Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sakariea A Belaela

    Sakariea a bontša pelaelo mantsoeng a lengeloi. O ne a sa tšoanela ho buoa ho fihlela mantsoe ao a lengeloi a phethahatsoa. “‘Me bona u tla ba semumu, u sitoe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao litaba tseo li tla etsahala ka ‘ona, kahobane u sa ka oa lumela lipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ea tsona.” E ne e le mosebetsi oa moprista litšebeletsong ho rapella tšoarelo ea libe le ho tla ha Mesia. Empa ha Sakaria a re o leka ho rapella ho tla ha Mesia a sitoa ho bua leha e le lentsoe. Ha a etsoa ka sehalalelong, sefahleho sa hae se ne se khanya ka khanya ea Molimo, ‘me batho “ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng.”Sakaria “a lula e le semumu” empa ka “lipontso” a buisana le bona ka seo a se boneng le seo a se utloileng.EN 59.2

    Hang ka mor’a tsoalo ea ngoana ea tšepisitsoeng, leleme la ntat’a ngoana la raroloha; “litaba tseo tsa hasana kahohle maloting a Judea, ‘me bohle ba li utloang ba li boloka lipelong tsa bona, ba re ha ho le joalo ngoana eo e tla ba eng?” Tsena tsohle tsa hapela maikutlo ho tleng ha Mesia.EN 59.3

    Moea O Halalelang oa lula holim’a Sakaria, ‘me a porofeta ka bonqosa ba mor’a hae:EN 59.4

    Ha e le uena, lesea u tla bitsoa moporofeta oa ea
    Holimo-limo:
    EN 59.5

    Hobane u tla etella sefahleho sa Morena pele ho
    lokisa litsela tsa Hae;...
    U tie u nee sechaba sa Hae tsebo ea poloko,
    Tsoarelong ea bona.
    EN 60.1

    “Ha e le ngoana, a ‘na a hola, a ipha matla moeeng; a ‘na a lula mafeelleng, ha ba ha fihla letsatsi leo a hlahileng pel’a Iseraele ka lona.” Molimo O ile oa bitsa mor’a Sakaria mosebetsing o moholo oo e sale A o abela batho. ‘Me Moea oa Molimo O ne O tla ba le eena haeba a ne a ka boloka litaelo tsa lengeloi.EN 60.2

    Johanne o ne a tšoanetse ho tlisa leseli la Molimo ho batho. O ne a tsoanetse ho bontša batho bohlokoa ba ho hloka ho loka ha Hae. Moromuoa ea joalo o tsoanetse a halalele e be tempele moo Moea oa Molimo O lulang teng. O tsoanetse a phele hantle ‘meleng, ‘me a be le matla kelellong le moeeng. Kahoo ho ne ho hlokahala hore a itšoare hantle a se khalle tse mpe.EN 60.3

    Nakong ea Johanne mokolobetsi, ho khalla maruo le lerato la boithabiso le boikakaso li ne li atile haholo. Litakatso tse hapang maikutlo, mekete ea boithabiso le lino li ne li tetebetsa maphelo a batho, li thothofatsa pono ea semoea, ‘me li nyenyefatsa hore motho a be le pono e chatsi sebeng. Johanne a tšoanela hore a tiee, a eme e le ea lokisang bocha. Ka bophelo ba hae ba boitimo le seaparo se tlaase, o ne a tšoanela ho khalemela boitšoaro bo feteletseng ba nakong ea ho phela ha hae. Kahoo thuto ea boitimo e ile ea fuoa batsoali ba hae ke lengeloi le tsoang teroneng ea Molimo.EN 60.4

    Bongoaneng le bocheng matla a boitšoaro a ne a hlokahala. Mekhoa e theoang lilemong tse qalang e fana ka qeto hore na motho e tla ba ea hlolang kapa ea hloloang ntoeng ea bophelo. Bocha ke nako ea ho jala, ke bona bo fanang ka semelo se kotuloang bophelong bona esitana le bophelong bo tlang.EN 60.5

    Ha ho lokisetsoa ho tla ha Kreste lekhetlo la pele, Johanne e ne e le moemeli oa ba bang ba neng ba eletsa batho ka ho tla labobeli ha Morena. Lefatše ne le inehetse linthong tsa lefeela ‘me liphoso le mashano li atile. Bao ba phethahetseng khalalelong ka ho tšaba Molimo ba tsoanetse ho ithuta boitimo le boitšoaro. Sheba 2 Bakorinthe 7:1. Litakatso le ho khala li tsoanetse ho ba tlas’a taolo e matla ea kelello. Boitšoaro bona ke ntho ea bohlokoa matleng a kelello le pono ea moea ka linnete tsa lentsoe la Molimo.EN 60.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents