Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Baetapele Ba Tumelo Ba Khelosa Ba Bangata Ho Kreste

    Jesu A eketsa A re, “Kea le bolella hore ka letsatsi leo kahlōlo ea Sodoma e tla ba bobebe ho feta ea motse oo.” Joale menahano ea Hae ea leba metseng ea Galelea moo tšebetso e ngata ea Hae e bileng hona teng. Ka letsatsi le letsatsi Khosi ea bophelo O ne A kena A tsoa har’a bona. Khanya ea Molimo e ne e khantšetsa matšoeletšoele a neng a bokana maotong ea Mopholosi. Empa leha hole joalo ba hanne Mpho ea leholimo.EN 332.1

    Borabbi ba ba eletsa hore ba se ke ba amohela lithuto tse rutoang ke mosuoe enoa e mocha. Sebakeng sa hore ba ipatlele kutloisiso ea lentsoe la Molimo ka bo bona, batho ba mamela baruti le bobabusi, ba latola ‘nete, ‘me ba bōlōka meetlo ea bona. Ba bangata ba batla ba kholiseha ke ‘nete, empa ba se ke ba e latella. ‘Me kahoo ba bangata ba lahlile ‘nete e neng e bontša topollo ea moea.EN 332.2

    Paki ea ‘nete O re, “Bona, ke eme monyako, ‘me kea kokota.” Tsenolo 3:20. Kōpo e ‘ngoe le e ‘ngoe e etsoang ke Lentsoe kapa ke maqosa a Molimo e kokota monyakong oa pelo. Ke lentsoe la Jesu, le kōpa ho kena. Ho kokota ho hong le ho hong ho sa eloeng hlōkō, ho etsa hore thahasello ea ho bula e fokotsehe. ‘Me ha tšutšumetso ea Moea o Halalelang e sa tsotelloe kajeno, e ke ke ea boela ea tla ka matla hosasa. Pelo e felloa ke thahasello, ‘me e fihleloe ke kotsi ea ho nyebella e sa ikutloe, hona ho khaole bophelo ba eona, esita le bo sa feleng, bo tlang. Kahlōlong re tla tsuoa, e seng hobane re entse liphoso, empa lebaka e le hobane ha rea ka ra tsotella menyetla eo re e filoeng ke leholimo, hore re ithute seo e leng ‘nete.EN 332.3

    Ha mosebetsi oa bona o felile, ba mashome a supileng ba khutla ba thabile, ba re, “Morena, esita le bademona ba ikokobeletsa rōna ka baka la lebitso la hao!” Jesu A re ho bona, “Ke bone Satane a e-oa leholimong joaloka lehalima.” Jesu O ne A shebetse pele, ka mose ho sefapano sa Gologotha, ‘moho le mahlomola le lihlong tsa sona, mohla letsatsi le leholo la ho qetela, ha Satane a timetsoa lefatšeng lena leo ka nako e telele, le seatsoeng ke bokoenehi ba hae.EN 332.4

    Ho tloha ka nako eo, balateli ba Kreste ba lokela ho bona Satane e le sera se hlōtsoeng. Jesu O ba fumanetse tlhōlo sefapanong, ‘me tlhōlo eo O lakatsa hore ba e amohele e le ea bona. A re, “Bonang, ke le neile matla a ho hata linōha le liphepheng, le a ho hlōla matla ‘ohle a sera, ‘me ha le ka ke la ntšuoa kotsi ke letho.”EN 333.1

    Matla a sa feleng a Moea o Halalelang ke tšireletso ea motho e mong le e mong ea soabetseng sebe. Kreste A ke ke A lumela hore le ea mong oa ba inehetseng ka botlalo le tumelo, ebile a kōpa tšireletso ea Hae, a oele matleng a sera. Ha liteko le meleko li e tla, sheba ho Jesu, mothusi oa hao. Re leboha Molimo, hoba re na le Mopholosi ea matla ‘ohle, Ea lahletseng ea khopo kantle ho leholimo. Ke hobaneng ha re sa bolele ka Eena? Molimo A ke ke A lahla batho ba Hae ha ba loantšana le bokhopo.EN 333.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents