Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moea O Halalelang O Atlehisa Mosebetsi Oa Bona

    Ka Moea o Halalelang bopaki ba barutuoa bo ne bo tla tiisoa ke lipontšo le mehlolo. Mehlolo e ne e tla etsoa eseng ke baapostola feela empa esita le ke bao ba amohetseng evangeli ho bona. “Ba tla leleka bademona ka lebitso la ka, ba bue lipuo tse ncha, ba tšoare linōha ka matsoho, ‘me leha ba ka noa chefo efe kapa efe, e ke ke ea ba etsa letho; ba tla bea bakuli matsoho, me ba tla fola.” Mareka 16:17,18.EN 547.4

    Mehleng eo batho ba soele ba ne ba sa qea-qee ho bolaea ba ba emeng pele litakatsong tsa bona. Ba ne ba ba tšella chefo. Jesu O ne A tseba hore ba bangata ba tla nahana hore ba etsa mosebetsi oa Molimo ha ba bolaea lipaki tsa Hae. Kahoo O ile A ba tšepisa hore ba tla sireletsoa kotsing ena.EN 547.5

    Eaba ba fuoa matla a macha: Barutuoa ba ne ba lokela ho ruta har’a lichaba tse ling, ‘me ba ne ba tla fuoa matla a ho buoa ka maleme asele. Baapostola le bao ba neng ba sebetsa le bona, e ne e se batho ba rutehileng, empa ka ho tšolleloa Moea, ka letsatsi la pentakonta, maleme a bona a ile a manama ha ba bua puo ea habo bona, esita leha ba bua puo tsa balichaba.EN 548.1

    Ho tjee, Kreste O ile A fa barutuoa ba Hae tsohle tseo ba neng ba tla li hloka ho etsa mosebetsi, ‘me Eena A nka boikarabello ba ho o atlehisa. O ile A ba rōma A re, E-eang lichabeng tsohle. E-eang le libakeng tse hole ka ho fetisisa tsa lefatše, moo batho ba leng teng le tsebe hore Ke tla ba le lona. Le sebetse ka tumelo le sebete.EN 548.2

    Thōmo ea Mopholosi e akarelletsa balumeli bohle, ho fihlela bofelong. Ke ntho e kotsi ho nahana hore mosebetsi oa ho pholosa meea ke oa baruti ba beiloeng matsoho feela. Kereke e thehetsoe ho etsa mosebetsi ona ‘me bohle ba nkang kano ea eona, ba ikanne ho ba basebetsi ‘moho le Kreste. Hore na motho o bilelitsoe mosebetsi ofe bophelong, takatso ea hae ea mantlha e lokela ho ba ho hapela Kreste meea. Mohlomong a ka sitoa ho bua le phutheho empa a ka sebeletsa batho ka bo-mong. Haufi le hole ho na le batho ba imetsoeng ke melato. Ha se mathata kapa bofutsana tse theolelang motho tlaase. Ke melato le liphoso. Kreste O lakatsa hore bahlanka ba Hae ba sebelletse batho ba kulisoang ke sebe.EN 548.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents