Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Shoa A Hlotse

    Hang-hang lefifi la apoha sefapanong. Ka lentsoe le kang molumo oa terompeta, le kang le utloahala tlholehong eohle, Jesu A maketsa, A re, “Ho phethahetse!” “Ntate, ke bea moea oa ka matsohong a hau.” Khanya ea potoloha sefapano, ‘me sefahleho sa Mopholosi sa khanya ka khanya e kang ea letsatsi. Eaba O kebisa hlooho ea Hae, ‘me A shoa.EN 505.3

    Kahar’a lefifi le tšabehang, Kreste O ile A menyeletsa ho setseng ka senoelong sa botho sa mahlomola. Lihoreng tseo tse thata O ne A tšepile bopaki boo A bo filoeng ba hore Ntate O Mo amohetse. Ka hobane A tloaetse semelo sa Ntate oa Hae, ka tumelo A phomola ho Eena eo kamehla A neng A thabela ho Mo hlonepha. ‘Me eitse ha A inehela ho Molimo, maikutlo a hore O lahlehetsoe ke mohau oa Ntate oa Hae, a nyamela. Ka tumelo, Kreste ea e-ba mohloli.EN 505.4

    Lefifi la boela la aperela lefatše, ‘me ha ba le ho reketla ho hoholo ha lefatše. Ha hlaha pherekano e tšabehang. Lithabeng tse pota-potileng mafika a petsoha, ‘me a thetehela fatše. Mabitla a buleha, ‘me bafu ba tsoa ho ‘ona. Baprista, masole, baahloli le batho, ba tjapalla fatše.EN 506.1

    Ha sello se seholo se reng, “Ho phethahetse,” se tsoa molomong oa Kreste, e ne e le nako ea sehlabelo sa mantsiboea. Konyana e tšoantšang Kreste e ne e tlisitsoe ho tla hlajoa. Moprista a eme a phahamisitse thipa, batho ba shebeletse. Empa lefatše la thothomela hobane Morena ka sebele O ne A atametse haufi. Ka lerata le leholo, lesela la tempele la taboloa ho tloha holimo ho fihla tlase, ke letsoho le sa bonoeng, ‘me ha hlahela pontšeng ea sechaba, sebaka se kileng sa tlala boteng ba Molimo. Sehalalelisiso sa tempele ea lefatše se ne se se se sa halalele.EN 506.2

    Hohle ea e-ba matsoalo le pherekano. Moprista o ne a le lekhatheng la ho hlaba phofu; empa thipa ea chophoha letsohong la hae le shoeleng methapo, ‘me konyana ea baleha. Sebele se ne se kopane le seriti. Sehlabelo se seholo se ne se entsoe. Tsela e ncha, e le tsela e phelang, e ne e lōkiselitsoe bohle. Ho tloha moo ho isa khale, Mopholosi A lokela ho sebetsa e le moprista le ‘muelli leholimong la maholimo. “O kene hanngoe feela Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa,...a nkile mali a hae ka sebele, ‘me a re fumanela topollo e sa feleng.” Baheberu 9:12.EN 506.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents