Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 41—BOEMO BA TSITSIPANO GALELEA

    [Khaolo ena itšetlehile ka Johanne 6:22-71.]

    Kreste A tseba hore nako ea liphetoho e fihlile paleng ea bophelo ba Hae. Matšoele a lakalitseng ho Mo phahamisetsa teroneng kajeno a ne a tla Mo furalla hosasane. Tsaretso ea boipatlo boholong e ne e tla fetolela lerato ho lehloeo, le tlotliso ho lithohako.EN 257.1

    Leha-ho-le-joalo ha A ka A nka likhato ho phema phetoho ena. E sa le sethathong ha A ka A ba le tšepo ea ho phafshoa ke lefatše. Ho ba neng ba kopane le Eena joale, bongata bo ne bo hohetsoe ke tšepo ea ‘muso oa lefatše. Ba ne ba lokela e be ba sa thetsoeng.EN 257.2

    E sa le ka meso ka le hlahlamang batho ba phuthehela Bethesaida ka bongata bo boholo. Ba ileng ba khaohana le Jesu bosiung bo ka pele, ba khutlela, ba lebeletse ho fumana A sa le teng; kaha ha hoa ka ha ba le sekepana seo A neng a ka tšelela mose oane ka sona. Empa patlo ea bona ha ea ba le thuso.EN 257.3

    Lekhatheng lena o ne A se A fihlile Genesareta, kamora’ ho ba sieo letsatsi feela. Ba neng ba tsoa Bethesaida ba ne ba utloile ka barutuoa ba Hae kamoo A neng A ile A tšela leoatle. Pefo ea sefefo, lihora tse ngata tsa meea e mapuku-puku, Ho tsamaea ha Kreste holim’a metsi, mantsoe a Hae a khothatsang, tsietsi ea Petrose, ho khutsisoa hang-hang hoa sefefo le ho ema hoa sekepana, tsohle tsa phetoa ka bokhabane ho letšoele le maketseng. Ba bangata ba ne ba sa kholiseha ke sena, ‘me ba lebella ho ikutloela molomong oa Kreste ka bo-Eena hlaloso ea mohlolo ona.EN 257.4

    Jesu ha A ka A khotsofatsa takatso ea bona. Ka ho hlomoha A re, “Le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, ‘me la khora. Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang, empa le sebeletse lijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng.” Se batleng feela se khotsofatsang ‘mele, empa e be sejo sa moea.EN 257.5

    Ka motsotsoana ho tjantjella ha bamameli ha tsosoloha. “Re ka etsa eng hore re sebetse mesebetsi ea Molimo?” Potso ea bona e ne e bolela, “Re tla etsa joang hore re tle re lokeloe ke leholimo? Re hlokoa ho lefa bokae e le ho fihlela bophelo bo tlang?”EN 258.1

    Jesu A araba, “Mosebetsi oa Molimo ke hore le lumele ho eo a mo rōmileng.” Theko ea leholimo ke Jesu. Tsela e eang leholimong ke ka tumelo ho Konyana ea Molimo.EN 258.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents