Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 18—“EKA KHONA EENA A HŌLA ‘ME ‘NA KE BOBE”

    [E itšetlehile ke khaolo ea Johanne 3:22-36.]

    Hoja Johanne Mokolobetsi a itlhahisa e le Mesia, ‘me a tsosa moferefere khahlanong le Roma, baprista le batho ba ka be ba ile ba khobokana lehlakoreng la hae. Lintho tsohle tse hohelang takatso ea bophahamo ba ho hapa lefatše, Satane o ne a laletse ho mo leka ka tsona. Empa o ile a ema a tiile ho hana ho ekoa. thahasello e neng e lebisoa ho eena, o ne a e lebisa ho ba bang.EN 113.1

    Joale a bona thahasello ena e neng e tobane le eena e se e fetoha e e-ea ho Mopholosi. Letsatsi ka letsatsi matšoele a neng a khobokana ho eena a ile a fokotseha hobane batho ba ne ba se ba bokana ho mamela Jesu. Lenane la balateli ba Kreste le ne le eketseha letsatsi ka letsatsi.EN 113.2

    Empa balateli ba Johanne ba ile ba honohela ho tsebahala ha Jesu. Ba itherela ho tšoaea mosebetsi oa hae liphoso, ‘me ka potlako ba ile ba fumana monyetla oa ho etsa joalo. Ho ile ha hlaha potso lipakeng tsa barutuoa ba Johanne le Bajuda hore na kolobetso e hlatsoa motho sebe; ba supa hore kolobetso ea Jesu e fapane hole le ea Johanne. Kapele barutuoa ba Johanne ba e-ba khahlanong le balateli ba Kreste ka hore na mantsoe a tsoanetseng ho sebelisoa kolobetsong ke a fe, le hore na ba na le tōkelo ea ho kolobetsa na. Barutuoa ba Johanne ba tla ho eena ka pelaelo e reng, “Rabbi, ea bileng le uena mose ho Jorodane, eo u mo pakileng, bona, oa kolobetsa, ‘me bohle ba ea ho eena.”EN 113.3

    Satane o ile a tlisa moleko ho Johanne, ka mantsoe ana. Hoja Johanne a bonša tšoabo ea ho hlolisoa, a ka be a ile a jala peo ea karohano, a khothaletsa mohono le mona, ‘me a khina tsoelo-pele ea lentsoe.EN 113.4

    Ka tlhaho Johanne o ne a e-na le liphoso le bofokoli bo aparetseng botho, empa lerato la leholimo le ne le mo amme, ‘me le mo fetotse. O ne a phela sebakeng se e-song ho silafatsoe ke boithati le takatso ea bophahamo. Ha a ka a ba a tšehetsa ho se khotsofale ha balateli ba hae, empa a bontša kamoo a amohelang ka thabo, Eo ea neng a Mo lōkiselitse tsela.EN 114.1

    A re, “Motho a ke ke a amohela letho haese ha a le neoa le etsoa leholimong. lona ka sebele le ka mpakela hore ke itse: “Na ha ke Kreste, empa ke rōmiloe ho mo etella pele.’ Ea nang le monyaluoa ke monyali, empa motsoalle oa monyali, ea emeng pel’a hae, ‘me a mo utloa, o ee a thabe haholo ka baka la lentsoe la monyali.” Johanne o ile a ipeha e le motsoalle eo e leng morōmuoa lipakeng tsa ba babeli ba nyalanang, eena e le ea lōkisetsang lenyalo. Ha monyali a se a fumane monyaluoa oa hae, mosebetsi oa motsoalle o phethehile. O ne a nyakalatsoa ke thabo ea bao a sebelelitseng kopano ea bona. Johanne o ile a ba le thabo ea ho ba paki ea katletho ea mosebetsi oa Mopholosi. O ile a re, “Thabo ena ea ka e phethahetse. Eka khona eena a hole, empa ‘na ke nyenyefale.”EN 114.2

    Ka ho talima Mopholosi ka tumelo, Johanne o ne a fihletse boemo ba ho itiha. E ne e ile ea e-ba lentsoe feela, mohoo lefeelleng. Joale a amohela khutso le ho boba, ka thabo, e le hore mahlo a bohle a talime Leseli la bophelo.EN 114.3

    Moea oa moporofeta, o neng o se na boikhopolo o ne o tletse leseli la bo-Molimo. Johanne a re, “Ea tsoang holimo o kaholimo ho bohle....Eo Molimo a mo rōmileng o bolela lipolelo tsa Molimo, hobane Molimo o fana ka Moea ho se tekanyetso.” Kreste O itse, “Ha ke batle ho etsa thato ea ka, empa thato ea ea nthōrnileng.” Johanne 5:30.EN 114.4

    Ho joalo le ho balateli ba Kreste. Re ka fumana leseli la leholimo ha feela re lumela ho khokhotha boikhopolo ‘me re lumele ho isa monahano o mong le o mong ho hapuoa ke Kreste. Ho bohle ba etsang hona, Moea o Halalelang o fanoa ntle le tekanyo.EN 114.5

    Katleho ea mosebetsi oa Kreste, eo Mokolobetsi a neng a e amohetse ka thabo, e ile ea tlalehoa le ho babusi Jerusalema. Baprista le baruti ba ne ba le mōna ka tšusumetso ea Johanne, ha ba bona batho ba sutha sinagogeng ‘me ba khobokana lefeelleng. Empa joale Enoa O ne A na le matla a fetisang ho hohela matšoele. Baetapele bao ba Iseraele ba ne ba sa lumele hore, joaleka Johanne, ba re, “Eka khona eena a hole, empa ‘na ke nyenyefale.”EN 115.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents