Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 16—KRESTE O LOANTSA BOBOLU TEMPELENG

    [E itšetlehile ka Johanne 2:12-22.]

    Paseka ea Bajuda e ne e le haufi, ‘me Jesu a nyolohela Jerusalema.’‘ Kaha Jesu O ne A e-s’o tsebahatse thomo ea Hae sechabeng, ha A ka A bonahala kahar’a matšoele ao A neng A tsoakane le ona. Likopanong tse kang ena, moqoqo oa bohlokoa e ne e le oa ho tla ha Mesia. Jesu O ne A tseba hore tšepo ea batho bana ea hore sechaba sa bona se tla matlafala e ne e tla soabisoa kaha e ne e sa itšetleha ka Mangolo. O ile A hlalosa boporofeta, ‘me A leka ho ba khothaletsa ho ithuta lentsoe la Molimo ka cheseho e kholo.EN 97.1

    Vekeng ea Paseka batho ba bangata ba hlahang libakeng tsohle tsa Palestina esitana le mafatšeng a hole, ba ne ba bokane Jerusalema. Mabala a tempele a ne a tletse batho ba meharo. Ba bangata ba ne ba sitoa ho tla le tseo ba etsang sehlabelo ka tsona eleng se neng se tšoantšitse sehlabelo se seholo. Molemong oa ba joalo, liphoofolo li ne li tlisoa ‘me li rekisoa lebaleng le kantle.EN 97.2

    Mojuda e mong le e mong o ne a lebeletsoe ho lefella “topollo ea moea oa hae,” selemo se seng le se seng. Chelete e bokeletsoeng e ne e tšehetsa mesebetsi ea tempele. Sheba Phallo 30:12-16. Ho feta moo, chelete tse ngata li ne li fanoa ka bōlōkōlohi e le likabelo tse eang mokotleng oa tempele. Ho ne ho hlokahala hore chelete tsena li fetoleloe cheleteng ea tempele e bitsoang shekele, eo e neng e le eona e amohelehang litšebeletsong tsa sehalaleliso. Ba thuhang lichelete ba ne ba fumana monyetla oa ho qhekella le ho hanyapetsa. Mosebetsi ona o ne o se o fetohile sesomo, ‘me baprista ba ne ba fumana phaello hona moo.EN 97.3

    Barapeli bana ba ne ba rutiloe, ba bile ba lumela hore ha ba sa etse sehlabelo, Molimo O ke ke Oa hlohonolofatsa bana ba bona le masimo a bona. Barekisi ba liphoofolo ba ne ba li rekisa ka theko e boima, ‘me ba ne ba arolelana phaello le baprista, le baholo, ‘me bona ba ne ba ipokella ka maruo a fumanoeng ka ho hanyapetsa batho.EN 98.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents