Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ha Ho Sebe Ho Jesu

    “Ke mang ho lona ea ka mpeang molato oa sebe? Ha ke bolela ‘nete, ke ka baka la’ng ha le sa ntumele?” Ka letsatsi le letsatsi ka lilemo tse tharo, lira tsa Kreste li ne li ntse li leka ho fumana koli scmelong sa Hae. Satane o ne a ntse a batla mokhoa oa ho Mo hlōla, empa a se ke a fumana letho ho Eena, le ka mo fang monyetla o joalo. Esita le meea e litšila e ile ea tlameha ho bolela hore, “U Ea halalelang oa Molimo!” Mareka 1:24. Jesu A phela ka mokhoa o hlokoang ke molao, pontšeng ea leholimo le pontšcng ea mafatše a sa oelang sebeng, le pontšeng ea batho ba oetseng sebeng. O ne A ile A bua kantle ho qholotso, mantsoe ao, hoja a buuoa ke e mong, ho ka beng ho thoe oa nyefola, A re: “Ke hlompha Ntate.”EN 318.2

    Bajuda ba ne ba sa hlokomele lentsoe la Molimo ka har’a molaetsa oo oa Mora oa Hae. Bona ba ne ba hopola hore ba ahlōla Kreste; empa ba ne ba ikahlōla bo-bona. Jesu A re, “Ea tsoang ho Molimo o utloa lipolelo tsa Molimo; ke ka baka lena le sa utloeng, hobane ha le tsoe ho Molimo.”EN 318.3

    Ba bangata ba thabelang ho pheha khang, le ho tšoaea liphoso, ba ntse ba batla seo ba ka se hanyetsang Lentsoeng la Molimo, ba nahana hore hona ke pontšo ea hore likelello tsa bona lia phela, ebile li chatsi. Empa ho phenyekolla lintho tse hlokang thuso, ho bontša semelo se fokolang sa bo-lefatše, le pelo e lahleheloang ke matla a ho rata, Molimo. Joalokaha palesa e retelehela letsatsing, hore mahlaseli a khanyang a e chabele ka botle ba ‘ona, le motho o retelehela joalo ho Letsatsi la ho Loka, hore khanya ea leholimo e ntlafatse semelo sa hae, ka mehauhelo ea Kreste.EN 318.4

    Jesu A tsoela pele A re, “Aborahama, ntat’a lona, o ile a nyakallela hore a bone letsatsi la ka, a ba a le bona, ‘me a thaba.” Aborahama o ile a etsa thapelo e mahlonoko haholo, hore pele ho lefu la hae, a ke a bone Mesia. Eaba o fuoa leseli le kaholimo ho la tlhaho. A fuoa setšoantšo sa sehlabelo sa leholimo bakeng sa sebe. Sehlabelo sena, o ile a se senoleloa ka maiphihlelo ao e leng a hae ka sebele. Taelo ea tla ho eena ea re, “Joale nka mora oa hao ea mong feela, eo u mo ratang, Isaka,...’me ka eena u etse sehlabelo sa secheso.” Tsimoloho 22:2. A rapalatsa mora oa hae oa pallo holim’a aletare, A phahamisa thipa ho phethahatsa taelo ea Molimo. Eaba o utloa lentsoe le tsoang leholimong le re, “U se ke ua isa letsoho la hao ho moshanyana; u se ke ua mo etsa letho, hobane joale kea tseba hore u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela ka mora oa hao ea mong feela.” Tsimoloho 22:12. Ketsahalo ena e tšosang, e ile ea hlahisetsoa Aborahama, e le hore a bone letsatsi la Kreste, ‘me a lemohe lerato le leholo leo Molimo A ratang lefatše ka lona, le leholo hoo A ileng A fana ka Mora oa Hae ea tsoetsoeng A inotši, ho tla qaolla lefatše tšenyehong ea lona.EN 319.1

    Ka ho phethahatsa boinehelo bo tletseng; Aborahama o ne a bontšoa hore Molimo ka ho fana ka Mora oa Hae ea inotši, ho pholosa baetsalibe timelong e safeleng, O ne A etsa sehlabelo se seholo haholo, se hlollang haholo ho feta seo motho a ka lekang ho se etsa.EN 319.2

    Ha Molimo A fana ka nku ea sehlabelo sebakeng sa Isaka, e ne e le phatlalatso ea hore ha ho motho ea ka iketsetsang tefelo ea libe ka boeena. Mokhoa oa bohedene oa mahlabelo o ne o sa amohelehe ho hang ho Molimo. Ho ne ho se ntate ea ka fanang ka mora kapa morali oa hae e le nyehelo ea sebe. Ke Mora oa Molimo feela ea ka jarang molato oa lefatše.EN 319.3

    Lipolelo tsa Kreste malebana le Aborahama, ha lia ka tsa ba le bohlokoa bo tebileng, ho ba Mo mametseng. Ho tsona ba bona feela monyetla o mocha oa ho tšoaea liphoso. Ba reteleha ka ho phoqa, eka hoja ba leka ho pakahatsa hore Jesu ke lehlanya. Ba re, “Ha u e-s’o be le lilemo tse mashome a mahlano, na u bone Aborahama na?”EN 320.1

    Ka boitlhompho bo boholo, Jesu A araba A re, “Kannete-nete kea le bolella, Aborahama a e-s’o tsoaloe, ‘na e ne se ntse e le ‘na.”EN 320.2

    Khutso ea aparela phutheho eo e kholo. Lebitso la Molimo, le neng le neiloe Moshe, hore a le phalalatse hore O teng ka ho sa feleng, joale le ikhapetsoe ke Moruti enoa oa Galelea. O ipoletse ka boeena hore ke EENA EO E NTSENG ELE EENA, Eena “eo leloko la hae le qalehileng khale, la qaleha mehleng ea baholo-holo.” Mikiea 5:2.EN 320.3

    Baprista le baruti ba boela ba hoeletsa, ba re Jesu ke monyefoli. Kahobane e ne e le Mora oa Molimo, ebile A ipolela hore ke Eena, ba ne ba batla ho Mo timetsa. Batho ba bangata ba neng ba lumellana le baprista le baruti, ba thonaka majoe hore ba tle ba Mo betse ka ‘ona. “Empa Jesu a tsoa ka Tempeleng, a ipata.”EN 320.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents