Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lekhotla Le Sitoa Ho Tsosa Jesu

    Bajuda ba ne ba lekanya hore kahobane ba tseba Mangolo, ba na le bophelo bo sa feleng. Empa kahobane ba lahlile Kreste ea supjoang ke Lentsoe la Hae, ba Mo lahlile ka sebele sa Hae. O ile A re, “Ha le rate ho tla ho ‘na hore le be le bophelo.”EN 137.5

    Baetapele ba Bajuda ba ne ba ithutile lithuto tsa baporofeta, feela e ne e se hobane ba na le cheseho e tiileng ea ho tseba ‘nete, empa e ne e le ka sepheo sa ho .fumana bopaki bo ka tšehetseng mehopolo ea bona ea boiphahamiso. Kahobane Kreste A ile A tla ka mokhoa o fapaneng le oo ba neng ba o lebeletse, ha ba ka ba Mo amohela, ebile ba lekile ho fana ka bopaki ba hore Ke mothetsi. Ha Mopholosi A ntse A tsoela pele ho buisana le bona ka ho otloloha ka mesebetsi ea Hae ea mohau eaba le bona ba tsoela pele ka maikemisetso a ho loantšana le leseli.EN 138.1

    Jesu A re, “Ha ke amohele tlōtla ho batho.” O ne A sa lakatse ho fuoa tlōtla ka lekhotla la puso la Bajuda. O ne A apesitsoe ka tlōtla le matla A leholimo. Ha A ne A rata, mangeloi a ka be a theohile ho tla Mo sebeletsa. Empa O ne A lakatsa hore babusi ba Bajuda ba utloisise semelo sa Hae, molemong oa bona ka bobona, le molemong oa sechaba seo ba neng ba se eteletse pele.EN 138.2

    “Ke tlile ka lebitso la Ntate, ‘me ha le nkamohele; ha e mong a ka itlela ka lebitso la hae, le tla mo amohela.” Ha ba bang ba ka tla ba nkile sebōpeho sa Kreste, empa ba ipatlela khanya bao baa amoheleha. Hobaneng? Ke hobane motho ea ipatlelang tlōtla, o ama litakatso tse ntseng li le teng ka har’a ba bang. Bajuda ba ne ba ka amohela moruti oa bohata hobane O ne A tla phahamisa boikhantšo ba bona. Empa thuto ea Kreste e ne e le ea semoea ‘me e batla hore bo-’na bo thakhisoe; ka lebaka leo ba se ke ba e amohela. Ho bona lentsoe la Hae e ne e ka la motho eo ba sa mo tsebeng.EN 138.3

    Na ha ba bangata baetapele ba tumelo matsatsing aa a rōna, ba nyatsang Lentsoe la Molimo e le hore ba tle ba ipolokele meetlo ea bona?EN 138.4

    “Hoja le lumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka ‘na. Empa ha le sa lumele seo a se ngotseng, lipolelo tsa ka le tla li lumela joang?” Hoja ba ile ba mamela lentsoe le tsoang leholimong, le neng le bua ka moetapele oa bona e moholo, e leng Moshe; ba ka be ba le tsebile lithutong tsa Kreste.EN 138.5

    Baprista le baruti ba ile ba hlokomela hore qholotso ea bona ho Jesu e hloka mabaka, ba mpa ba tōteloa ke lehloeo le bolaeang. Ba tlala tšabo ha ba ntse ba bona bopaki ba matla a kholisang, a neng a bonoa mesebetsing ea Hae; ba mpa ba ikoalla lefifing.EN 138.6

    Ba ne ba hlōtsoe ho ketola Jesu kapa hona ho sokolla maikutlo a batho, bao bongata ba bona ba neng ba kholisitsoe ke litaba tsa Hae. Babusi ka bobona ba ne ba ikutloa ba le molato o tebileng; leha ho le joalo ba ikemisetsa ho felisa bophelo ba Hae. Ba rōmella maqōsa ho hlokomelisa sechaba hore Jesu ke mothetsi. Ha rongoa lihloela hore li tle li tlise tlaleho ea lintho tseo A li buileng le tseo A li entseng. Ruri joale Mopholosi ea ratehang O ne A eme ka tlas’a moriti oa sefapano.EN 139.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents