Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Polao E Sehloho Ka Heroda

    Mane Jerusalema Heroda o ne a se a hloka mamello, a emetse ho khutla ha banna ba bohlale ba bochabela. Ha linako li ntse li ea, ba sa fihle, khoao ea hae ea hola. Na ekaba borabi ba hlokometse merero ea hae, eaba ba bohlale ba se be mo koekoetla ka boomo? A utloa e ka oa hlanya ke tseo. Ka matla a hae o tla mo supisa ngoana enoa oa Morena!EN 39.4

    Masole a rōmeloa Betlelehema ka thomo ea ho bolaea bana bohle ba lilemo tse peli ho ea tlase. Malapeng a khutsitseng a mo tse oa Davida ha pakahala pono e ileng ea hlahela moporofeta lilemong tse 600 pele ho moo ha a tla re: “Mohoo o utloahetse Rama, seboko le sello sa ‘mokotsane’ Ragele o llela bana ba hae, ‘me o hana ho tšeliseha, hobane ha ba sa le eo.”EN 39.5

    Ha e le tlokotsi ena Bajuda ba ne ba ipitselitse eona. Ba ne ba latotse Moea o Halalelang, e leng Eena feela setšabelo sa bona. Mangolong ba batlisisitse boporofeta bo ka tolokoang ho phahamisa bona, ‘me bo bontše kamoo Molimo O nyatsang lichaba tse ling. Ba ne ba ikhora moea ka hore Mesia O tla tla e le Morena oa bona, ‘me A hatikele bahedene ka khalefo ea Hae. Kahoo ba ile ba tsosa lehloeo la babusi ba bona. Ka ho etsa hore ba se utloisise borōmuoa ba Kreste, Satane o ne a rerile ho bolaea Mopholosi; empa ho etsahetse hore kotlo e oele holim’a bona.EN 39.6

    Kamora’ hore ho fenethoe ba se nang molato, Heroda a shoa lefu le tsosang. Josefa, ha a ntse a le Egepeta, a laeloa ke lengeloi ho khutlela lefatšeng la Iseraele. Kaha a ne a sheba Jesu e le Eena Mojalefa oa terone ea Davida, Josefa a lakatsa ho ea haha Betlelehema; empa hoba a utloe hore Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntat’ae Heroda, a tšaba ho ea teng, a nahana hore mano a Heroda a ka ‘na a ntšetsoa pele ke mor’a hae.EN 40.1

    Josefa o ile a lebisoa sebakeng se tšireletsehileng, eleng Nazaretha, lehaeng la hae la pele. Mona ke moo Jesu A ileng A phela lilemo tse ka bang mashome a mararo, “ho tie ho phethahale ho boletsoeng ke baporofeta hore o tla bitsoa Monasaretha.” Galelea e ne e e-na le mefuta e mengata ea melata ho feta Judea. Ka baka lena taba tsa Sejuda li ne li sa ba tšoenye haholo.EN 40.2

    E bile joalo kamohelo ea Mopholosi ha A fihla lefatšeng. Molimo A sitoa ho tšepela Mora oa Hae ho batho leha A bile A tlil’o etsa mosebetsi oa ho ba pholosa! A laeletsa Jesu ho mangeloi ho Mo tšireletsa ho fihlela A phetha borōmuoa ba Hae, ‘me A shoa ka matsoho a bao A tlileng ho ba pholosa.EN 40.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents