Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tšenyeho Ea Ho Qetela Har’a Mosebetsi Oa Molimo

    Thekisong tsena ho ne ho le moferefere hoo mantsoe a neng a lebisoa ho Molimo, a neng a koaheloa ke lerata. Ho ne ho utloahala ho lla ha likhomo, linku le maeba, hape ho ne ho utloahala ho ketema ha chelete le likhang. Bajuda ba ne ba rata tempele ea bona hoo ba neng ba nka lentsoe le leng le le leng le khahlanong le eona e le nyefolo, empa ba ne ba beile lerato la chelete holim’a tsohle. Ba ne ba khelohile sepheong sa litšebeletso tse hlomiloeng ke Molimo ka bo-Eena. Hohle moo Molimo O iponahatsang teng, ke qalo e halalelang. Sheba Phallo 19:12,13. Meeli ea tempele ea Molimo e ne e tšoanetse ho bolokoa e halalela, empa meharo e ile ea etsa hore ba se ke ba phethisa.EN 98.2

    Baprista le babusi ba ne ba tšoanetse hore ebe ba ile ba khalemela tšebeliso e fosahetseng ea tempele le mabala a eona, ‘me ba fe batho mohlala oa bohloeki. Ho e-na le ho ipatlela phaello, ba ka be ba ile ba thusa ba neng ba hlōloa ho reka lintho tsa sehlabelo empa meharo ea thatafatsa lipelo tsa bona.EN 98.3

    Moketeng ona, ho ne ho e-tla bohle ba matšoenyehong le bohloking, lihlotsa, litutu-tsebe le liqhoala. Ba bang ba ne ba tlisoa ka mealo. Ba bangata ba ne ba futsanehile hoo ba hlōloang ho rekela Morena mahlabelo a theko e tlase, kapa hona ho ithekela lijo. Sehlopha sena se ne se nyahamisoa haholo ke lipolelo tsa baprista. Baprista ba ne ba ithorisa ka hore ba ea halalela, empa ba ne ba hloka mohau le kutloelobohlōkō. Ba ne ba sa hauhele bafutsana, bakuli le ba shoang.EN 98.4

    Ha Jesu A kena ka tempeleng A bona ho ananya hona ha bolotsana. O ile A bona bothata ba bafutsana ba neng ba hopola hore ntle le tšollo ea mali, ba ke ke ba tšoareloa libe. A bona sebaka se halalelang sa tempele ea Hae se fetotsoe se sa halaleleng.EN 98.5

    E ne e le tšoanelo hore ho etsoe ho hong. Barapeli ba ne ba etsa mahlabelo empa ba se na kutloisiso ea hore ke litšoantšo tsa sehlabelo se le seng feela, se phethehileng. ‘Me ho ne ho le teng har’a bona, Eo ba sa Mo elelloeng, ba sa Mo hlompheng, Eo E leng Eena Ea neng A tšoantšitsoe ke mehlabelo a bona. A bona hore batho ha ba na kutloisiso ea likabelo, ‘me li fosahetse. Ho ne ho se se tlamahantseng baprista le babusi le Molimo. Kreste O ne A tlil’o theha borapeli bo fapaneng hole le bona.EN 99.1

    Kreste A shebisisa ka hlōkō sena se etsahalang ka pel’a mahlo a Hae. Leihlo la Hae la boporofeta la talima pele, lilemong le mengoaheng e tlang. A bona kamoo baprista le babusi ba tlang ho thibela hore lentsoe la Molimo le se ke la bolelloa mafutsana, kamoo lerato la Molimo le tla pateloa baetsalibe, le kamoo batho ba tlang ho etsa khoebo ka mohau oa Hae. Sefahleho sa Hae se ile sa bontša bohale le borena. Mahlo a batho a hohelloa ho Eena, esita le a bao ba neng ba rekisa ka bolotsana. Ba bona hore monna enoa O bona menahano ea bona e ipatileng, ‘me O bontšisa tse ipatileng kahare ho bona. Ba bang ba leka ho ipata lifahleho.EN 99.2

    Lerata la thekiso le ho ananye la khutsa. Khutso ea eba e bohlōkō. E ne eka sehlopha sena se khobokantsoe ka pel’a lekhotla la Molimo la kahlolo. Ha ba talima Kreste, ba bona boMolimo bo bonesa har’a botho ba Hae. Motlotlehi oa leholimo A ema joaloka ha Moahloli A tla ema letsatsing la bofelo — O ne A sa pota-potoa ke khanya e tšoanang le ea mohlang oo, empa ka matla a tšoanang le a tla ba teng mohlang oo a ho bala botebo ba motho. Mahlo A Hae a talima e mong le e mong. Sebopeho sa Hae sa bonahala se ba phahametse, se hlompheha. Khanya ea bonesa sefahleho sa Hae. Lentsoe la Hae le molumo o hlakileng — lona le neng le fana ka molao thabeng ea Sinai — la utloahala kahar’a tempele le re, “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo!” Johanne 2:16.EN 99.3

    A phahamisa phafa ea maratsoana, eo A neng A e thonakile ha A kena, ‘me A laela ba rekisang hore ba tsoe ka tempeleng. Ka cheseho le ka ho tiea ha sefahleho hoo ba neng ba e-s’o bone ho Eena, A rapalatsa litafole tsa ba rekisang ‘me chelete ea oela fatše ka lerata. Ha ho ea kileng A ‘motsa hore na matla O a nka kae. Ha ho ea bileng le sebete sa ho bokella chelete ena ea bolotsana. Jesu ha A ka A ba otla ka phafa, empa phafanyana eo e letsohong la Hae e ile ea shebahala joaleka sabole e phatsimang. Basebeletsi ba tempele, baprista, bahoebi, le barekisi ba likhomo, ‘moho le linku le likhomo tsa bona, ba tsoa ba petetsane ka tempeleng, ba baleha kahlōlo ea boteng ba Hae.EN 99.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents