Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Lebaka Leo Jesu A Sa Kang A Lokolla Johanne

    Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobaneng ha Johanne a ile a tloheloa hore a sotlehe, a be a shoele chankaneng. Leha ho le joalo, tsamaiso ena e lefifi e ke ke ea tsitsinya tšepo ea rōna ho Molimo, haholo ha re ka lemoha hore Johanne o ne a nka kabelo mahlomoleng a Jesu. Bohle ba latelang Jesu ba tla roala moqhaka oa mahlomola. Satane o tla loantšana le molao oa boinehelo hohle moo o phethahatsoang.EN 147.2

    Satane o ne a sa ka a khathala litekong tsa hae, tsa ho leka ho khelosa Mokolobetsi tseleng ea hae ea bophelo bo inehetseng ho Molimo kahohle, empa o ne a ile a hloloa. Tekong ea lefeelleng, Satane o ne a ile a hloloa. Joale a ikemisetsa ho tlisetsa Kreste masoabi ka ho bolaea Johanne. A batla ho Mo utloisa bohlōkō, Eena eo a hlotsoeng ho Mo hohella sebeng.EN 147.3

    Jesu ha A ka A kena lipakeng ho lokolla mosebeletsi oa Hae. O ne A tseba hore Johanne o tla mamella teko ena. Mopholosi A ka be A ile ka thabo ho ea khothatsa Johanne tlokotsing ea chankaneng, ka boteng ba Hae. Empa hona ho ne ho tla beha thōmo ea Hae kotsing. Molemong oa ba bangata, bao ka lilemo tse latelang ba neng ba tla kenngoa teronkong, ba be ba bolauoe, Johanne o ile a lokela hore a noe senoelo sa boshoela-tumelo. E le hore, ha balateli ba Jesu ba sotleha bolutung ba chankane, mohlomong ba bolaoa ka sabole, kapa ka ho tamolloa kapa ka ho chesoa, ‘me ho bile ho bonahala eka ba furalletsoe ke Molimo le batho, ba tle ba khothale ka lipelong tsa bona, ha ba hopola hore Johanne Mokolobetsi o fetile har’a maiphihlelo a joalo.!EN 148.1

    Johanne o ne a sa furalloa. Mangeloi a leholimo a ne a na le eena, ‘me a mo senolela boporofeta bo malebana le Kreste, hammoho le litšepiso tsa bohlokoa tsa Mangolo. Johanne, esita le ba bang ba neng ba tla mo hlahlama ba filoe khothatso ena, “Bonang, ke na le lōna kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.” Matheu 28:20.EN 148.2

    Molimo ha A ise bana ba Hae hosele le moo ba neng ba ka rata ho isoa teng, ha ba ne ba ka elelloa qetello ba sa le qalehong, ‘me ba ba ba lemoha sepheo seo ba se phethahatsang e le basebetsi ‘moho le Eena. Hase Henoke ea ileng a nkeloa leholimong, hase Elia ea ileng a nyolohela leholimong ka koloi ea mollo, eo ho ka thoeng o moholo kapa o hlompheha ho feta Johanne Mokolobetsi, ea ileng a shoella chankaneng a le mong. “Lōna le filoe lehlohonolo, e seng feela la ho lumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahlōkō ka baka la hae.” Bafilipi 1:29. Har’a lineo tsohle tseo leholimo le ka. li fang batho ha ho eo ka eona ho ka thoeng leholimo le tšepetse motho ntho e kholo le bile le mo tlotlisetse ho feta ha a fuoa ho sotleha le Kreste mahlomoleng a Hae.EN 148.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents