Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Botebo Le Bophara Ba Molao Oa Molimo

    Jesu O ile A qaqisa molao ka bo mong ‘me A bontša hore na o pharaletse joang. A bolela hore ka menahano e mebe, kapa ka ho sheba ka takatso, molao oa Molimo oa rojoa. Ho se etse tōka ho fokolang ke ho roba molao. Eo ea fang lehloeo sebaka pelong ea hae o kene tseleng ea ho ba ‘molai.EN 208.5

    Bajuda ba ne ba e-na le moea oa boiphethetso. Ka lebaka la lehloeo la bona ho Baroma ba ne ba ba nyefola haholo, ba ithuta ho etsa liketso tse tšabehang. Ho na le khalefo e lumellehang, esita le ho balateli ba Kreste. Ha ba bona Molimo A sa hlomphuoe, ba senang molato ba hatelloa, khalefo ea tōka e fuluha moea. Boitsoaro bo joalo hase sebe. Empa bohale le bora bona bo tlameha ho hlakoloa moeeng haeba re batla ho ba le tumellano tse ntle le leholimo.EN 209.1

    Morero oa mantlha oa Molimo ka bana ba Hae O phahame ho feta kamoo motho a ka nahanang ka teng. “Ha ho le joalo, phethehang joalokaha Ntat’a lōna ea maholimong a phethehile.” Taelo ena ke tšepiso. Leano la tōkōlōho le sebeletsa pholoho ea rōna e felletseng matleng a Satane. Kreste O atisa ho arohanya motho ea bakileng le sebe. O entse monyetla oa hore Moea o Halalelang O lule pelong e ngoe le e ngoe e bakang, e le ho e bōlōka ho re e se etse sebe.EN 209.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents