Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 28—MATHEU: EA NENG A BOKELLA LEKHETHO JOALE KE MOAPOSTOLA

    [E ilšetlehile ka Matheu 9:9-17; Mareka 2:14-22; Luka 5:2739.]

    Baroma ba neng ba le pusong naheng ea Palestina ba ne ba hlouoe. Lebaka la hore lekhetho le ne le bokelleloa melata e ne e le ntho e hlolang e halefisitse sechaba. E ne e le khopotso ea hore boipuso ba Bajuda bo felile. ‘Me balekhetho bana e ne e se feela lisebelisuoa tsa Baroma ho thusa ka khatello, e ne e hlile e le baqhekelli ka bobona ba ithuisa ka lichelete tsa batho. Mojuda ea neng a nka mosebetsi ona oa lekhetho o ne a nyefoloa a bile a balelloa sehlopheng sa ba nyatsuoang, ba babe-babe sechabeng.EN 181.1

    Levi-Matheu e ne e le e mong oa bona ‘me o ne a tla bitsetsoa mosebetsi oa Kreste. Matheu o ne a ile a mamela ha Mopholosi A ruta, ‘me eare ha moea oa Molimo O senola libe tsa hae a labalabela ho batla thuso ho Kreste; empa joalokaha a ne a tseba khethollo ea borabbi ha a ka a nahana hore Moruti enoa e Moholo O tla mo amohela.EN 181.2

    Ka tsatsi le leng Matheu o ne a lutse sebakeng seo a khafisetsang ho sona, a bona Jesu A atamela. O ile a makala haholo ha a utloa mantsoe A reng ho eena, “Ntatele”.EN 181.3

    Matheu “a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.” A se ke a likalika, a se ke a ipotsa lipotso, a se ke a nahana ka ho lahleheloa ke khoebo e neng e mo kenyetsa chelete e ngata, eo joale e tla mo lahlehela e be e-ba mofutsana, a thulane le mathata. Ho ne ho lekane ho eena ho ba le Jesu, ho mamela mantsoe a Hae, le ho ikopanya le Eena mosebetsing oa Hae.EN 181.4

    Ha na ha e-ba joalo ha Jesu A ne A bitsa Simone le metsoalle ea hae ho Mo latela. Hang-hang ba ile ba siea liketsoana tsa bona Je matlooa. Ba bang ba ne ba ena le metsoalle ea bona eo eleng baphelisuoa ba bona empa ha ba amohela pitso ea Mopholosi, ha ba ka ba botsa hore, “ke tla phela joang, ‘me ke boloke lelapa laka?” Hamorao ha Jesu A ba botsa potso A re, “Ha ke ne ke le romile le se na sepache, mokotla, le meqathatso, na le ile la haelloa ke letho?” Ba re, “Le letho.” Luka 22:35.EN 182.1

    Matheu leruong la hae, Andrease le Petrose bofutsaneng ba bona, ba ile ba neoa teko e tšoanang. Nakong ea katleho, ha matlooa a tletse lihlapi, ‘me litakatso tsa bophelo ba khale li le matla, Jesu A kōpa barutuoa, leoatleng, ho siea tsohle ba eo ruta evangeli. Ka tsela e joalo motho ka mong o neoa teko ho bona hore na ho molemolemo ho bona keng ha e le lintho tsa mehla ea joale kapa ho ba le Kreste.EN 182.2

    Ha ho motho ea ka atlehang mosebetsing oa Molimo ntle le hore pelo ea hae eohle e be mosebetsing oo. Ha ho motho ea ntseng a itšoarelletse ho hong ka thoko eo e ka bang morutuoa oa Kreste, ‘me ea joalo a ke ke be a sebetsa le Kreste. Ha banna le basali ba lemoha topollo ena e kholo hakaana, sehlabelo sa boitelo se bonoang bophelong ba Kreste se tla bonoa maphelong a bona. Hohle moo A ba isang ba tla latela.EN 182.3

    Pitso ea Matheu ea tsosa khalefo e kholo. Hore Kreste A khethe molekhetho e le e mong oa balateli ba Hae e ne e le thohako bolumeling, sechabeng le meetlong ea naha. Ka ho Mo hanyetsa hona Bafarisi ba ne ba tšepile hore ba tla retelletsa maikutlo a sechaba hore a furalle Jesu. Empa har’a balekhetho thahasello e kholo ea phatlalla ‘me ea hola. Ka thabo e kholo ea ho amoheloa e le morutuoa e mocha, Matheu a etsa mokete lapeng la hae, ‘me a bitsa metsoalle le ba habo ‘moho le metsoalle ea hae. E ne e se balekhetho feela ba menngoeng; le ba bang ba neng ba nenoa ke sechaba se itlhomphang.EN 182.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents