Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Eba Le Nako Ea Ho Buisana Le Molimo

    Ha ho mosebetsi o kileng oa ba mongata joaloka oa Jesu; empa ke hangata hakae A neng A fumanoa thapelong! Hangata re fumana lipolelo tse ngotsoeng, tse kang tsena, “Eare e sa le ka malungoalungoana, Jesu a tsoha, a tsoa, a ea nahathothe, a rapella teng.” “Matšoelehali a phuthehela ho tla mo mamela le ho folisoa maloetseng a ‘ona. Eena a ikela nahathothe, ‘me a rapela.” “Matsatsing ao ha etsahala hore Jesu a tsoela thabeng ho ea rapela, ‘me a sesa bosiu a ntse a rapela Molimo.” Mareka 1:35; Luka 5:15,16; 6:12.EN 245.4

    Mopholosi O ile A fumana ho hlokahala hore A ke A khaotse ho sebetsa ka thata, le ho thusa batho ka nako e ngoe, e le hore A buisane le Ntat’ae ho se na ntho e kenang lipakeng. Joaleka rōna, O ne A itšetlehile ka Molimo ka ho tlala. Nakong e khutsitseng ea thapelo, O ne A kōpa matla, e le hore A fumane matla a ho phetha mosebetsi le ho fenya meleko. Jesu O fetile har’a mathata ‘me A utloisoa bohloko moeeng. O ne A tseba ho rolela mahlomola a neng a Mo imetse, ho Molimo. Joaloka motho, O ne A lebisa likōpo tsa Hae teroneng ea Molimo ho fihlela botho ba Hae bo matlafatsoa ke Moea oa leholimo, o kopanyang botho le bo-Molimo. O ne A fumana bophelo ho Molimo, e le hore a tle a tsebe ho fa lefatše bophelo. Le rōna re ka ba le maiphihlelo a joalo.EN 245.5

    Le kajeno ha re ka nka nako ho ea ho Jesu, re Mo joetsa ka bohloki ba rōna, re ke ke ra soaba. Ke Moeletsi ea makatsang. Re mengoa ho kōpa bohlale ho Eena. “Molimo ea fang bohle ka matsoho a mabeli, a sa khanane.” Jakobo 1:5.EN 246.1

    E mong le e mong o hloka maiphihlelo a ho tseba thato ea Molimo. Re tšoanetse ho ikutloela ka borōna, ha A buisana le lipelo tsa rōna. Ha mantsoe ohle A khutsitse ‘me re Mo mametse re khutsitse, khutso e etsa hore lentsoe la Molimo le hlake ho feta. Sheba Pesalema 46:10. Ke mona feela moo phomolo ea ‘nete e ka fumanoang. Moea o nchafalitsoeng joalo o tla senola matla a boMolimo, a tla fihlela lipelo tsa batho.EN 246.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents