Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    O Ile A Nka Tsohle Tse Neng Li Loketse Batho

    Ba bangata ba re Kreste ho ne ho se kamoo a ka hlōloang ke moleko. Haeba bo ne ho le joalo O ne A ke ke A beoa boemong ba Adama, kapa A fumana tlhōlo eo Adama a neng a hlōtsoe ho e fumana. Haeba teko ea rōna e le boima ho feta ea Kreste, Kreste O ne A ke ke A tseba ho re thusa. Empa Mopholosi oa rōna O ile A nka botho le mathata ‘ohle a bona. O ile A nka sebōpeho sa motho, ‘me O ne A ka ‘na A hlōloa ke moleko. Ha ho letho leo re lokelang ho le jara Eena A sa ka A le jara.EN 72.3

    Moleko oa takatso ea lijo e ile ea e-ba ona o moholo, oa pele, oa Kreste, joalo ka ha e bile oona oa pele ho bobeli bo halalelang, Edene. “Eaba Jesu o isoa ke Moea feelleng ho ea lekoa ke Diabolosi. A itima lijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nt’o lapa. Moleki a mo atamela, a re: ‘Haeba u Mora oa Molimo, e-re majoe ana a fetohe bohobe!”EN 72.4

    Mantsoe ana a ho qala a ile a eka mong’a ona le semelo sa hae. “Haeba u Mora oa Molimo.” Mantsoe a na a ne a reretsoe ho hlokisa motho tšepo. Ha Jesu A ne A ka etsa se batloang ke Satane e ne e tlaba O amohetse khoao. Satane o ile a batla ho kenya ka kelellong ea Eva monahano oa hore ka ho ba thibela ho ja litholoana tse khahlehang hakaalo, Molimo ha O hlile ha O ba rate. Joale moleki o batla ho kenya maikutlo ona ale ho Kreste. “Haeba u Mora oa Molimo.” Molumo oa lentsoe la hae o ne o reretsoe ho kenya ho se kholoe. Ebe Molimo O ne O ka sotla Mora oa ‘Ona joalo, O Mo siee lehoatateng, ka har’a libatana tse hlaha, A sena lijo, le balekane, A phela habohlōkō! O ile a sokahanya litaba ho tlisa maikutlo a reng Molimo O ne O sa bolele hore Mor’a .’ona A be boemong bo bobe joalo. “Haeba u Mora oa Molimo” bontša matla a Hao. Laela hore majoe ana a fetohe bohobe.EN 72.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents