Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Ne A Hlile A Sa Amoheleha

    Eana eare ha Jesu A se A le sieo har’a barutuoa, ba ikutloa e ka ke linku tse hlokang molisa, ba qala ho bona kamoo ba neng ba ka be ba tlisitse thabo pelong ea Hae. Ba lesa ho beha molato ho Maria ‘me ba o beha holim’a bona. Oho hoja ba kile ba tlohella khethollo ea bona ea ho hlahisa bafumanehi ba lokeloa ke mpho eo ho feta Kreste! Ba ikutloela bohlōkō haholo ha ba theola ‘mele o tetekiloeng oa Morena oa bona sefapanong.EN 377.2

    Kajeno, ke batho ba fokolang ba thabelang sohle seo Kreste A leng sona ho bona. Haeba ba hlile ba amohetse, ba ka be ba bontša ka lerato le leholo, le tšoanang le la Maria. Ha ho letho leo ho ka thoeng le theko e boima haholo hoo ba ke keng ba le fa Jesu, ha ho boitelo leha e le ho iketsa sehlabelo, tseo ho ka thoeng li kholo haholo hoo ba ke keng ba li etsetsa Jesu.EN 377.3

    Mantsoe a buuoeng ka khalefo, a reng, “Tsenyo ee e etsetsoa’ng?” a ile a hlakisa hantle kapele ho Kreste, ka se-hlabelo se seholohali ho tse kileng tsa etsoa — e leng ha A fana ka bophelo ba Hae, hore lefatše le lahlehileng le tle le fumane tšoarelo. Chalimong ea motho, leano la Topollo ke tšenyo ea mehauhelo le maruo. Libōpuoa tsa leholimo li ka shebella ka ho makala ha leloko la botho le hana ho matlafatsoa ka lerato le sa feleng le bontšoang ke Kreste. Ba ka ‘na ba khotsa ba re, “Tšenyo e kaale e etsetsoa’ng?”EN 377.4

    Empa topollo ea lefatše le lahlehileng e ne e tšoanetse ho tlala, e phethahale, e felle. Mpho ea Kreste e ne e ke ke ea lekanyetsoa hore e se ke ea feta lenane la batho ba tla e amohela. Leano la topollo ha se tšenyehelo kahobane le sa atleha hohle moo le mametsoeng teng. Ho tsoanetse ho be le ho lekaneng le ho salang.EN 377.5

    Simone mong’a ntlo, o ne a makaletse mokhoa oa Jesu ‘me a re, ka pelo, “Enoa hojane ke moporofeta, a ka be a tsebile hore na mosali eo ea mo amang ke mang, ke ea joang, hobane ke moetsalibe.”EN 378.1

    Kahobane Kreste O ile A lumella mosali enoa ho mo ama, kahobane ha A ka A mo leleka hampe ka hore libe tsa hae li ngata hoo li ke keng tsa tšoareloa, kahobane ha A ka A bontša hore O elelletsoe hore mosali eo o oele, Simone o ile a fihleloa ke maikutlo a hore Kreste hase Moporofeta. Empa ke ka hobane Simone a ne a sa tsebe Molimo le Kreste, a ileng a fihleloa ke ho nahana joalo.EN 378.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents