eena, joaleka ha eka ha a ba rate, athe matla ‘ohle a bophelo ba hae, ebile ho ntšetsa molemo oa bona pele, le hore ba phele hantle? Kapa ha ba belaela ka lerato la hae; hoo ho ka senya pelo ea hae.KHK 89.2

    Motsoadi ofe le ofe na a ka ikutloa joang ha bana ba hae ba ka mo etsa joalo? Me Ntat’a rona ea mahodimong A ka re tadima joang ha re sa tšepe lerato la Hae, le entseng hore A neele Mora oa Hae oa bohlokoa hore re be le bophelo? Moapostola ha a ngola o re! Eena ea sa kang A qenehela Mora oa Hae A mpa A Mo tella rona bohle, na A ke ke A re nea ntho tsohle ha’moho le Eena na?” (baRom. 8 : 32.) ‘Me ba bangata hakaka’ng bao ka diketso tsa bona kapa ka lentsoe lefe le lefe la pelaelo leo le le hlahisang le mema meleko ea Satane; ‘me e matlafatsa ka ho lona kgopolo ea pelaelo, ‘me e soabisa mangeloi a tšebeletso.KHK 89.3

    Ha Satane a le leka le se ke la ba la hlahisa lentsoe la pelaelo, kapa lefifi. Ha le bolela dikeletso tsa hae monyako, mehopolo ea lona e tla tlatsoa tsa hose tšepe, le tsa dipelaelo tsa bokoenehi. Ha le hlahisa maikutlo a lona, pelaelo efe le efe eo le e hlahisang ha e sebetse ho lona feela, empa ke peo e tla fuputsa, e beele bophelo ba ba bang ditholoana ‘me ho ka ba thata ho thibela tšebetso ea mantsoe a lona. Uena ka sebele sa hao, mohlomong u ka tseba ho phonyoha nakong ea moleko, le lerabeng la Satane; empa ba bang, ba ileng ba tsokotsoa ke mekgoa ea hao, ba tla sitoa ho phonyoha hose dumeleng hoo u ho hlahisitseng.KHK 89.4

    Ho molemo hakaka’ng ha re buoa ntho tse ka re neang matla a moea le bophelo feela! Mangeloi a mametse ho utloa hore na boqosa boo le bo hlahisang ho lefatše ba Mong a lona ke bofe, Meqoqo ea lona e be ka Eena ea phetseng ho le etsetsa poelano pela Ntate.KHK 90.1

    Ha u tšoare letsoho la motsoalle, thoriso ho Modimo e ke e be molomong oa hao, le pelong ea hao. Hoo ho tla hulela mehopolo ea hae ho Jesu.KHK 90.2

    Bohle ba na le meleko; mahlomola a boima, meleko e thata ho hloloa. Ha u na ho bolela ditsietsi tsa hao ho metsoalle ea hao ea nama, empa isa tsohle ho Modimo ka thapelo u iketsetse molao hore u se ke oa bulela lentsoe pelaelo leha le le leng, kapa le ka fokodisang. Ho hongata hoo u ka ho etsang ha hlakisa bophelo ba ba bang, ‘me oa matlafatsa diketso tsa bona ka mantsoe a tšepo le thabo e halalelang.KHK 90.3

    Ho na le meea a mengata e bohale, e hateletsoeng habohloko ke meleko, e seng e batla ho shoa, ke ho thulana e le eona le oona matla a bobe. U se ke oa fokodisa ea joalo ntoeng ea hae e thata. Mo thabise ka mantsoe a bonatla, le a tšepo, a ka mo kgothatsang tseleng ea hae. Ka mokgoa oo lesedi la Kreste le tsoang ho uena le tla bonahala. “Ha ho le a mong ho rona ea iphelelang.” (baRoma 14 : 7.) Ka mesebetsi ea rona eo re sa e lemoheng, ba bang ba kgothahala, ba matlafala, kapa ba ka fokola, kapa ba koenehela Kreste le ‘nete. Ho na le ba bangata ba nang le mehopolo e kgelohaneng le ea bophelo, le mosebetsi oa Kreste. Ba lekanya hore, O na A le feela, A se na mofuthumala o kang oa letsatsi, le hore o n’a le thata, A le sehloho, A se na thabo.KHK 90.4

    Tabeng tse ngata kelello ea bodumedi e ba le matheba ke mehopolo ena e lefifi.KHK 90.5

    Hangata ho thoe, Jesu O kile A 11a, empa ha ho tsejoe le ho bonya a kile a bonya. Ka sebele Moloki oa rona e ne e le Motho oa mahlomola, A tsebana le mahlomola; hobane O na buletse pelo ea Hae boima bohle ba batho. Leha bophelo ba Hae e ne e le ba boitelo, ‘me bo koahetsoe ke bohloko le bothata, moea oa Hae o no o sa senyeha. Sefahleho sa Hae se ne se sa kgurumala ponahalo ea masoabi le pelaelo, empa e ne e le Ea tletseng kgotso le molemo.KHK 90.6

    Pelo ea Hae e ne e le sediba sa bophelo; ‘me hohle moo A neno A eea o na A isa phomolo, kgotso, nyakallo le thabo.KHK 90.7

    Moloki oa rona O na A le ‘neteng e tebileng, le mafolofolong a maholo, empa A bile A se na hlonamo le kgalefo. Bophelo ba ba Mo etsisang bo tla tlala merero e mafolofolo; ba tla ba le mehopolo e tebileng ea boikarabelo. Teboho e tla suthisoa; ho ke ke ha eba bokaako le thabo ea mesoaso e mebe; empa tumelo ho Jesu e nea kgotso, joaleka nōka. Ha e time lebone la thabo, ha e thibele thabo; leha e le ho fifatsa sefahleho se edileng. Kreste ha A tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa; ‘me ha lerato la Hae le busa pelo, re tla latela mehlala ea Hae.KHK 91.1

    Ha re ka boloka mehopolong ea rona tsa ho hloka mohau, le tsa hoseloke ha ba bang, le diketso tsa bona tse sa lokang, re tla fumana ho le thata ho ba rata joaleka ha Kreste A re ratile; empa ha mehopolo ea rona e eme hodim’a lerato le makatsang, le mohau oa Kreste bakeng sa rona moea oona oo o tla phallela ho ba bang. Re tšoanetse ho ratana, le ho hlonephana, leha re ka ba le diphoso, le hoseloke, tseo re ke keng ra lesa ho di bona. Boikokobetso le ho se itšepe, di tšoanetse ho bonahala, le mamello e sebete melatong ea ba bang. Tsena di tla bolaea bokgonatha ba boitšepo, me di re nee pelo e matla e mosa. Mopesaleme o re: “Tšepa Jehova, ‘me u etse molemo; ka hoo u tla aha lefatšeng, ‘me ruri u tla fepuoa.” (Pes. 37 : 3.)KHK 91.2

    “Tšepa Jehova.” Tsatsi ka leng le na le tsietsi tsa lona, ditlhokomelo tsa lona, le meferefere ea lona; ‘me ha re teana re atisa hakaka’ng ho buoa ka tsa bothata ba rona le meleko.KHK 91.3

    Ka hoo matšoenyeho a itlhahisang a ikakgela, le ditšabo tse ngata di dumelloe ho kena, ho hlahisoe le boima ba ditaka tso, joaleka ha eka ha re na ‘Moloki ea mohau, ea lerato, ea itokisitseng ho utloa dikopo tsohle tsa rona le ho ba thuso ea rona e haufi nakong eo re e hlokang.KHK 91.4

    Ba bang ba ‘ne ba ba tšabong ‘me ba ikguele dikgathatso. Kamehla ba teetsoe hare ke dipontšo tsa lerato la Modimo; ba thabisoa kamehla ke ditokoloho tsa paballo ea Hae; empa ha ba iphapanya le mahlohonolo a mehleng ena. Mehopolo ea bona e ntse e itšoareletse hodim’a ntho engoe e sa lokang eo ba tsabang hore e ka ba tlela, kapa ho ntse ho setse bothata bo bong ruri, boo leha bo le bonyenyane bo foufatsang mahlo a bona nthong tse ngata tse ka tlatsang thabo. Bakeng sa ho isa bothata boo ba teanang le bona ho Modimo, e leng mohlodi oa thuso ea bona, ba itlose ho Eena, hobane di ba tsosetsa hloreho le pelaelo.KHK 91.5

    Na re etsa hantle ka hosedumele ho joalo? Na ke ka baka la’ng ha re hloka teboho, le tšepo? Jesu ke motsoalle oa rona, lehodimo lohle le thabisoa ke ha re phela hantle. A re se keng ra dumella meferefere ea tsatsi le leng le le leng, le dikgathatso tsa bophelo ho ferekanya mehopolo ea rona, le ho re fifatsa difahleho. Ha re ka etsa joalo, re tla ‘ne re be le ho hong ho re halefisang, ho re kgathatsang.KHK 91.6

    Ha rea tšoanela ho amohela thato ena e re kgathatsang, le ho re tšoenya feela, empa e sa re thuse ho jara matšoenyeho. Leha le ka ba moferefereng oa mosetbetsi, tseo le di lebeletseng di ka ea di ntse di fifala, ‘me la hlaheloa ke tšenyehelo; se felloeng ke tšepo; lahlelang pelaelo ea lona ho Modimo, ‘me le kgutse le thabile. Kopang bohlale ba ho sebedisa mesebetsi ea lona ka masene, hoo ho tla thibela tšenyeho le tsietsi.KHK 92.1

    Ha e le lona etsang ka matla ho itlhahisetsa mesebetsi ea mohau.KHK 92.2

    Jesu O tšepisitse thuso ea Hae, empa eseng ho di arola tšebeletsong ea rona Ha le tšepile Mothusi oa lena, le entse hohle hoo le ka ho etsang, amohelang tholoana tsa teng ka ditlatse. Ha se thato ea Modimo hore chaba sa Hae se imetsoe ka dipelaelo.KHK 92.3

    Empa Morena oa rona ha A re dihele. Ha A re ho rona: “Se tšabeng; ha ho ditsietsi tseleng, ea lona.” Oa tseba hoba matšoenyeho a teng, le tsietsi, ‘me O sebedisana le rona ka hlaloso.KHK 92.4

    Ha A re O tla ntša sechaba sa Hae lefatšeng la sebe le la bokgopo.KHK 92.5

    Empa O ba bontša qhobosheane e sa hloloeng. Merapello ea Hae ho barutuoa ba Hae ebile hore: “Ha ke ba rapelle hore U ba tlose lefatšeng, empa e le hore U ba tlose bobeng. Le tla ba le mahlomola lefatšeng empa le bete pelo ke hlotse lefatše.” (Johanne 17 : 15; 16 : 33.)KHK 92.6

    Thutong ea Hae ea thabeng, Kreste A ruta barutuoa ba Hae thuto ea bohlokoa bakeng sa ho tšepa Modimo.KHK 92.7

    Dithuto tsena di ne di kgethetsoe ho kgothatsa bana ba Modimo melokong le meloko, ho tlisa mehleng ena ea rona, ditlatse ditemoso le matšediso.KHK 92.8

    ’Moloki O supisitse balatedi ba Hae dinonyana tsa lehodimo ha di ntse di letsa melodi ea tsona ea thabo le teboho, di sa itšitise ka kgopolo ea ho nahana. Hobane “ha di jale, leha e le ho kotula.” Athe leha ho le joalo Ntate e moholo Oa di hlokomela. ‘Moloki oa botsa, O re: “Na ha le di fetise haholo na?” (Matth. 6 : 26.) Mofani E moholo oa motho le di phoofolo O fupurolla letsoho la Hae, ‘me O fa dibopuoa tsa Hae tsohle.KHK 92.9

    Dinonyana tsa lehodimo ha di katlase ho tsebo ea Hae. Ha A akgele dijo kahanong ho tsona feela, empa O lokisetsa ho hloka ha tsona dijo. Di tšoanetse ho thonaka hlaku tseo A di haseditseng tsona.KHK 92.10

    Di tšoanetse ho ipatlela mesebetsi ea dihlahana tsa tsona. Di tšoanetse ho fepa madinyane a tsona. Di ikela di ntse di bina mosebetsing oa tsona, hobane,KHK 93.1

    “Ntat’a lona ea mahodimong oa di fepa.” Na ha le di fetise haholo na?” Ha ke re lona le barapedi ba moea, ba fetisang dinonyana tsa lehodimo ka molemo na ?KHK 93.2

    Na Moloki oa rona, ‘Maballi oa bophelo ba rona. Ea re bopileng ka setšoantšo sa bo-Modimo ba Hae. A ke ke A re sitsa ka tseo re di hlokang feela ha re Mo tšepa na? Kreste O supisitse barutuoa ba Hae dipalesa tsa naha, tse melang ka ho teteana le ka ho benya ha mefuta, hoo di ho neiloang ke Ntate ea Mahodimong, e le lentsoe la lerato la Hae ho motho. O itse: “Lemohang dikgahla tsa naha, kamoo di melang.”KHK 93.3

    Botle, le tlotleho ea dipalesa tsena tsa lefatše di felisa tlotleho ea Salomone.KHK 93.4

    Botlehadi bo fetisang ba diaparo bo hlahisitsoeng ke bohlale ba motho, ha bo na ho bapisoa le manyedinyedi a hlaho, le kganya e ntle ea dipalesa tsa popo ea Bo-Modimo.KHK 93.5

    Jesu oa botsa, O re: “Ha Modimo O apesa joalo joang ba naha, bo bang kajeno, ‘me hosasa bo se bo akgeloa seboping, na haholo A ke ke A apesa lona batho ba tumelonyana. (Matth. 6 : 28, 30.) Na ha Modimo Mohlalefi, ea phahameng A nea dipalesa tse kgabileng ‘me di timelang tsatsi le le leng ho feta ha tsona, le mebalabala ea tsona, na O tla hlokomela hofetisa hakaka’ng ba bopiloeng ka setšoantšo sa Hae!KHK 93.6

    Thuto ena ea Kreste ke kgalemelo ho mohopolo o lakatsang, o ferekanang le ho belaela ha pelo e se nang tumelo.KHK 93.7

    Morena A ka rata hore bara ba Hae le baradi ba Hae, ba be le thabo, kgotso le boikokobetso, Jesu O re: “Ke le nea kgotso ea ka, ha ke le nee kamoo lefatše le neang kateng. Pelo tsa lona di se ferekane kapa ho tšaba.” Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ea ka e dule ho lona, ‘me thabo ea lona e tlale.” (Johanne 14 : 27; 15 : 11.) Thabo e batloang mekgoeng ea boithato, kantle ho tsela ea tšoanelo, e lekantsoe hampe, e na le tšenyeho le ho fetofetoha; ‘me e ea feta, ‘me moea o tlale bodutu le masoabi; empa mosebetsing oa Modimo ho na le thabo le kgotso; MoKreste ha a tloheloe hore a tsamaee tseleng tse akangoang; ha a tloheloe masoabing le dipelaelong tsa lefeela.KHK 93.8

    Ha re se na thabo ea lefatše lena, a re nyakalleleng ho tadima bophelong bo tlang. Empa esita le mona, baKreste ba ka ba le thabo ea kopano le Kreste; ba ka ba le kganya ea lerato la Hae, tšediso ea kamehla ea sefahleho sa Hae.KHK 93.9

    Bohato bo bong le bo bong bophelong bona, bo re atametsa haufi le Jesu, bo ka re nea tsebo e tebileng ka hofetisisa, ea lerato la Hae, ‘me bo ka re atametsa haufiufi hofetisa lehaeeng la lehlohonolo la kgotso. A re se lahleng he tšepo ea rona, re mpe re be le tšepo e tiileng hofeta mehla. “Modimo O re thusitse ho fihlela mona.” (1 Sam. 7 : 12.) ‘Me O tla re thusa ho isa qetellong. A re tadimeng sefikeng sa ditsiea, dikgopotso tsa seo Morena A re etseditseng sona, ho re tšedisa le ho re pholosa letsohong la mosenyi.KHK 94.1

    A re bolokeng mehopolong ea rona mehau eohle ea lereko eo Modimo O re bontšitseng eona — meokgo eo A e hlakotseng, mahloko ao A a kokobeditseng, ditakatso tsa tlosoa, ditšabo tsa lelekoa, dithato tsa phethoa, mahlohonolo a neoa, ka hoo a re ipheng matla ka baka la tsohle tse pel’a rona, ka baka la leeto la rona le sa setseng. Ha re na ho tadima pele meferefereng e mecha feela le bothateng bo tlang; empa re tadimeng ho tse fetileng, joaleka tsona tse tlang ,’me re re: Ho fihlela mona, Morena O re thusitse.”KHK 94.2

    Kamoo matsatsi a lona a leng kateng, le matla a lona a tla ba joalo.” (Deut. 33 : 25.) Moleko o ke ke oa feta matla ao re a neoang ho o jara.KHK 94.3

    Ha ho le joalo a re nkeng mosebetsi oa rona, kae le kae moo re o fumanang, re dumele hore hohle ho ka tlang, matla a lekaneng moleko re tla a neoa. ‘Me hamorao menyako ea lehodimo e tla buloa ho amohela bana ba Modimo, ‘me mantsoe a hlohonolofatso a tla tsoa molomong oa Morena, oa kganya, a oele ditsebeng tsa bona joaleka mantsoe a thomo e monate: “Tlong lona ba hlohonolofaditsoeng ke Ntate, jang lefa leo le le lokiseditsoeng ha e sa le lefatše le theoa.” (Matth. 25 : 34.) Joale balopolloa ba tla amoheloa motseng oo Jesu A ba lokisetsang oona Moo metsoalle ea bona e ke ke ea eba mafeela a lefatše, ea mahata, bafebi, kapa ba ditšila le ba sa dumelang; empa ba tla kopana le ba hlotseng Satane, ‘me ka baka la mohau oa Modimo ba hlahisitse mesebetsi e phethehileng.KHK 94.4

    Mehopolo eohle e ditšila, hoseloke hohle ho ba tšoenyang mona ho tlositsoe ke madi a Kreste; ‘me boholo, le ho kganya ha kganya ea Hae, e fetang hole kganya ea letsatsi, ba e abetsoe le bona.KHK 94.5

    ’Me botle ba bophelo, pnetheho ea mosebetsi oa Hae di tla kganya ho bona, hofetisa hole bokgabane bona bo kantle. Ha ba na sekodi pel’a terone e kgolo e tšoeu, moo ba jang lefa la boModimo, le ditšoanelo tsa mangeloi. Na tebellong ea bojalefa boo bo halalelang bo e tla ba ba hae, Motho o tla ntša eng ho reka moea oa hae? (Matth. 16 : 26.) Ekaba mofutsana, empa ka hoo eena o na le leruo, le boholo boo lefatše le ke keng la ba la bo nea, Moea o lopolotsoeng, o hloekisitsoeng sebeng, ka matla o’hle a oona a kgethetsoe mosebetsi oa Modimo o na letheko e fetisisang; ‘me thabo e teng lehodimong pel’a sefahleho sa Modimo le mangeloi a halalelang, ka moea o le mong o pholositsoeng—e leng thabo e boletsoeng ka difela tsa hlolo, e halaleIlang.KHK 94.6

    Sefapano lefatšeng, mofapahlolo lehodimong.KHK 95.1

    QETELLO. KHK 95.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents