Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mōna Oa Heroda Oa Tsoha

    Leeto la ba bohlale ba bochabela la etsa tšisinyeho har’a sechaba sa Jerusalema, tšisinyeho e ileng ea kenella, ea ba ea fihla lapeng la Morena Heroda. Mo-Edomo ea mano a tšosoa ke tsebiso e bontšang hore ho ka ‘na ha eba le ea tla mo tsekisa setulo sa borena. Erekaha Heroda e ne ese Mojuda, sechaba se ne se mo hloile ‘me tšireletso ea hae e ne e le e tsoang ‘musong oa Roma. Empa Khosana ena E ncha E ne E e-na le litokelo tse phahameng — O ne A hlahetse lelokong la ntlo ea Borena.EN 36.6

    Heroda a nahanella baprista ka hore ba mo rerile le baeti bana hore ba tsose lerata la pherekano, la ntoa, la ho mo tlosa setulong sa borena. A etsa qeto ea hore a loantše leano lena. A bitsa boprista ‘me a ba botsa sebaka seo Mesia a hlahetseng ho sona.EN 37.1

    Potso ena e tlisoang ke ea iphamoletseng borena ‘me e etsoa ka kōpo ea basele, ea utloisa baruti ba Bajuda bohlōkō. Heroda a halefisoa ke monyebe oo ba neng ba batlisisa mangolo ka ona. A nahana hore ba leka ho pata tsebo ea bona. A ba laela ka thata, a sa ba qeke, hore ba etse lipatlisiso tse nepahetseng, ‘me ba bolele sebaka seo Morena oa bona, eo ba mo lebeletseng a tla tsoalloa teng. “Ba re ho eena: ‘Betlelehema e Judea, hobane ho ngotsoe joalo ke moporofeta, ha a re:EN 37.2

    “Ha e le uena, Betlelehema,
    e naheng ea Juda,
    ha u hlile ha u monyenyane haholo,
    ha u monyenyane
    har’a batsamaisi ba Juda
    hobane ho uena ho tla tsoa
    motsamaisi ea tla alosa Iseraele,
    sechaba sa ka.”
    EN 37.3

    Heroda a memela ba bohlale ba bochabela sephiring ho ba botsisisa. Khalefo le tšabo li ne li loantšana pelong ea hae, empa a beta pelo, ‘me a bontša eka ha a khathatseha, ‘me a ipolela a thabile haholo ka tsoalo ea Kreste. A re ho baeti ba hae, “E-eang, le batlisise tsa ngoana ka hloko; ere ha le se le mo fumane, le ntsebise, le ‘na ke tle ke e’o mo khumamela.”EN 37.4

    Baprista e ne e se batho ba hlokang tsebo joalokaha ba ne ba ikhakanya. Tlaleho ea lengoloi le neng le etetse balisana e ne e ile ea fihla Jerusalema, empa Borabi ba e nka e le ntho e sa tsebisahaleng, ba se ke ba e tsotella. Baprista e ka be e le bona ba ileng ba etella ba bohlale ba bochabela pele, ho ba isa moo Jesu a hlahetseng teng, empa ba bohlale ke bona ba ileng ba lemosa baprista hore Mesia O tsoetsoe.EN 37.5

    Haeba tlaleho e tlisitsoeng ke balisana le banna ba bohlale e ka netefala hona ho tla bolela hore baprista hase bahlalosi ba ‘nete ea Molimo joalokaha ba ipolela. Barutehi-hali bana ba baruti ba ne ba ke ke ba ikokobetsa hore ebe ba tlil’o rutoa ke bahedene. Ba buisana ba re ho ke ke ha etsahala hore ebe Molimo O ba fetile feela, eaba O buoa le lithoto tsa balisana kapa Balichaba ba maqai. Ha ba ka ba leka le ho ea Betlelehema ho bona hore na efela lintho li lutse joalo. Ba faposa batho hore ba nke taba tsa tsoalo ea Jesu e le ntho ea bosaoana feela. Ena e bile qaleho ea ho nyatsoa ha Jesu ke baprista le Borabi. Boikhōhōmōso le manganga a bona a hola ‘me lehloeo la bona ho Mopholosi la setlela.EN 38.1

    Banna ba bohlale ba tloha ba le bang Jerusalema, ‘me meriti ea bosiu ea fihla. Empa thabong ea bona e makatsang ba ile ba bona naleli hape, ‘me ea ba etella pele ho ea Betlelehema. Ba ile ba soabisoa ke boikhakanyo ba baetapele ba Bajuda, ba tloha Jerusalema tšepo ea bona e le tlase ho feta ha ba ne ba fihla teng.EN 38.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents