Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 72—SELALLO SA MORENA SEA THŌOA

    [E itšetlehile ka Matheu 26:20-29; Mareka 14:17-25; Luka 22:14-23; Johanne 13:18-30.]

    Na ke amohetsoe ho Morena seo ke le neileng sona, e leng hore, ka bosiu boo Morena Jesu a ileng a èkoa ka bona, o ile a nka bohobe, a leboha, a bo ngoatha, a re: ‘Hona ke ‘mele oa ka, o fanoang ka baka la lona. Etsang hona ho nkhōpōla.’ Ka mokhoa o joalo, ha ho se ho laletsoe, a nka senoelo, a re: ‘Senoelo sena ke selekane se secha se tiisoang ka mali a ka. Kamehla ha le e-ja bohobe bona, ‘me le noela senoelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a khutla.” 1 Bakorinthe 11:23-26.EN 442.1

    Kreste, Konyana ea Molimo, O ne A le lekhatheng la ho felisa litloaelo tsa meetlo le mekete, tseo ka lilemo tse 4000 li neng li ntse li supa lefu la Hae. Paseka, mokete oa bochaba oa Majuda e ne e tla feta, e fetele ruri. Tsebeletso eo Kreste a neng a e qalile, e ne e tla lateloa ke balateli ba Hae linaheng tsohle le mengoaheng eohle.EN 442.2

    Paseka e ne e hlongoe e le sehopotso sa tokoloho ea Israele ha a e-tsoa Egepeta bokhobeng. Selallo sa Morena sa fanoa e le ho hopotsa ka tokoloho e kholo, e hlahisitsoeng ka lefu la Kreste. Tsebeletso ena, ke mokhoa oo ka oona ho nchafatsoang likellong tsa rōna, mosebetsi o moholo oo A re etselitseng ona.EN 442.3

    Mehleng ea Kreste, batho ba ne ba ja Paseka ba sekame. Baeti ba ne ba robala holim’a litulo tse kholo ba pota tafole, ‘me ba sebelisa letsoho le letona ho ja. Ka mokhoa oona moeti o ne a ka beha hlooho ea hae sefubeng sa ea lutseng ka hloohong ho eena. E be maoto a hlahella kathoko ho setulo, a tle a hlatsuoe ke ea ntseng a potoloha kathoko ho lesakana.EN 442.4

    Kreste O ne A le teng tafoleng moo ho neng ho tekiloe lijo tsa Paseka. Mahobe a se nang litomoso a ne a le teng. Veine ea Paseka, e se lomosoang, e ne e le tafoleng. Kreste A seblisa lipontšuoa tsena ho emela sehlabelo sa Hae se se nang sekoli. Sheba 1 Petrose 1:19.EN 443.1

    “Eare ha ba ntse ba e-ja, Jesu a nka bohobe, ‘me hoba a boke, a bo ngoatha, a ba nea bona, a re: ‘Nkang: hona ke ‘mele oa ka.’ A nka senoelo, a leboha, a nt’o ba nea sona, ‘me bohle ba noela ho sona. A re ho bona: ‘Hona ke mali a ka a selekane,a tla tšolleloa ba bangata. Kannete kea le bolella, ha nka ke ka hlola ke e-noa se tsoang tholoaneng ea morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se noa se le secha ‘Musong oa Molimo.’”EN 443.2

    Judase, moeki, a amohela ho Jesu lipontšuoa tsa ‘mele oa Hae o robiloeng le mali a tšolotsoeng. Ha a ntse a lutse le Konyana ea Molimo, moeki o ne a ntse a thuhisa merero ea hae ea lefifi, ‘me a nontša mehopolo ea hae ea boiphetetso.EN 443.3

    Ha A ba hlatsoa maoto, Kreste O ne A fane ka tiiso e kholisang hore O utloisisa semelo sa Judase. “Ha lea hloeka bohle,” A rialo. Johanne 13:11. Joale Kreste A bua phatlalatsa: “Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba khethileng. Empa mangolo a reng: ‘Eo ke ntšanang se inong le eena, o nthahile ka serethe,’ a tšoanetse ho phethahala.”EN 443.4

    Ho fihlela joale barutuoa ba ne ba sa belaelle Judase. Empa leru le letšo la ba aparela, e le tlhokomeliso ea tlokotsi e kholo. Ha ba ntse ba e-ja, ba khutsitse, Jesu A re, “Kannetenete, kea le bolella hore e mong oa Iona o tla nkèka.” Tsieleho e kholo ea ba tšoara. E mong oa bona a ka sebetsa Mosuoe oa leholimo hampe hakaalo joang? A mo èke? Ho mang? Ruri e ke ke ea e-ba e mong oa ba ratoang ba leshome le metso e ‘meli.EN 443.5

    Ha ba hopola hore lipolelo tsa Hae kamehla ke tsa ‘nete, tšabo le ho ipelaella tsa ba tšoara. Ka lipelo tse bohlōkō ba botsa ka bo ‘ngoe, “Morena, a ke ‘na na?” Empa Judase a khutsa. Qetellong Johanne a botsa, “Morena, motho eo ke mang?” ‘Me Jesu A araba A re, “Ke eo ke tla qopetsa sengoathoana,ke mo nee sona.” Ho khutsa ha Judase ha hulela mahlo ohle ho eena. Har’a moferefere oa lipotso le ho makala, Judase ha ka a utloa mantsoe a Jesu ha A araba Johanne. ‘Me joale, ka ho leka ho qoba hore barutuoa ba se ke ba hlokomela, le eena a botsa joale ka ba bang, “Na ke ‘na, Moruti?” Jesu A araba A tiile a re, “U boletse teng!”EN 443.6

    Ka ho makala le ho ferekana ha morero oa hae o se o senotsoe, Judase a raoha ho tsoa ka potlako. Joale Jesu A re, “Seo u se etsang, se etse kapele....Ha a se a amohetse sengoathoana, a tsoa hang-hang. E ne e le bosiu.” E ne e le bosiu ha moeki a furalla Kreste, a ea lefifing kantle.EN 444.1

    Ho fihlela mothating oona, Judase o ne a e-s’o fetoe ke monyetla oa ho baka. Eitse ha a furalla Morena oa hae le barutuoa ba habo, a tlōla moeli. Ho ne ho se letho le ka etsoang ho pholosa Judase le neng le sa etsoa. Kamorao hore a itlame ka makhetlo a mabeli ho eka Morena oa hae, Jesu O ‘nile A mo fa monyetla oa hore a bake. Ka ho bala sephiri sa pelo ea moeki, Kreste O file Judase monyetla oa hore a bake, a mo fa kholiso ea ho qetela ea bo-Molimo ba Hae. E ne e le pitso ea qetelo ea pako. Judase a tloha lijong tsa selallo, a tsoela kantle ho ea qetelisa mosebetsi oa boeki.EN 444.2

    Ha A phatlalatsa bomalimabe ba Judase, Kreste O ne A boetse A na le morero oa mohau ho barutuoa ba Hae. “Ke le bolella e sa le joale,” A rialo, “hore le tle le lumele ha ho etsahala, hore ‘na e ntse e le ‘na.” Ha Jesu A ne A ka thōla, barutuoa ba ne ba tla hopola hore Morena oa bona O hloka chebelo-pele ea boMolimo, ‘me O ne A hlahuoe lesumatha. Selemo pele ho moo, Jesu O ile A bolella barutuoa hore O khethile ba leshome le metso e ‘meli, athe e mong ke diabolosi. Joale mantsoe a Hae ho Judase, a ne a tla matlafatsa tumelo ea balateli ba ‘nete ba Kreste, mohla A tlontlolloang. Ha Judase a fihla qetellong ea Hae e mpe, ba ne ba tla hopola bomalimabe boo Jesu A kileng A bo phatlalatsa ka moeki eo.EN 444.3

    Mopholosi O ne A sa na le morero o mong. Barutuoa ba ne ba na le seo ba lokelang ho se lemoha ka mamello le mohau oa Molimo, ho ea sitiloeng ka ho fetisisa. Moeki o ile a fumana tōkelo ea ho kopana le Kreste selallong. Hona ke mohlala ho rōna. Ha re lekanya hore e mong o na le liphoso le sebe, ha rea lokela ho ikhaohanya le eena, re mo siee e le phofu ea moleko, kapa ho mo khannela mabaleng a ntoa a Satane. Ke ka hobane barutuoa ba ne ba na le litlōlo le liphoso, ha Kreste a tla ba hlatsoa maoto, ‘me bohle, haese a le mong feela, ba ile ba fumana pako.EN 444.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents