Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mangeloi A Ka Be A Lopolotse Kreste Ka Thabo

    Mangeloi a leholimo a ne a laba-labela ho pholosa Kreste. Ha ba shebile pono eo e lihlong, ho ne ho ka ba bobebe ho bona ho felisa bahlorisi ba Molimo. Empa ba laeloa hore ba se etse joalo. E ne e le karolo ea borōmuoa ba Hae ho mamella, ka botho ba Hae, litlhōkōfatso tsohle tseo batho ba tla Mo etsa tsona.EN 469.2

    Kreste ha A ka A bua letho le neng le ka fa baqosi ba Hae monyetla, empa ba Mo fasa, ho bontša hore O tsuong. Leha ho le joalo, ho ne ho lokela hore ho be le mokhoanyana oa qoso ea molao. Taba ena baokameli ba ne ba ikemiselitse ho e potlakela. Ba ne ba tseba hore na Jesu O amohelela joang bathong, ‘me ba tšaba hore ba ka ‘na ba leka ho Mo pholosa. Hape, ha kahlōlo e ke ke ea etsoa hang, ho ne ho tla lokela hore nako e etsang veke e fete, ka lebaka la Paseka. Hona ho ne ho ka ‘na ha hlolisa merero ea bona. Ha nako ea veke e ne e ka feta, liphetoho li ne li ka ‘na tsa hlaha. Karolo e kholo ea batho e ne e ka hlahisa bopaki bo Mo emelang, e totobatse mesebetsi e meholo eo A e entseng. Litaba tsa lekhotla la Sanhedrin li ne li tla lahloa, ‘me Jesu A lōkōlloe. Baprista le babusi ba ikemisetsa ho bona hore pele merero ea bona e tsebahala, Jesu A be A nehetsoe matsohong a Baroma.EN 469.3

    Empa ho lokela ho fumanoe qoso pele. Ba ne ba e-s’o fumane letho. Hannase a laela hore Jesu A isoe ho Kaiafa. Leha a ne a hloka semelo se matla, Kaiafa o ne a hloka botho, a sa tsotelle joaloka Hannase hantle. E ne e se e le ka meso joale, ho sa le lefifi. Sehlopha se hlometseng ‘moho le motšoaruoa oa bona, sa tsoela pele, se khantšitse mabone, ho leba lapeng ha moprista e moholo. Ba lekhotla la Sanhedrin ba tla ba latela, Ha-nnase le Kaiafa ba boela ba botsa Jesu lipotso, empa ba hloka katleho.EN 470.1

    Ka tlung ea kahlōlo, Kaiafa a lula setulong sa Hae sa bookameli. Baahloli ba le mahlakoreng a hae, le ba bang ba nang le thahasello nyeoeng ena. Masole a Roma a ne a le sethaleng tlasana ho setulo se phahameng. Maotong a setulo se phahameng ho ne ho eme Jesu. Pherekano e ne e le matla. Har’a sechaba sena sohle, ke Eena feela ea neng a khutsitse, a sa ferekana.EN 470.2

    Kaiafa o na a nkile Jesu joaleka ea hlolisanang le eena. Cheseho ea sechaba ea ho tla mamela Mopholosi, e ile ea tlatsa moprista e moholo ka mōna o bohale. Empa Kaiafa ha a sheba motsoaruoa, a ōtloa ke ho makala ke boitšoaro ba Hae ba borena bo hlomphehang. Kholiseho ea mo tlela ea hore motho enoa O amana le Molimo. Hang-hang a leleka khopolo eo, ka lentsoe le kharumang a batla hore Jesu A etse o mong oa mehlolo ea Hae e matla. Empa mantsoe a hae ha a fihla litsebeng tsa Mopholosi, eaka hoja a sa utloahale. Likelellong tsa sechaba se thatafetseng, ha hlaha potso, Na motho eo ea shebahalang joaleka Molimo ke eena ea tlil’o ahlōloa e le sesinyi?EN 470.3

    Lira tsa Jesu li ne li tlaletsoe. Ba ne ba sa tsebe hore na ba tla fihlela joang tsuo ea Hae. Kaiafa a lakatsa ho qoba ho tsosa pherekano. Ho ne ho na le lipaki tse ngata, tse ka pakang hore Kreste O ile A bitsa baprista le bangoli baikaketsi le babolai, empa hona ho ne ho sa lekana hore ho ka hlahisoa. Bopaki bo joalo bo ne bo hloka matla ho Baroma. Ho ne ho na le bopaki bo bongata ba hore Jesu O ile A bua A hlompholla litšebeletso tse ngata tsa Bajuda. Bopaki bona le bona bo ne bo fokolloa ke matla ho Baroma. Lira tsa Kreste tsa tšaba ho Mo qosa ka ho se bōlōke Sabatha, esere lipotso tsa hlahisetsa leseling mehlolo ea Hae ea pholiso.EN 470.4

    Lipaki tsa leshano li ne li rekiloe, hore ba qose Jesu ka hore O batla ho theha ‘muso o sele. Empa bopaki ba bona ba hlaha bo fokola ebile bo loantšana. Ha ba botsoa lipotso, ba latola lipolelo tsa bona.EN 471.1

    Pelenyana lithutong tsa Hae Kreste O ne A re, “Qhaqhang temple ena, ‘me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” O ne A porofeta lefu la Hae le tsōho. “Feela eena o ne a bua ka tempele eo e leng ‘mele oa hae.” Johanne 2:19,21. Ho tsohle tseo Kreste A li buileng, baprista ba hloka ho fumana seo ba ka Mo nyatsang ka sona haese hona hona. Baroma ba ne ba kene tšebetsong ea ho nchafatsa le ho ntlafatsa tempele, hona e ne e le tlotla e kholo ho bona, ‘me nyeliso e neng e ka hlaha malebana le tšebetso eo, e ne e phahamisa khalefo ea bona. Mona Baroma le Bajuda ba kopana; hobane kaofela ba ne ba nkile tempele ka tlhompho e kholo.EN 471.2

    Paki e ‘ngoe e neng e rekiloe ho qosa Jesu, ea re, “Motho enoa o itse: ‘Nka qhaqha Tempele ea Molimo, ‘me ka e tsosa ka matsatsi a mararo.” Hoja mantsoe a Kreste a ne a tlalehiloe hantle joalekaha A ne A a bua, a ka be a sa fana ka hore A nyatsuoe lekhotleng la Sanhedrin. Polelo tsa Hae li ne li ka mpa tsa tolokoa li bontša feela moea oa boithoriso, o sa utloahaleng empa e seng nyeliso. Esita le ha li se li hlahisitsoe hampe ke lipaki tsa bohata, lipolelo tsa Hae li ne li sena letho leo Baroma ba ka le nkang e le tšito e lōkelang lefu.EN 471.3

    Qetellong baqosi ba Jesu ba ne ba itšoaselelitse, ba ferekane, ba hlakane lihlooho. Ho ne ho bonahala eka maqheka a bona a tla hlōloa. Kaiafa a tsieleha. Ha sala ntho e le ‘ngoe: Kreste A tlamelloe hore A itsoe ka boEena. Moprista e moholo a qala a le setulong sa kahlōlo, sefahleho sa hae se sosobane ke khalefo, a ‘motsa a re: “Na ha u arabe letho holim’a tseo ba u qosang ka tsona?”EN 471.4

    Jesu A ikhutsetsa. “O il’a tlatlapuoa, a ikokobetsa ha a hlōkōfatsoa, empa ha ho letho leo a il’a le bua; a qhōjoa sa konyana ha e isoa tlhabong, ‘me joalokaha nku e sa lle ha e kutoa, le eena ha ho letho leo a il’a le bua.” Esaea 53:7.EN 471.5

    Qetellong Kaiafa a bua le Jesu ka mokhoa o kang oa kano e mahlonoko: “Ke re u hlapanye ka Molimo ea phelang, u re bolelle hore na u Kreste, Mor’a Molimo.”EN 471.6

    Boipiletsong bona Kreste A sitoa ho khutsa. A tseba hore ho araba joale ho tla tiisa lefu la Hae. Empa boipiletso bo ne bo entsoe ke e moholo-holo sechabeng, a bo entse ka lebitso la Ea Holimo-limo. A lokela hore A bolele phatlalatsa sepheo sa Hae le boqosa ba Hae. Jesu O ne A ile A re ho barutuoa ba Hae, “Mang le mang ea mpakang pel’a batho,le ‘na ke tla mo paka pel’a Ntate ea maholimong.” Matheu 10:32. Joale A phetha thuto eo ka mohlala oa Hae.EN 471.7

    Mahlo ‘ohle a ne a shebile sefahlehong sa Jesu ha A araba, “Uena u rialo.” Khanya ea leholimo ea bonahala e khantša sefahleho sa Hae se pulufetseng; ha A eketsa A re, “empa kea le bolella, ke re: Ho tloha joale le tla bona Mor’a Motho a lutse letsohong le letona la Ea Matla, ‘me a e-tla a le holim’a maru a leholimo.” Ka nakoana e se kae Moprista e Moholo a tšoasoa ke mahlo a Mopholosi a phunyeletsang. Bophelong bohle kamorao ho moo, a sitoa ho lebala mahlo a Mor’a Molimo mohla A hlōkōfatsoang.EN 472.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents