Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Matla A Ho Arola Pakeng Tsa Ho Nepahetseng Le Ho Fosahetseng

    Molimo ho O qobclle batho ho tela ho se lumele ha bona. Morero oa Hae ke hore batho ba rere eseng ka nama empa ka boima ba bopaki, ka hlōkō ba bapise lengolo le lengolo. Hoja Bajuda ba na ba bapisa boporofeta bo ngotsoeng le likctsahalo, ba ka be ba ile ba lemoha tumellano e ntle pakeng tsa boporofeta le phethahatso ea bona bophelong le boliscng ba Mogalelea ea ikokobctsang.EN 310.3

    Bongata bo khelositsoe kajeno ka tsela e tšoanang le ea Majuda. Baruti ba borapeli ba bala Bibele ka tsela ea nceletsano ea litaba; ‘me le batho ha ba batlisise Mangolo ka bo-bona, empa ba tlohella ho iketsetsa qeto ea bona, ebe ba lesella meea ea bona ho balisa ba bona. Mang kapa mang ea ithutang Bibele ka morero oa ho e mamela o tla fumana ponesetso ho Molimo. O tla utloisisa Mangolo. “Ha motho a rata ho etsa thato ea ea nthōmileng, o tla tseba hore na thuto eo e tsoa ho Molimo, kapa ke bua ka bonna.”EN 310.4

    Tsatsing la ho qetela la Mokete, balaoli ba neng ba rōmetsoe ho ea tsoara Jesu ba khutla kantle ho Eena. Ba botsoa ka khalefelo ha thoe, “Ke ka baka la’ng le sa mo tlisang?” Ba araba ba re, “Ha ho motho ea kileng a bua joaloka motho enoa.”EN 311.1

    Leha lipelo tsa bona li ne li se li thatafetse li ile tsa nolofatsoa ke mantsoe a Hae. E ne e ile eare ha A ntse A bua, ba lika-lika haufi, ho fumana ho hong ho neng ho ka lebisoa ho Eena ho Mo loantša ka hona. Empa ha ba ntse ba mametse, Kreste A itšenola meeeng ea bona. Ba bona seo baprista le babusi ba neng ba hlōtsoe ho se bona eleng bōtho bo apesitsoeng ka khanya ea bo-Molimo.EN 311.2

    Baprista le babusi, ha ba qala ho teana le Jesu, ba ne ba ile ba utloa ba kholiseha ka tsela e tšoanang. Lipelo tsa bona li ne li ile tsa ameha ka mokhoa o tebileng ‘me ba ba le khopolo, e reng, “Ha ho motho ea kileng a bua joaloka motho enoa.” Empa ba na ba tima kholiso ea Moea o Halalelang. Eaba ba hōoa ka khalefo ba re, “Na le lōna le khelositsoe? Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ea lumetseng ho eena? Empa mahōōhōō ana a sa tsebeng Molao a rōhakehile.”EN 311.3

    Bao bao molaetsa oa ‘nete o buuoang ho bona ke ka seoelo, ba botsang ba re “A ke ‘nete?” empa ba ee ba re, “E buelloa ke mang?” Matšoele-tšoele a e lekanya ka bongata ba batho bo e amohelang. Le kajeno potso ena e sa ntse e botsoa, “Na o teng ho babusi kapa ho Bafarisi ea lumetseng ho eena?” Hore e-be taba ke ‘nete hase hobane batho ba bangata ba ikemiselitse ho e amohela, kapa hore ha e amohelehe ho batho ba hlomphehang lefatšeng, leha e le hore baetapele ba tsa bolumeli ba e amohela kapa che.EN 311.4

    Ha boetse ha tiisoa hore ha Jesu A ka tlohelloa A lokolohile o tla hula batho A ba tlose ho baetapele ba tsebahalang. Tsela e ‘ngoe feela. Ke ho Mo tholisa ntle ho tieho ea letho. Nakong eo phetolano ea bona e loetseng ba kenoa hanong hang-hang. Nikodema a botsa, “Na Molao oa rōna o ahlōla motho a e-s’o ikarabelle, le ho tseba seo a sè entseng?” Phutheho ea khutsa. Ba ne ba ke ke ba ahlōla motho a sa ka a mameloa. Empa babusi ba ikhohomosang ba nyaroha ‘me ba soabisoa ke hore e be e mong oa hlakore la bona ka sebele o se a hapehile haholo ke Jesu hoo a bileng a hlahisang lentsoe le Mo sireletsang. Ba re “Na le uena u tsoa Galelea? Fuputsa, ‘me u tla bona hore ha ho moporofeta ea tsoang Galelea.”EN 311.5

    Ka lebaka la khanyetso eo babusi ba lula ba hlōtsoe ha nakoana ‘me “e mong le e mong a ea tlung ea hae.”EN 312.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents