Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Itšetlehile Ka Matla A Ntat’ae

    Jesu O ile A hanyetsa qōso ea nyeliso. O ile A bolela A re, Ka boemo Ke Mora oa Molimo, Ke ntho e le ‘ngoe le Eena ka tlhaho, ka thato le ka sepheo. Ke sebetsa ‘moho le Molimo. “Mora a ke ke a etsa letho ka boeena, haese seo a bonang Ntat’ae a se etsa.” Baprista le baruti ba ne ba tsekisa Mora oa Molimo mosebetsi oo A neng A o tletse lefatseng. Ba ne ba ikutloa ba phethahetse, ba sa hloke bohlale bo kaholimo. Empa Mora oa Molimo O ne A inehetse thatong ea Ntat’ae, ebile A itšetlehile ka matla A Hae. Kreste ha A ka A iketsetsa merero ka boEena. Ka letsatsi le letsatsi, Ntate O ne A Mo manolella merero ea Hae. Re lokela ho tšepa Molimo ka mokhoa o joalo, e le hore maphelo a rona e tle e be phethahatso ea thato ea Hae.EN 135.1

    Lipolelo tsena tsa Kreste li re ruta hore re lokela ho ikuka re tlamahane le Ntate oa rōna ea leholimong, ‘me re ke ke ra arohanngoa le Eena. Ho sa tsotellehe maemo ao re leng ho ona re phela ka Molimo. O re khethetse mosebetsi oa rōna, ebile O re file le mahlale a ho phetha mosebetsi oo. Ha feela re nehela thato ea rōna ho Molimo, ‘me re tšepa matla le bohlale ba Hae, O tla re tataisetsa litseleng tse nepahetseng, e le hore re tsebe ho phethahatsa karolo eo re e khethetsoeng mosebetsing oa Hae. Empa motho ea tšepang bohlale ba hae le matla a hae o ikarohanya le Molimo ‘me O phethahatsa mosebetsi oa sera sa Molimo le motho.EN 135.2

    Basaduke ba ne ba lumela hore ha ho na tsōho ea bafu, empa Jesu O ile A ba bolella hore O mong oa mesebetsi e meholo haholo ea Ntat’ae, ke ho tsōsa bafu, ‘me le Eena O na le matla A ho etsa mosebetsi oona oo. “Joalokaha Ntate a tsosa bafu, a ba phelisa, le Mora o phelisa joalo bao a ratang ho ba phelisa.” “Nako ea tla, ‘me e se e fihlile, eo ka eona bafu ba tla utloa lentsoe la Mora oa Molimo, ‘me ba le utloang ba tla phela.” Kreste A bolela hore matla A tsosang bafu a teng har’a bona, ‘me ba tla a bona ha a sebetsa. Matla ‘ona ao a tsōho a fana ka bophelo moeeng ‘me, a lōkōlla batho “molaong oa sebe le lefu.” Baroma 8:2. Ka tumelo moea o sireletseha sebeng. Motho ea bulelang Kreste pelo ea hae, o amohela matla ao a maholo a tla lōpolla ‘mele oa hae lebitleng.EN 135.3

    Monazaretha ea ikokobelitseng O ile A phahamela kaholimo ho botho, A lahla sebōpeho sa boikhakanyo sa sebe le bomalimabe, ‘me A hlaha A senolehile, e le Mora oa Molimo, E le ntho e le ‘ngoe le Mopi oa leholimo. Bamameli ba Hae ba ne ba hlōletsoe. Ha ho motho ea kileng a bua litaba tse tšoanang le tsa Hae, kapa e kileng a itlhompha ka bokhabane ba borena joaleka Eena. Lipolelo tsa Hae li ne li hlakile, li totobetse, li hlalosa mosebetsi oa Hae ka ho tlala. “Ntate ha a ahlōle motho, empa o neile Mora tokelo eohle....Ntate...O mo neile matla a ho ahlōla, hobane ke Mor’a Motho.”EN 136.1

    Baprista le babusi ba ne ba ipehile e le baahloli ba nyatsang mosebetsi oa Kreste, empa Eena O ne A ipolela ka hore ke Eena moahloli oa bona le oa lefatše lohle. Mahlohonolo ‘ohle a tsoang ho Molimo a eang sechabeng se oeleng, a tlisitsoe ka Eena. Eitse hang ha sebe se ba teng, le Mopholosi A ba teng. Eena ea fileng bohle khanya, Eena ea latelletseng motho, A mo kōpa ka bonolo, A batla ho mo hlōlela sebe ka bohalaleli, ke ‘Muelli ebile ke Moahloli. Ke Eena eo ka mengoaha eohle A ntseng A sebeletsa ho lōkolla batšoaruoa litlamong tsa mothetsi, ebile ke Eena ea tla ahlōla motho e mong le e mong.EN 136.2

    Kahobane O ile A latsoa maritsa a mahlomola le liteko tsa botho, ‘me O utloisisa mefokolo ea batho; kahobane O ile A mamella liteko tsa Satane, ebile O tla sebeletsa ka ho hloka leeme le ka bonolo batho bao mali a Hae a tšolletsoeng ho ba pholosa -ka lebaka lena, Mora oa motho O khethetsoe ho liha kahlōlo.EN 136.3

    Empa “Molimo ha aa ka a rōma Mora oa hae lefatseng ho ahlōla lefatše, empa e le hore lefatše le pholosoe ka eena.” Johanne 3:17. Jesu O ile A bolela kapele ho lekhotla le busang, A re, “ea utloang lentsoe la ka, a lumela ho ea nthōmileng, o na le bophelo bo sa feleng. Ha a ahlōloe, empa o tsoile lefung, a kena bophelong.”EN 136.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents