Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 15—JESU O EA MOKETENG OA LENYALO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Johanne 2:1-11.]

    Kopanong ea lelapa motsaneng oa Galelea, Jesu O ile A sebelisa matla A Hae ho tlisa thabo moketeng oa lenyalo. Ka mokhoa oo O ile A bontša kutloelo-bohlōkō ho batho, le takatso ea Hae ho ba tlisetsa thabo. Lefeelleng Eena ka bo-Eena ba Hae O ile A noa mohope oa mahlomola; O tlile ho fa batho mohope oa mahlohonolo.EN 91.1

    Ho ne ho tla ba le lenyalo mane Kana. Bana ba nyalanang e ne e le seng le Josefa le Maria, ‘me Jesu le barutuoa ba Hae ba ne ba memiloe.EN 91.2

    Maria ‘Ma’e, o ne a ile a utloa ka tse ileng tsa etsahala Jorodane mohla kolobetso ea Hae. Litaba tsena li ile tsa mo hopotsa liketsahalo tseo a neng a li bōlōkile ka pelong ea hae lilemo tse telele. Maria o ile a sisinngoa haholo ke thōmo ea Johanne Mokolobetsi. Joale, kopano ea hae le Jesu e ile ea tsosolosa tšepo ea hae bocha. O ne a bōlōkile ka hlōkō bopaki bohle bo neng bo supa hore Jesu ke Mesia, empa hape o ne a na le khoao le masoabi. O ne a laba-labela nako eo khalalelo ea hae e tla senoloa ka eona.EN 91.3

    Lefu le ne le arohantse Maria le Josefa, ba neng ba arolelana tsebo ena ea sephiri sa tsoalo ea Jesu. Joale ho ne ho se lea mong, eo a ka mo bulelang sefuba sa hae ka tšepo le tšabo ea hae. O ile a nahana ka mantsoe a Simeone a reng, “Lerumo le tla u hlaba moea.” Luka 2:35. O ile a emela ho khutla ha Jesu ka pelo e tšoenyehileng.EN 91.4

    Eaba o kopana le Eena moketeng oa lenyalo, e ntse e le Eena mora oa hae ea bonolo, ea sebetsang. Empa O ne A sa tšoane le pele. Sefahleho sa Hae se ne se na le lipontšo tsa ntoa ea Hae lefeelleng, hape se ne se bontša ho hlompheha, matla le thōmo ea Hae ea leholimo. O ne A tsamaea le sehlopha sa bahlankana se neng se ‘mitsa Monghali. Batho bana ba ile ba phetela Maria tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng kolobetsong ea Hae le libakeng tse ling.EN 91.5

    Baeti ba tlileng moketeng ha ba ntse ba fihla ha eketsa ho ba le tebello eo ho seng bonolo ho e pata. Ha Maria a lemoha hore bongata bo talimme ho Jesu, o ile a lakatsa eka A ka itlhahisa hore ho bonahale hore ke Ea hlomphiloeng ke Molimo.EN 92.1

    E ne e le moetlo hore mokete oa lenyalo o nke matsatsi a mangata. Lekhetlong lena ho ile ha fumaneha hore veine e felile pele mokete o fela. Kahobane Maria o ne a amana le beng ba mokete, o ne a thusa, ‘me joale a re ho Jesu, “Ha ba na veine.” Ka mantsoe ana, o ne a kōpa Jesu ka bohlale hore A ba thuse. Empa Jesu A araba A re, “Mè, hoo ho re ama ka’ng, rona le uena? Nako ea ka ha e e-s’o fihle.”EN 92.2

    Ho latela meetlo ea khale, mokhoa ona oo A neng A araba ka ona, o ne o sa bontše ho khena kapa tello. O ne o sebelisoa ho batho ba neng ba hlomphuoa. Kreste ke Eena ea neng A fane molao o reng, “Hlompha ntat’ao le ‘m’ao.” Phallo 20:12. Moketeng oa lenyalo le sefapanong, moo A ileng A bontša lerato la Hae ho ‘M’ae khetlo la ho qetela, mantsoe ana a ile a hlalosoa ke mokhoa oo A neng A mo shebe ka ‘ona, le ka molumo oa lentsoe la Hae.EN 92.3

    Ha A ne A etetse tempeleng boshanyaneng ba Hae, Kreste O ile A re ho Maria, “Na le ne le sa tsebe hore ke tsoanetse ho ba mosebetsing oa Ntate?” Luka 2:49. Joale O pheta thuto eo A neng A e rute ‘M’ae. Kotsi e ne e le teng ea hore Maria a ka nka kamano ea hae le Jesu e le tōkelo ea ho Mo tsamaisa thōmong ea hae. Ka lilemo tse mashome a mararo e ile ea e-ba Mora Ea lerato, Ea mamelang, empa joale O ne A tšoanetse ho etsa mosebetsi oa Ntat’ae. Ho ne ho se liketane tsa lefatše tse neng li lokela Mo sitisa ho phetha thōmo ea Hae, hobane E ne E le Mopholosi oa Iefatše. Ho se be tse hohelang tsa lefatše kapa likamano le batho tse ka faposang maoto a rōna tseleng eo Molimo O re biletsang eona.EN 92.4

    Maria o ne a ka fumana pholoho feela ka Konyana ea Molimo. Likamano tsa hae le Eena tsa nama li ne li sa fetole kamano ea hae le Eena ea Moea hore li se ke tsa tšoana le tsa batho ba bang. Mantsoe A Mopholosi A ile A hlakisa hore ho na le phapang kamanong ea Hae le eena ha e le Mor’a motho, le ha e le Mor’a Molimo. Ho amana ha bona ho ne ho sa etse hore ba lekane.EN 93.1

    “Nako ea ka ha e-s’o fihle.” Ha Kreste A sa le har’a batho, mohato o mong le o mong oa Hae O ne O tataisoa ke thato ea Ntate. Ka ho elelloisa Maria hore nako ea Hae ha e-s’o fihle, O ne A arabela se ka monahanong oa hae -tebello ea hae ea hore A itlhahise hore ke Mesia, ‘me A nke ‘muso oa Iseraele. Empa nako e ne e-s’o fihle. Jesu O ne A amohetse tsa botho, E se Khosi empa E le ‘’motho oa mahlomola, ea tsebamgeng mahlōkō.”EN 93.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents