Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlala Oa Jesu Oa Ho Qoba Likhohlano

    Jesu O ne A tseba hore sefefo se se se ntse se fehla se neng se tla hohola e mong oa baporofeta ba baholo ba kileng ba fuoa lefatše. Ka ho leka ho qoba lintho tse ka bakang khohlano, A ikhula A khutsitse, A leba Galelea. Le rōna ka mokhoa o joalo ha re emela ‘nete, re tsoanetse ho leka ho qoba lintho tse ka bakang likhohlano. Ha ho na le maemo a ka bakang karohano, re tšoanetse ho latela mohlala oa Jesu le Johanne Mokolobetsi.EN 115.2

    Johanne o ne a bitsitsoe ho etella ntlafatso pele. Empa mosebetsi oa hae o ne o sa lekana ho ba motheo oa kereke ea Bokreste. Ho ne ho e-na le mosebetsi o mong o ne o tšoanetse ho etsoa oo bopaki ba hae bo neng bo ke ke ba o phetha. Balateli ba hae ba ne ba sa utloisise sena. Ha ba bona Jesu a e-tla ho nka mosebetsi, ba ile ba tlaloa ke mōna.EN 115.3

    Kotsi ena e ntse e le teng. Molimo O bitsa motho ho etsa mosebetsi o itseng; ha motho enoa a o phethile ho ea kamoo a khonang, Morena O tlisa e mong ho o ntšetsa pele. Empa ba bangata ba nahana hore katleho ea mosebetsi e itšetlehile ka ea neng a sebetsa pele. Mōna oa kena, ‘me mosebetsi oa Molimo o silafatsoe. Enoa ea phahamisoang ka phoso a fihleloe ke moleko oa ho itšepa. Batho ba itšetleha ka motho ho fumana tataiso ‘me ba khaohanngoe le Molimo.EN 115.4

    Ho lehlohonolo ba lumelang ho kokobetsoa, ‘me ba re, joaloka Johanne Mokolobetsi, “Eka khona eena a hole, empa ‘na ke nyenyefale.”EN 115.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents