Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moeling Oa Phetohelo

    Ha boqosa ba Johanne bo qala, sechaba se ne se le moeling oa phetohelo. Ha Arkelause a tlosoa, Judea e ile ea beoa tlas’a puso ea Roma. Boqhekelli le bohatelli ba ‘muso oa Roma, le liteko tsa bona tsa ho tlisa litšoantšo le meetlo ea bohetene li ile tsa tsosa bora bo ileng ba tšolla mali a linatla tse ngata-ngata tsa Iseraele.EN 63.2

    Hara marata le mofere-fere, lentsoe la utloahala le tsoang feelleng, le tiileng le matla, empa le tletse tšepo: “Bakang hobane ‘muso oa Maholimo o haufi.” Ka matla a macha a makatsang batho ba sisimoha. Ena e ne e le tsebiso e bolelang hore ho tla ha Kreste ho se ho le haufi. Ka matla le ka moea oa Elia, Johanne o ile a khalemela bokhopo ba sechaba hammoho le libe tse etsoang. Mantsoe a hae a ne a hlaba ebile a kholisa. Sechaba se ile sa ferekana. Matšoele-tšoele a batho a ile a bokana lefeelleng.EN 63.3

    Johanne a biletsa batho pakong. E le bopaki ba pako sebeng, o ile a ba kolobetsa ka har’a metsi a Jorodane. Kahoo o ile a phatlalatsa hore bao ba ipolelang hore ke bakhethoa ba Molimo ba sentsoe ke sebe. Ntle le hore pelo e hloekisoe, ba ke ke ba eba le kabelo ‘musong oa Mesia.EN 63.4

    Mahosana le borabbi, masole, balekhethoa le banna ba motse ba ile ba phalla ho tla mamela moporofeta. Ba bangata ba ile ba bitsetsoa pakong, ‘me ba amohela kolobetso, hore ba tle ba be le kabelo ‘musong o a ileng a o phatlalatsa.EN 63.5

    Bangoli le bafarisi ba bangata ba tlile ho tla ipolela libe tsa bona, ‘me ba kopa kolobetso. Ba ne ba ile ba khelosa batho hore ba thabele litšebeletso tsa bona ba bolumeli, empa joale liphiri tse ba kukunelang tsa maphelo a bona tsa senoleha. Empa Johanne o ile a makatsoa ke hore bongata ba bona ba ne ba sa kholoe hore sebe se teng ho bona. E ne e le batho ba busoang ke nako. Joaloka metsoalle ea moporofeta, ba ile ba tšepa hore ba tla fumana mohau ho khosana e tlang. Ka ho fumana kolobetso ba hopala ho tiisa tšusumetso ea bona bathong.EN 63.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents