Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Hobaneng Sefate Sena Se Ile Sa Rohakoa

    Lifate tse se nang mahlaku li ne li sa bontše tšepiso ea letho, ‘me li sa bake ho nyahama. Tsena li emetse Balichaba, ba neng ba fumanehile joaloka Bajuda ho hlokeng borapeli, empa ba sa ikhantše ka bohloeki ba boikaketsi. Ho bona e ne e se “nako ea feiee.” Ba ne ba ntse ba emetse leseli le tšepo. Bajuda, bona ba amohetseng mahlohonolo a mangata ho Molimo, ba ne ba tlameha ho ikarabella mabapi le ho senya limpho tsena. Menyetla eo ba neng ba ikhantša ka eona e ekelitse melato ea bona.EN 390.1

    Jesu O tlile ho Iseraele A lapetse ho fumana litholoana tsa ho lōka ho bona. Ba ne ba filoe menyetla eohle, ‘me ho bona, Kreste O ne A lakatsa ho bona boitelo, mosa le cheseho e kholo ea hore batho ba bang ba fumane topollo. Empa boikhohomoso le boikhabo li ne li koahetse ho rata Molimo le batho. Matlotlo a ‘nete ao Molimo O ba fileng ‘ona, ha ba ka ba a abela lefatše. Ka sefate se hlokang litholoana ba ne ba ka ithuta sebe sa bona, le kotlo e tlisoang ke sona. Sefate seo sa feiee se ne se shoele, se omeletse ho tloha metsong, ‘me se ne se bontša seo sechaba sa Bajuda se tla ba sona, ha mohau oa Molimo o tlosoa ho bona. Ba ne ba ke ke ba fumana lehlohonolo hape ka hobane ba hanne ho le abela ba bang. Morena, O re, “Oho Iseraele u itimelitse!” Hosea 13:9. (Phetolelo ea King James ea Bibele)EN 390.2

    Ketso ea Kreste ea ho rohaka sefate se hlōliloeng ka matla a Hae, e ema e le keletso ho likereke tsohle le ho BaKreste bohle. Hona le ba bangata ba sa pheleng bophelo boo e leng mohlala o tsoang ho Kreste, e leng bophelo ba khauhelo le ho hloka boikhabo. Nako ea bohlokoa ho bona ke feela ha ba ipokeletsa ka lintho tsohle. Ke sona feela sepheo sa bona litabeng tsohle tsa bophelo. Molimo O ba reretse hore ba thuse ba bang ka hohle kamoo ho ka lumellehang. Empa bo-’na bo phahame haholo hoo ba sitoang ho bona letho le leng. Ba phelelang bo-bona ba tšoana le sefate sa feiee. Ba khathatseha ke hore na thapelo li tsamaisoa joang empa ha ba na pako esita le eona tumelo. Ba ipolela hore ba bōlōka molao oa Molimo, empa ha ba na hlompho. Kahlolong e filoeng sefate sa feiee, Kreste O hlalosa hore molato oa moetsalibe ea tōtōbetseng o bobebe ho feta oa motho ea ipolelang hore o sebeletsa Molimo, empa a sa behe litholoana tse tlōtlisang Molimo.EN 390.3

    Setšoantšo sa sefate sa feiee, se boletsoeng le pele Kreste A etela Jerusalema, se ne se tšoana hantle le thuto eo A ileng A e ruta ha A ne A rohaka sefate se sa beheng litholoana. Molemong oa sefate sena se sa beheng litholoana, molemi o ile a se kopela mohau ho mong’a scrapa, a re, “Monghali, ak’u se lese le ka selemo sena, seo ka sona ke tla se lemela, ke se tšelle le moiteli; mohlomong se tla beha litholoana nakong e tlang, empa ha ho se joalo, u tla se rema.” Luka 13:8,9. Se ne se tla fuoa menyetla eohle. Setšoantšong sena ha re ea bolelloa pheletso ea mosebetsi oa molemi: ho ile ha sallana le batho bao ba neng ba bolelloa mantsoe ao a Kreste, ba neng ba tšoantšoa le sefate se sa beheng. Ho ne ho sallane le bona hore ba ikhethele qetello ea bona. Ba ne ba filoe menyetla eohle, empa ha ho molemo oo ba o fumaneng ka mahlohonolo ao a bona a mangata. Ka ketso ea Kreste ea ho rohaka sefate se sa beheng, qetello ea taba ena e ile ea bonahala. Ba ne ba ikhethetse timelo.EN 391.1

    Ka lilemo tse fetang sekete, sechaba sa Bajuda se ne se ile sa hana litlhokomeliso tsa Molimo ‘me sa bolaea baporofeta ba Hae. Batho ba mehleng ea Kreste ba itjarisitse molato oa libe tseo, ka ho latela liketso tse tšoanang le tsa bao. Batho ba mehleng ea Kreste ba ile ba itlamella ka mahlahahlela ao lichaba li neng li ntse li a loha ka lilemo-lemo tse makholo.EN 391.2

    Ho na le nako eo mohau o etsang boipiletso ba ho qetela ho motho. Joale lentsoe le monate, le hapang, la Moea, ebe le khaotsa ho qeka moetsalibe.EN 391.3

    Jerusalema o ne a fihletsoe ke letsatsi le joalo. Jesu O ile A lla ha bohlōkō, A llela motse o timelang, empa O ne A sitoa ho o pholosa. O ne A lekile mekhoa eohle. Ka ho hana litlhokomeliso tsa Moea oa Molimo, Iseraele o ne a lahlile tsela eo e leng eona feela eo ka eona a neng a ka fumana thuso.EN 392.1

    Sechaba sa Bajuda se ne se tšoantša batho ba mengoaha eohle ba nyefolang liqeko tsa lerato la Molimo le se nang moeli. Jesu ha A ne A llela Jerusalema, meokho ea Hae e ne e tšolohela libe tsa mengoaha eohle.EN 392.2

    Mehleng ena ba bangata ba tsamaea tseleng e tšoanang le ea Bajuda ba sa lumeleng. Moea o Halalelang O buile le lipelo tsa bona empa ha ba rate ho inyatsetsa liphoso tsa bona. Ba hana molaetsa oa Molimo, ba hana le morōmuoa oa Hae.EN 392.3

    Kajeno ‘nete ea Bibele, e leng tumelo ea Kreste, e loantšana le sefefo se matla sa boitšoaro bo litšila. Kajeno boikhantšo bo matla ho feta mehleng ea Kreste. ‘Nete ea lentsoe la Molimo ha e lumellane le litsekamelo tsa batho tsa tlhaho, ‘me likete-kete li lahla khanya ea Iona ‘me li khetha ho iketsetsa liqeto tsa tsona. Empa ka ho etsa joalo li timetsa meea ea tsona.EN 392.4

    Bao ba neng ba saoha ka lipolelo tsa Kreste, ba ‘nile ba tsoela pele ka ho saoha ho fihlela ba furalla ‘Nete le Bophelo. Molimo ha A ikemisetsa ho suthisa tšitiso e ‘ngoe le e ‘ngoe eo motho a e behang ka pele ho ‘nete ea Hae. Ho bao ba hanang leseli le neng le tla ba khantšetsa lefifing, liphiri tsa Lentsoe la Molimo li tla sala e le liphiri ka ho sa feleng. ‘Nete e tla ipatela bona.EN 392.5

    Mantsoe a Kreste a sebetsa ho motho e mong le e mong ea eisang liqeko tsa mohau oa Molimo. Kreste O tšolla meokho ka pelo e bohlōkō, ka baka la hao, uena, u se nang meokho ea ho itelela. ‘Me lehlaseli le leng le le leng la leholimo, e leng bopaki ba mohau oa Molimo, le qhibilihisa le ho thapisa pelo, hoseng joalo lea e thatafatsa, le etse hore e hloke tšoabo ho hang.EN 392.6

    Kreste O ile A bona e sale khale hore Jerusalema e tla lula e sa baka; athe molato oohle o bakiloe ke eona (Jerusalema). Ho tlaba joalo ho motho e mong le e mong ea latelang mohlala o tšoanang le oo. Morena O oa bolela, O re, ‘’Oho, Iseraele, u itimelitse!’‘ “Uena lefatšse mamela! Chaba sena ke se tlisetsa koluoa, e leng tholoana ea merero ea sona, hoba ha sea ka sa mamela mantsoe a ka, le molao oa ka se o lahlile.” Hosea 13:9 (Phetolelo ea King James ea Bibele); Jeremia 6:19.EN 392.7

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents